sotho.862.yourcelebs_township
Bra Georgie,
SOWETO
TOROPO YA HESO, DINALEDI TSA HESO
Motse o Bra Georgie a neng a holele ho ona White City Jabavu, Soweto.
O ne a rehwe la Darlington Michaels ka lehlakeng, empa Afrika Borwa kaofela e mo tseba e le Bra Georgie wa Isidingo. Se fetwe ha sebapadi sena se re bontsha dibaka tsa botjheng ba sona.
MOTSE WA KGALE
Bra Georgie o ne a ena le kgwao ya ho re bontsha moo a holetseng teng le ho re bontsha dibaka tseo a neng a di tsamaya pele a tuma. Ra mo qeka ho fihlela a dumela re re bonyane a re bontshe mmila o a neng a eya sekolong ka ona, e be ke phetho!
Ho so fela le nako e kae, Bra Georgie a be a re etelletse pele ka pososelo ho re isa teng. A re ha ho letho le lekaalo le tjhentjhileng, ka nako eo re neng re eme hekeng ya motse o diphaposi di tharo, o a neng a dula le batswadi, kgaitsedi le bana babo ba babedi.
Ebe batshehetsi ba hae ba a tseba ka moo naledi ya bona e holetseng bofutsaneng ka teng. E holetse sebakeng se kotsi - hobane mehleng eo, White City Jabavu, Soweto e ne e tumme ka bonokwane. Bra Georgie a re bontsha phaposi eo a neng a robala ho yona.
MA STOCKY
Anna Polotse, eo a sa ntseng a dula teng, o ne a thabe ha a bona naledi eo. Ma Stocky, ho ya ka moo a bitswang ka teng, a re ba ne ba mo reneketsa ka la Ndebs, hape mmae e ne e le mosadi ya lerato.
A se na nako ya masawana baneng, o rutile Ndebs ho hlatswa le ho aena. "Mme o ne a ithute ho roka le ho baka," ho bolela Bra Georgie. Re a mo leboha hobane kajeno morahae o tseba ho akanya dihempe tsena tse mebalabala tseo a di tenang le ho Isidingo!
GEOGRAPHY KA SEBURU
Ra fetela sekolong seo Bra Georgie a neng a kena ho sona, Morris Isaacson, Rockville. Ho haufi ka koloi, empa Bra Georgie o ne a tsamaya dikilomitara tse 18 ho ya le ho kgutla ka maoto.
O kene moo ho tloha poraemari ho ya ho se phahameng. E ne e le pele ho meferefere ya 1976. O re selemo sa hae sa ho qetela ebile seo ba neng ba hatellwe ho ithuta ka Seburu. "Re ne re rutwa geography le history ka Seburu," ho bolela yena.
NKGONO ETHEL
Moahi wa Dube, Nkgono Ethel Mudau o re Bra Georgie e ne e le ngwana ya hlonephang, ya boikokobetso. "Re ne re roma Ndebs hohle, a eya ka pelo e tshweu, a se na pelaelo. Ke lakatsa eka bana ba mehleng ena ba ne ba ka tshepahala jwalo ka yena," ho bolela yena.
Bra Georgie o boetse a re bolella ka moo monna wa Nkgono Ethel a neng a tumme ka teng ka meketjana. A re yena le metswalle ya hae ba ne ba nanarela motseng wa hae ba ipate tlasa ditulo, ba utswe dijo le dino bosiu kaofela. "Ba ne ba re hlokomela hoseng ha re se re tahilwe!" ho boletse yena a bile a tsheha.
SEBAKA SA BOITHABISO SA DAVE
Ho na le sebaka sa boithabiso sa Dave Motsamai, sebaka se neng se ratwa seo ho rekiswang jwala ho sona, moo Bra Georgie le metswalle ya hae ba neng ba eya teng ho ya nwa le ho ja tlhapi.
"Mama Babes Motsamai o ne a ntshepa, a tseba hantle hore ke tla mo lefa mohla ke nang le tjhelete," ho bolela Bra Georgie. "Ha ke ne ke tlile sebakeng sena, ke ne ke sa etse phoso ya ho kgutla ke sa ya ha Mama Babes hobane o ne a dutse a mpoloketse nipi."
Ho sa ntse ho rekiswa le kajeno, le ka nako eo, e ne e ratwa haholo ke dinaledi tsa bolo tse kang Sugar Motale le Alfred "Russia" Jacobs wa Orlando Pirates, ho bolela Bra Georgie.[s]
Pale: Force Khashane
Ditshwantsho: Shaun Smith
O etetse sekolong sa hae sa mehleng, se Rockville, moo geography le histori di neng di rutwa ka Seburu.
Bra Georgie le Anna Polotse - kapa "Ma Stocky" ho ya ka moo bana ba baahisane ba mo bitsang ka teng.
Sebakeng sa boithabiso sa Unlce Dave, moo tlhapi e hadikilweng e ntseng e tswa pele le kajeno!
DUBE VILLAGE
Bra Georgie o na le motswalae, Mojalefa Nchabeleng, o ne a le dilemo di 16 ha lelapa la habo le thothela Dube Village ho ya dula le rakgadiae, sebaka seo ka nako eo, se neng se ballwa hara tse pele haholo.
Ke hona mona moo a neng a nahane ka ho ba sebapadi sa profeshenale. Mokaubere dipapading tsa sebaya, Gibson Kente o ne a dula haufi le bona. "Ke ne ke ye ditekong ha Bra Gib mme ka di pasa ka dinaledi," ho bolela Bra Georgie.
"O ne a sheba dintho tse tharo mothong. O ne a lokela ho tseba ho etsisa, ho bina le ho tjeka. Nna ke ne ke di otla kaofela."
Ntle ho moo, Bra Georgie o ile a boela a fumana banana ba neng ba dula Dube. "Ka nako eo mme o ne a sebetsa mejahong mme a hlola re tletse ke dino le dijo tsa mosebetsing wa hae. Re ne re mema metswalle ya rona mme ho be monate, re di bitse!
"Mme o ne a inotlolla ka phaposing ya hae ya ho robala, a sa batle ho bona le hore ho etsahalang!"
