SOTHO.853.health
Kena letsholong la ho lwantsha HIV le EITSI ka mehato ena e meraro
1 TLOHELA TSHABO, ITEKOLE
Batho ba ka bang dimilione tse 5,7 Afrika Borwa ba phela le HIV - ke ba milione e le nngwe feela ba tsebang maemo a bona, sena se bolelwa ke Dr Ian Sanne, molaodi wa Right To Care, mokgatlo o seng tlasa mmuso.
Jwalo ka ha ho hodisa bana ho dutse ho atametsa basadi le tsa bophelo bo botle, jwalo ka ho ya ditliliniking, bona ba qetella ba tsebile maemo a bona. Banna ba ka bang 27 ho ba lekgolo ha ba so ka ba itekola maemo a bona, o boletse jwalo Miriam Mhazo, motsamaise wa New Start.
"Sena se bolela hore dimilione tsa banna di iphelela le HIV le EITSI, e leng se bolelang hore ba tsamaya ba e jala hohle hobane motho a sa tsebe maemo a hae," o boletse jwalo. "Re re ho Maafrika Borwa ohle, ho molemo haholo ho tseba maemo a hao - e le hore o tsebe ho rera bokamoso ba hao hantle o tseba maemo a hao."
Ke ka lona lebaka lena ho ileng ha thakgolwa leano le bitswang A Man Knows kgweding e fetileng. Ba neng ba eteletse letsholo lena pele ke DJ Fresh, Lucas Radebe le Makhaya Ntini, mona ho ne ho sebediswa pina e qapilweng ke Johnny Clegg, e buang ka monna ya neng a kopa tshehetso ha a ne a batla ho ya itekola.
"Dipatlisiso di bontshitse hore banna ba bangata ba a tseba ka HIV le EITSI, ba mpa feela ba kgathatswa ke tshabo," ho hlalosa Clegg.
"Ke nnete, teng ho a tshosa ho ya itekola, empa monna wa sebele, o iteta sefuba a itekole kgafetsa, mme ka ho etsa jwalo, o sireletsa lelapa la hae le setjhaba ka kakaretso."
2 LWANTSHA LEFUBA
Haeba o phela le HIV mme o tshwarwa hape ke lefuba - kapa o tseba motho ya jwalo - alafa mahloko ao ka bobedi, eo ke keletso ya Prof Salim S Abdool Karim, molaodi wa Centre For AIDS Program Research, Afrika Borwa. Dipatlisiso tse ntjha di bontshitse hore ho alafa mahloko ana ka bobedi, ka di-ARV le dipidisi tsa lefuba ka nako e le nngwe, ho fokotsa ho hlokahala ha batho ka sekoto.
Lefuba ke lona le bolayang batho haholo hara ba phelang le HIV naheng ya Afrika, ho bolela Dr Peter Piot, molaodi wa UNAIDS. Hangata ho a etsahala hore motho a fumanwe a ena le HIV, ka mora moo ho fumanwe le lefuba ho yena.
"Ditlaleho tsena di bohlokwa hore hlokomedisa ka moo re ka qobang ho shwa ha batho ka ho alafa mahloko ana ka bobedi," ke yena eo.
3 LEBOLLO LE BOLOKEHILENG
Jwalo ka ha BONA e ne e tlalehe selemong sena, lebollo le thusa banna ka 70 lekgolong hore ba se kenwe ke HIV. Leha ho le jwalo, Mokgatlo wa Matjhaba wa Bophelo bo Botle o boletse ha ho na le ditlaleho tse "tshosang" ka lebollo - e seng Afrika Borwa feela, empa Afrika yohle.
Motho a le mong ho ba bararo ba bolotswang, o ba le mathata, seo ke se fumanweng ke boradipatlisiso, Omar Egesah, Robert Bailey le Stephanie Rosenberg, mme dingaka tsena tse bolotsang di tlameha ho rupellwa hore di tsebe ho etsa mosebetsi ona ka nepo.
O ka thusa ho etsa sena ka ho kopa thuso ya ditjhelete ho boradipolotiki hore ho ntlafatswe lebollo - esitana le ho tshehetsa molao o seng o behilwe ho sireletsa bashemane bana ba bolotswang. [s]
Pale: Patricia McCracken
ditsela tsa ho lwantsha
EITSI
TSA BOPHELO BO BOTLE
Ke banna ba 27 ho ba lekgolo Afrika Borwa ba seng ba itekotse
Johnny
Clegg moqapi wa pina.
E O THUSA KA ENG?
"Red Bull e o neha mapheo," e rialo papatso ya yona - empa Dr Scott Willoughby wa sepetlele sa Royal Adelaide, o hlokomedisa hore o kgethe dino tsena tse matlafatsang ka hloko hobane di na le metswako e kotsi mme ho bolelwa ha di ka o neha mapheo a ho fofa.
Red Bull ho bolelwa ha e matlafatsa hobane e na le caffeine e ka lekanang le dikopi tse pedi tsa kofi. Leha ho le jwalo, ho ngotswe kotsi ya yona moo kotikoting ya teng - mme dinaheng tse kang Norway, Uruguay le Denmark ha se sa rekiswa seno sena.
Dr Willoughby o fumane hore seno sena se baka lefu la pelo hora feela motho a nwele mofuta ona o se nang tswekere. "Haeba o ka ba le a mang mathata a kang kgatello e hodimo ya madi kapa ho tetebela maikutlo, teng o ka qetella o shwele le ho shwa.
Theola boima ba mmele o phele hantle
Baetsi ba dipatlisiso ba Fora ba ne ba etse diteko banneng le basading ba 2 200 - mme ha fumaneha hore ho nona ho etsa batho ba lebale ha bonolo (ka 44 lekgolong) ha ho bapiswa le ba basesane (56%). Ka mora dilemo tse hlano, maemo ao a ne a se a theohetse ho 37% ho bona bana ba nonneng.
