sotho.861.climate
Ka moo re senyang lefatshe ka teng
Motjheso o matla
Borasaense ba se ba ntshitse tlhokomediso ya bona: planete ena ya rona e fela ka lebaka la batho bana ba ratang ho iketsetsa phaello ba sa natse tshenyo eo ba e bakang. Haeba ho se letho le etswang, haufinyane re tla tobana le mathata a kang a bohloko bona ba EITSI...
pale ka ISAAC KWELA
ditshwantsho ka GREAT STOCK!
MOTJHESO lefatsheng ka bophara o bakwa ke mosi wa difektri le meya e sepakapakeng. Ho ithuta ka boemo ba lehodimo, ho kenyeletsa dintho tse ngata jwalo ka ho hlompholla dintho tse fapafapaneng. Sephetho sa tsena kaofela se a tshosa: motsotso le motsotso kamehla, RE LEMATSA PLANETE ENA.
Di ngata dintho tse bakang motjheso, re ka bala mosi wa dikoloi, ditse tse fehlang motlakase, ho qhibidiha ha leqhwa jwalo jwalo, e leng se etsang ho be teng leru la motjheso le re kwahetseng.
Sephetho sa tsena tsohle se a tshosa mme re se re qadile ho utlwela - empa maemo a tla ya a mpefala ka ho ya ka tlaleho ya Intergovernmental Panel On Climate Change (IPCC), sehlopha sa borasaense ba 2 500 ba kopantsweng ke Matjhaba a Kopaneng.
Ha ditsebi di bolela ka diphetoho tse tshabehang tse tla etsahala ka boemo ba lehodimo, batho ba bolela hore diphetoho tseo di tla etsahala ba se ba le siyo ho lena la ba utlwang, "leha ho le jwalo," ho rialo Pieter Tans, mohlanka wa dipatlisiso wa National Oceanic And Atmospheric Administration mane USA, "diphetoho tsena di se di qadile hona jwale.
Stephen Mwakifwamba wa Tanzania Centre For Energy, Environment, Science And Technology ke e mong wa ba dipatlisiso ya dumellanang le sena.
"Dilemong tse fetileng, re ne re ba le palla jwalo dilemong tse leshome," ke yena eo. Ha re tsebe hore na e tla boela e ba teng neng. E ba teng, empa ho boele ho latele le dikgohola.
"O ke se nahanele hore boemo ba lehodimo bo tla ba jwang, re ka nna ra ba le dikgohola ka Motsheanong, kapa ha ba le palla jwalo dilemong tse tharo. Dibaka tse neng di sa kgathatswe ke menwanng kajeno e mengata ho tsona.
"Pula hona jwale e na ka dinako tse sa tlwaelehang e leng se nehang borapolasi mathata."
Ho ka etsahala hore motjheso o nyolohe mohlomong ka dikgrata tse 6,4 ha selemokgolo 2100 se fela. Sena se ka tlisa mathata diphoofolong le dimeleng jwalo ka kgaello ya dijo le metsi, e re moo pula e nang, e be dikgohola feela tse tlisang mathata dimilioneng tsa batho.
Ho etsahala e eng"
Kameho ena e bakwang ke "meya ena" e ne e hlokomelwe ke Joseph Fourier ka 1824. Ha se mathata hakalo. Ho na le meya e mona sepakapakeng e futhumetsang planete ena.
Haeba meya ena e ne e le siyo, dikgrata tsa motjheso di ne di ke ke tsa feta 30, e leng se neng se tla sulafatsa bophelo.
Meya ya tlhaho e bakang mofuthu kapa motjheso sepakapakeng ke ho kubella ha metsi ho eketsang motjheso ka 36-70 lekgolong (re sa bale maru); carbon dioxide (9-26 lekgolong); methane (4-9 lekgolong); le ozone (3-7 lekgolong).
Empa difektri, dikoloi, difofane le tse ding dintho tse entsweng ke motho, di atisa carbon dioxide sepakapakeng.
Tlhaho ha e kgone ho emelana le maemo ana.
Dintho tsena tseo re di badileng ka hodimo, di eketsa motjheso haholo lefatsheng...
1997 le 2005 ke tse ding tsa dilemo tse hlano tse tjhesang, empa 2005 e tswa pele. Dintho tseo re ka di etsang ho leka ho lwantsha motjheso ona...
HO QHIBIDIHA HA LEQHWA
Leqhwa lefatsheng ka bophara le fokotsehile ka 50 lekgolong ho tloha mafelong a selemokgolo 19. Ho tloha ka 1980 haesale ho qhibidiha hona ho ntse ho eketseha.
Ho teha mohlala, lehlwa leo e saleng le kgetheha thabeng ya Mount Kilimanjaro dilemong tse 11 000 tse fetileng, le ile la qhibidiha la fela ka 2005.
Sephetho" Ho qhibidiha ha lehlwa leo ha ho bake dikgohola le madumela feela, empa ho baka mathata dibakeng tseo.
Leqhwa leo le qhibidihang le tla fepela dinoka ka metsi e leng se etsang hore dibaka tse tlase di fumane metsi a mangata. Seo se bonahetse mane dibakeng tse haufi le Himalaya moo ho qhibidiha hoo ho bakileng komello dibakeng tse neng di fepelwe ke leqhwa leo ka metsi.
HO KOKOMOHA HA LEWATLE
Ha motjheso o ntse o eketseha lefatsheng, lewatle le a futhumala le kokomohe e leng se bolelang hore metsi a futhumetseng a feta a batang. Jwale he metsi ao a tswang leqhweng leo le ona a tlatselletsa lewatle.
Ho bolelwa ha lewatle le tla kokomoha ka 59cm dilemong tse lekgolo tse latelang.
Sepetho" Dibaka tse ka lebopong tse kang Thekong, Kapa, East London le tse ding tse ngata di tla tlala metsi mme tse phahameng di fetohe dihlekehleke. E ka nna ya eba ho fela ha New York, Tokyo, Hong Kong le Calcutta.
Ho kokomoha hona ha lewatle ho se ho qadile ho baka mathata.Ka Tshitwe 2006, sehlekehleke sa Lohachara mane Sundarbans Bay of Bengal baahi ba teng ba ne ba tlamehe ho fallela dibakeng tse ding.
IPCC e nahanela hore ho tla ba le baphaphathehi ba dimilione di 150 selemong sa 2050 ka lebaka lena.
PALLA
Motjheso o qeta mongobo lefatsheng e leng se bakang palla. Pula e nang sebakeng sa palla e atisa ho ba le dikgohola.
Sephetho" Re tlwaetse ho bona sena dinaheng tsa Afrika moo palla e hlaselang, e bolaye temo, batho ba hloke metsi, ba phele ha bohloko.
DIFEFO TSE MATLA
Difefo di matlafatswa haholo ke metsi a futhumetseng, ka hoo, ha lewatle le ntse le kokomoha, ho bolela hore difefo di tla ba ngata.
Sephetho" Difefo tsena di tla ba matla mme di nke nako e telele, di bake tshenyo e matla dibakeng tse ka lebopong ka lebaka la ho kokomoha ha lewatle.
Lefatsheng ka bophara difefo tsena tse neng di na le meya e matla e fokang ka sekgahla sa 56m/s di ne di eketsehe ka 20 lekgolong ka dilemo tsa bo 1970 tsa finyella ho 35 lekgolong dilemong tsa bo 1990.
E nngwe taba ke hore difefo tsena di hlasela dibakeng tseo di so kang di ba teng ho tsona.
Ka Mmesa 2004, ho ne ho be le sefefo se neng se qale haufi le equator lewatleng la Atlantic mme moya wa teng o ne a foka ka sekgahla sa 144km/h. Ka Pherekgong United Kingdom le dibakeng tse ka leboya tsa Yuropa ho ne ho hlasele difefo e leng ntho e sa tlwaelehang dibakeng tseo.
MAHLOKO A MANGATA
Maemo a futhumetseng a lehodimo a ka baka mafu a mangata, sena se bakwa ke hobane dikokonyana le diphoofolo tsena tse tlang le mahloko ana di phela ha monate hobane di a shwa ha ho bata.
Sephetho" Dikokonyana tse bakang mahloko a kang malaria jwalo ka menwanng di phela ha monate ha ho tjhesa.
BONA SESOTHO - May 2007
NNETE: USA e na le setjhaba se etsang ba bahlano lekgolong, empa kabelo ya bona mosing ona o fetolang boemo ba lehodimo e ballwang ho 22 lekgolong.
BONA SESOTHO - May 2007
Dilemong tse hlano tse neng di tjhesa haholo ho tloha ka 1997, 2005 ke yona e tswang pele.
NNETE: Jwanng bo se bo qadile ho bonahala lekgetlo la pele mane Antarctica.
NNETE: Bonketjwane ba mane bohareng ba Amerika ke tsona diphoofolong tse ileng tsa ameha ke diphetoho tsena tsa boemo ba lehodimo tse neng di fele ka 1999.
14 BONA SESOTHO - May 2007
Ho ne ho etswe dipatlisiso tse pedi ka 2002 ke borasaense tse neng di batlisisa hore dimela le diphoofolo di ameha ho le ho kae diphetohong tsena tsa maemo a lehodimo. Dipatlisisong tseo, ho ne ho fumanehe hore diphoofolo le dimela tse nne ho tse hlano di ne di ameha ke diphetoho tsena.
Ho ne ho fumanehe ha ntho tse latelang di ne di se di etsahala matsatsi a mabedi pele ho nako ya teng, ho tswala ha dinqanqane, ho thunya ha dipalesa mmoho le ho falla ha dinonyana jwalo dilemong tse leshome.
Ho na le diphetoho
NNETE: Ka lebaka la ho qhibidiha ha leqhwa ho Arctic, dibere di tla be se di fedileng dilemong tse 100 tse tlang.
Ho tla bona dikgwebo tsena tse kgolo. "Re tlameha ho fokotsa mosi wa difektring ka 75 lekgolong" ho bolela Jerry Mahlman, setsebi sa boemo ba lehodimo sa National Centre For Atmospheric Research (NCAR).
Re bua ka mosi wa mafura, peterole le mashala. Dintho tsena di sebediswa metjhining e meholo, difofaneng le difektring.
Mosi ona ha o fihla hodimo sepakapakeng, o fihla le ona o eketse motjheso.
Ho teng seo re ka se etsang ka maemo ana. "Ha re bolele ka mokgwa wa ho lahla matlakala a hao," ho rialo Mahlaman.
Dikgwebo tsena tse kgolo mmoho le dibaka tsa mmuso tse bakang mathata ana di tlameha ho a fokotsa.
Setjhaba lefatsheng ka bophara se tlameha ho tshwarisana twantshong ya mathata ana, ao ke mantswe a ditsebi. Le ho nyoloha ha motjheso ka dikgrata tse 2,4 dilemong tse 50 tse tlang ho bolelwa ha ho le kotsi haholo.
"Ha re ntse re phutha matsoho re sa etse letho, dintho di a senyeha," ho rialo Gerald Meehl wa NCAR. [s]
Ho ka etswang"
BONA SESOTHO - May 2007 15
