SOTHO.852.stars
BONA SESOTHO - October 2006
Se bolelwang ke dinaledi
Mosebetsi: Leano la hao le ntse le le motjheng, lebella katleho.
Bophelo: Mafolofolo a tla etsa o lakatse diphephetso tse ntjha.
Tjhelete: Ho sebedisa tjhelete ka nepo ho etsa o dule o ena le yona.
Lerato: Tiisa dikamano tsa lona ka hore le nke karolo dipapading kapa boithabisong wena le molekane wa hao.
Mosebetsi: Haeba o na le monahano o itseng, se tshabe ho o hlahisa. O ka o tswela molemo.
Bophelo: O tla iphumana o le tlasa kgatello, empa o tla kgona.
Tjhelete: Sebedisa monyetla ona, o ikatlehise!
Lerato: Ke nako ya boithabiso thabela ho kopana le batho ba batjha.
Mosebetsi: Tjheseho o nang le yona e etsa o kgone ho hlola dira tsa hao.
Bophelo: Hlokomela tsela o jang ka yona mme o iphe nako ya ho phomola.
Tjhelete: Ho boloka tjhelete ho tla etsa o be le yona.
Lerato: Thabela ho tsebisa metswalle ya hao molekane wa hao.
Mosebetsi: Ho ikopanya le batho ba bang ho tla o bebofaletsa mosebetsi.
Bophelo: Eja ka nepo, o ikwetlise o qobe ho pipitlelwa.
Tjhelete: Bala tumellano o e utlwisise pele o ka e saena.
Lerato: Qoba diqabang ka hore le qoqe le moratuwa wa hao.
Mosebetsi: Rala kgwebo ya hao ka nepo bakeng sa katleho.
Bophelo: Iphe nako e lekaneng bakeng sa ho phomola le ho sebetsa.
Tjhelete: Hlophisa ditjhelete tsa hao, o qete dikoloto.
Lerato: Dikamano tsa hao di tla hantle. Eba motho ya nang le mamello le kutlwisiso.
Mosebetsi: Tsetsisa kelello ho ka ntlafatsa tshebetso ya hao.
Bophelo: Se etse boiteko ba letho haeba o le bohlaswa.
Tjhelete: Ke nako e nepahetseng ya ho kena kgwebong e nang le katleho.
Lerato: Ke nako e ntle ho tsa lerato o ka nna wa kgutlelana le moratuwa wa hao wa kgale.
Mosebetsi: Eba motlotlo ka tseo o di fihletseng. Ipehele e nngwe tabatabelo.
Bophelo: Kutlwano e tla etsa o phele hantle.
Tjhelete: Lehlohonolo le tla etsa o thabele boiketlo.
Lerato: Makatsa moratuwa wa hao ka ho mo ntshetsa sebakeng seo le tlang ho se thabela ka bobedi.
Mosebetsi: Sebedisa menyetla ya ho ntlafatsa mosebetsi wa hao.
Bophelo: Phela hantle ka hore o je le hona ho ikwetlisa kgafetsa.
Tjhelete: Se senye tjhelete, hopola hore o ntse o batla ho boloka haholwanyane.
Lerato: O tla thaba hobane bophelo bo tla o natefela ka hohle, leratong le boithabisong.
Mosebetsi: Tlhokomelo, tjhebo le mamello di ka o tswela molemo.
Bophelo: O ikutlwa o matlafetse o bile o thabile ka ho nka karolo dipapading.
Tjhelete: Eba hlokolosi - ha o tsebe se ka etsahalang.
Lerato: Bonngwe bo molemo. Ke nako ya ho nahana ka bokamoso.
Mosebetsi: Ditlhophiso tse ntjha di ka o atlehisa.
Bophelo: Itlwaetse ho ikwetlisa kgafetsa o hlokomele le tsela o jang ka yona.
Tjhelete: Hlalefa o sebedise maele a matjha bakeng sa matsete.
Lerato: Haeba o rata dikamano tsa lona di tswele pele, e ba molemo o be lerato ho molekane wa hao.
Mosebetsi: Leka ho sebedisa menahano eo o nang le yona, e ka nna ya o sebeletsa.
Bophelo: Iphe nako e ngata ya ho phomola - o leke ho kena dipapading.
Tjhelete: Boloka tjhelete ka nepo haeba ho le teng seo o ratang ho se reka.
Lerato: Qoba diphehisano. Ikokobetse ho ka boloka kgotso dikamanong tsa lona.
Mosebetsi: Mamela maikutlo a hao, o ntshetsepele mosebetsi wa hao.
Bophelo: Eba mofolofolo, o qobe kgatello o iphe nako e anetseng ya ho robala.
Tjhelete: O na le tjhebelopele, o sebedisa tjhelete hantle.
Lerato: Ke nako ya nyakallo le ho kgotsofala ho lona ka bobedi. [s]
