sotho.854.soccer
Tseo re ka di
BOHANG ka 2009
Re lekola tse ding tsa dibapadi tsa Bafana Bafana tse ka re thusang ho hapa dipapadi selemong sena - re boele hape re shebe le
ditlabontjha tse tlileng hampe
ho PSL, tse bonahalang di
ipatla sehlopheng sa naha...
BONA SESOTHO January 2009
BOLO
Steven Pienaar.
NAKO e ja mabedi, mme jwale Afrika Borwa e se e saletswe ke dikgwedi tse 18 feela pele ho papadi ya yona ya pele ya Mohope wa Lefatshe wa 2010..
Naha ena ya habo rona e tla tseba ka Tshitwe hore e tla bapala le naha e fe mohla la Phupjane 11, 2010. Leha ho le jwalo, potso ke hore, ana re tla be re le motjheng?
Mona ha re bue ka mabala...
Bafana Bafana e fetile mathateng, dintho di kile tsa senyeha. Boitlhophiso ba tonamente ena bo qadile dilemong tse pedi tse fetileng mme ho hirwa ha Carlos Alberto Parreira, e bile letshwao la maikemisetso a SAFA.
Empa ka bomadimabe, eitse moo dintho di qalang ho tshepisa, ke ha Parreira a re nyahlatsa, a tlisa Joel Santana.
Ho hloleha ho kena dipapading tsa Mohope wa Afrika wa 2010 Angola, ho ile ha baka kgatello e kgolo ho Santana...
Empa sephetho sa dipapadi tsa morao tjena tsa Bafana, di bontsha ha le yena a tla ba le sehlopha se tiileng seo balatedi ba se lebeletseng.
Empa mokwetlisi enwa a ke ke a kgona ho etsa mosebetsi ona a le mong. Ke tsena dibapadi tse nne tseo BONA e nahanang hore di tla thusa Afrika Borwa ho feta mokgahlelong wa pele ka 2010...
Boiphihlelo ba hae ba ho bapala mpeng, bo etsa e be e mong wa dibapadi tse pele liking ya Manyesemane. Bokgoni ba hae ba ho kgathatsa dibapadi tsa morao, le bokgoni ba ho neheletsa dibolo ka nepo, ho bontsha hore e tla ba sebapadi sa bohlokwa dipapading tsa Bafana. Ho lemala ho ile ha etsa hore a fetwe ke dipapadi tsa bohlokwa tsa naha ena, empa leha ho le jwalo, o ne a kgone ho ya Korea Borwa ka 2002 leha a sa a ka bapala teng.
Ho ba le sebapadi se hlakothisang, se kgathatsang dibapadi tsa morao, ke yona papadi eo Bafana Bafana e tsejwang haholo ka yona. Ena ke yona karolo eo Tsepo Masilela a kenang ho yona.
Sebapadi sena se ne se rekisetswe sehlopha sa Maccabi Haifa ke sehlopha sa Benoni Premier United mme jwale ho se ho fedile selemo a bapala moo naheng ya Israele.
Leha ho le jwalo, talente ya moshemane enwa, e ne e bonahale le pele a kena ho PSL - ke yena feela sebapadi sa ho kgethwa liking e tlase ho tla bapalla Bafana Mohopeng wa Dinaha tsa Afrika ka 2006 mane Ekgepeta.
Karolo eo a e bapalang, ya morao leqeleng, o e tseka le Bradley Carnell, ya bapalang Jeremane, empa yena o morolo haholo.
Ketso ya Carlos Alberto Parreira le mothusi wa hae Jairo Leal ya hore ba hlokomele talente ya Dikgacoi nakong eo a neng a sa ntse a le motenya, e ne e bontshe boiphihlelo bo boholo. Kajeno sebapadi sena sa Lamontville Golden Arrows, se shahlile hantle mme papadi ya sona e bokgabane, e ile ya kgahla le dihlopha tse ngata tsa Manyesemane. Hape o se a na le karolo ya hae ho Bafana.
Ho belaelwa hore ho se bapale ha hae papading ya ho qetela ya ho phunyeletsa, ke hona ho ileng ha etsa hore Bafana e hlolehe ho kena Mohopeng wa Afrika! O na le talente mme o tla be a qothisana lehlokwa le dibapadi tse pele
ka 2010.
Tsepo Masilela.
''
Kagisho Dikgacoi
O sa le motjha, o matjato, o bile o lebelo
Ho rekwa ha sebapadi sena ka dimilione di robedi tsa diranta, ho ne ho bontshe talente e ikgethang.
Moon o ne a tlohe habo Pietermaritzburg ha a ne a qala ho ya sekolong se phahameng mme a leba le School Of Excellence, a ba a ba mokapoteni wa sehlopha sa naha sa U14.
Ajax e mmapadisa lepheong, a hlasele, ha Parreira yena a ne a mmeha morao ho le letona - karolo e dikgathatso ho Bafana.
Moon ke e mong wa dibapadi tse neng di ipabotse Mohopeng wa Afrika mane Ghana ngwahola ke ka hona sehlopha sa Greece, Panathinaikos, se mo rekileng ka dimilione tseo.
Bryce Moon.
BONA SESOTHO January 2009
MOKWETLISE YA IPABOTSENG
Ha ho hlokehe hore o be o fihlelle maemong a hodimo ka papadi ya bolo hore o be mokwetlisi ya pele mme sena ke se bontshitsweng ke Manqoba Mngqithi. Mokwetlisi enwa eo e neng e le titjhere, o ne a qale bokwetlisi ba hae dihlopheng tse nyane tse kang Maritzburg United, Royal Tigers, University of KwaZulu-Natal pele a fihla ho Arrows ka 2005.
O ne a qale e le mothusi wa Khabo Zondo mme ya re ha Khabo a tsamaya, a se kotsomala, a ba a ipabola ka papadi e bokgabane.
Ntle ho tseo kaofela, o kgonne ho kopanya sehlopha sa dibapadi tse pele haholo.
DINALEDI TSE NTJHA TSEO O KA DI BOHANG SELEMONG SENA
(Ajax Cape Town)
Bafana Bafana haesale e na le mathata ka sebapadi sa morao ho le letona, empa ho bonahala e ka Allie a tla rarolla mathata ana.
Ha o mo re hedi, o ka nahana hore ke raditebele, empa ha a le lebaleng, ba direng ba mo tseba hantle. Moo a leng motle haholo teng, ke ha a se a hlakothisa, a hlasela, a tatatse ho ya kobela bahlabadintlha bolo.
Allie o qadile ho bapalla Bafana Bafana ka Loetse 2008 mme re sa lebeletse leholo ho yena haeba a ka kgona ho ntlafatsa papadi sehlopheng sa hae.
(Lamontville Golden Arrows)
Kaizer Chiefs e ne e tlohele moshemane enwa a sa le monyane - re tshepa hore jwale e a ikwahlaya ka seo. Senamela, o kgona ho tswedipana, a phelephanyetse dibapadi tse ding mona mpeng ya lebala. O bile le karolo e kgolo a e bapadileng papading e ntle eo Arrows e qadileng selemo sena ka yona. Le yena ho bonahala hantle hore o ipatlela karolo sehlopheng sa naha.
(AmaZulu)
Mokaubere wa mokwetlisi, Clive Barker, o tshepa hore e tla re dipapadi tsa 2010 di thakgoha,
Van Heerden e tla be e le e mong wa dibapadi tsa Bafana.
Ke sebapadi se tswang liking e tlase mme AmaZulu e ne e rake dihlopha tse ngata tse kgolo ka yena.
E nngwe taba ka Van Heerden, ke hore leha e le sebapadi sa morao, empa o a kgona ho hlakothisa, a hlasele, e leng ntho ya bohlokwa matsatsing ana.
(Thanda Royal Zulu)
Ho a thabisa ho boha sebapadi sena sa Reiger Park. Ho na le sehlopha sa Sweden se batlang ho mo reka ka R10m, athe hape ho na le sa Jeremane se mo shebileng. Parker o batlile a bapala jwalo ka Benni McCarthy mme ha a ka kgona ho hlaba leha e le halofo feela ya dintlha tse seng di hlabilwe ke McCarthy sehlopheng sa naha, le yena e tla ba naledi e ipabotseng.
Bloemfontein Celtic)
Ke sebapadi se mathang lebala kaofela. Se na le bokgoni bo boholo mme jwale se ntse se batla ka moo boiphihlelo ba sona bo ka tswelang sehlopha molemo ka teng.
Dibapadi tse ngata tsa morao di se di mo hlokometse hore o di kgathatso... [s]
Pale: Mark Gleeson
Ditshwantsho: GALLO
BONA SESOTHO January 2009
''
E se e tla ba naledi ya naha
Kagiso Senamela.
Nazeer Allie.
MOROKA SWALLOWS - SEHLOPHA SE IPABOTSENG HO PSL
Dinonyana tsena tsa Dube, ke se seng sa dihlopha tsa kgale bolong ya kwano, empa leqeme la dikgau le a se bolaya sehlopha sena.
Mokwetlisi enwa e motjha wa Brazil, Julio Leal, o na le mosebetsi o boima wa ho kopanya sehlopha sa dibapadi seo a ka tshepelang ho tsona. Se ka kgona ho hlola dihlopha tse kgolo mme hape ha se bapale ka menyetla.
Leal o hloka nako, empa leha ho le jwalo, o se a bontshitse bokgoni ba hae ka dibapadi tse kang Lefa Tsutsulupa, David Radebe le Morgan Shivambu.
Bernard Parker.
Marc van Heerden.
