sotho.1249.yourlifeguide_heaven
THUSO YA TSA MOYA
Moruti George o araba dipotso tsa babadi ho latela ka moo Lentswe le bolelang ka teng
O emarisitswe ke monna e mong?
Ke nyetswe mme jwale ke imme ngwana wa monna e mong. Nkile ka lora ho thwe ke bolelle monnaka nnete hore ngwana ha se wa hae. Batho ba bolela hore nnete ke yona e o lokollang matswalong, empa ke ipotsa hore e be le nna e ka ntokolla tabeng ena ya ka. Ke tla se nka kae sebete sa ho mmolella taba ena?
Afraid, Middelburg
Afraid ya ratehang: Ke utlwelana le wena. Empa o tlameha ho ba sedi hore o mmolella neng le hona jwang. Haeba ho na le moruti kapa motho eo le mo tshepang ka bobedi, kopa keletso ya hae. Teng ha se toka ho dula le kibikibi e kana ya taba.
Ekaba thapelo e ka alafa EITSI?
Ke na le HIV mme jwale ke se ke tla tlameha ho sebedisa di-ARV. Ho na le motho ya nang le HIV ya mpolelletseng hore ke thapelo feela e ka nthusang e seng di-ARV. Ekaba o tiisitse?
Ya kgathatsehileng, Waterkloof
Ya kgathatsehileng: Sebedisa dibetsa tsohle tseo Modimo a re fileng tsona, ke bolela le meriana e kang tsona di-ARV esitana le thapelo. Sebedisa meriana yohle e ka o thusang, - Modimo o rata o phele.
Ekaba mosebetsi wa Modimo o na le tjhelete?
Ke a lakatsa ho ba moruti ke thuse batho, empa ba lelapa ba re ke tla ba mofutsana hobane ha ho tjhelete mosebetsing oo. Ekaba ho jwalo?
Jonas V, East London
Jonas ya ratehang: Ho labalabela ho thusa batho ha ho bolele hore o se o tlameha ho ba moruti. Modimo mohlomong o rata o be rakgwebo ya atlehileng, ya tshehetsang mekgatlo ya thekolohelo ka ditjhelete. Kopa Modimo ho o kgantshetsa mme o kope le thuso baruting bao o ba tsebang ho o thusa ho bona hore na o na le pitso ya boruti. Haeba ho le jwalo, tseba hore boruti ke mosebetsi o monate haholo fatsheng lena.
Ho nepahetse ho ba morui?
Ke na le kgwebo mme ke iphelela ha monate, empa ke na le kgwao ka borui. Modimo o reng ka bona?
Patrice M, Joburg
Patrice ya ratehang: Solomon e ne e le morui (1 Marena 3:13), Jobo le yena a ruile (Jobo 1:3), Abrahama a na le dikgomo, silivera le kgauta (Genesis 13:2). Modimo ha a bo rate bofutsana, o re re bo lwantshe. [s]
HO SE ITIMA DIJO HO TLA NTHUSA?
Haesale dintho di sa ntsamaele hantle bophelong, mme motswalle wa ka o ne a nkeletse hore dintho di tla ba betere haeba ke itima dijo, ke rapela.
Ha ke so ka ke ho etsa hona mme ha ke tsebe le hore ke qale kae.
Hape: hona ho tla nthusa ka eng?
Sarah, Kapa
Sarah ya ratehang: Jesu o ne a re a mang mathata a tlameha ho rarollwa ka thapelo (Mattheu 17:21).
O ka qala ka ho se je dijo tsa ho seng mme o rapele, o bale le Bibele.
O boele hape o thise dinako tse pedi tsa ho ja, mme ha mmele o tlwaela, o ka itima nako e telelenyana.
Ho na le mekgwa e fapafapaneng ya ho itima dijo. O ka inwella metsi kapa o nwe metsi le tholwana e le nngwe.
Hopola: o ke se kgone ntle le metsi! Ka nako e nngwe, o ka nka qeto ya hore o se je kapa ho nwa letho ka nako e itseng jwalo ka letsatsi - mohlomong pakeng tsa hora ya bo 6 le ya bo 6 mantsiboya.
Kapa o se je letsatsi kaofela bekeng.
Seo o tlamehang ho dula o se hopola, ha o a tlameha ho itlhekefetsa. E nngwe taba, haeba o ne a kula kapa o tswarwa ke mahloko a kang lefu la tswekere, qala o buisane le ngaka. Ho itima dijo, ho ka nna ha thusa le mmele wa hao, o hlweke mme o kgone ho ikalafa, empa ha o ho etsa tlolo, ho kotsi. O hopole hore o ebe o ikamahanya le Modimo, e seng ho ipolaya.
KALAFO YA MOYA
Ke ngo-ngore-hiswa ke ho ba morui
Ngolla ho Pastor George: Heavenly Help, Box 473014, Parklands, 2121
