SOTHO.850.muthi
ka FORCE KHASHANE
LETSHWEYA ke maemo a kotsi haholo bophelong, a ka nnang a ama bana le batho ba baholo ka ho tshwana. Bakudi ba bang ba kgona ho alafeha ha ba fumane kalafo e nepahetseng empa nnete ke hore o ke ke wa le nka hanyenyane hohang.
Le kotsi haholo. "Ka nako e nngwe letshweya le mpipetsa hona hoo ke beng ke potlakisetswe sepetlele ka koloi ya bakudi," o boletse jwalo mmadi e mong.
"Ha ho bata haholo ha ke kgone ho tsamaya ka matla, ha ke bue ka ho matha hobane ke fellwa ke moya.
"Ha ke le ka tlung e sa tswa pentwa, ke hahlamelwa ke monko hampe haholo hoo ke beng ke idibane."
Na ebe mathuela a ka nthusa"
Maemo a kotsi
Ntho ya pele eo re lokelang ho e hopola ke hore letshweya ke lefu le kotsi le batlang ho dula le hlahlojwa nako le nako mme motho a sebedise le meriana ya ngaka ho latela ditaelo.
Meriana ya mathuela, e ka o thusa ho thethefatsa feela. Naha ya habo rona e na le difate tse ngata le ditlama tse thusang ho ntlafatsa maemo a bophelo ba motho ya nang le letshweya.
Se seng sa tsona ke se bitswang phila se na le matla a makatsang.
Jwalo ka ha le lebitso le bolela, Phila e fela e dumellana le lebitso la yona.
E bolaya dibakteria, e sireletse batho meyeng e mebe mme hape e ka sebedisetswa ho ratwa ke batho.
Lebatoweng la Limpopo ha re etsa mohlala, phila e ne e sebediswa ka dilemo ho bolaya dikokwanahloko tse bakang mokgohlane, letshweya le mafu a mang hore di se ke tsa eja setsi setjhabeng.
Batho ba tsebang molemo wa moriana ona jwalo ka ona mathuela, ba o tshela hanyenyane ka diemereng tsa metsi a sebediswang ka lapeng. Ke tsela ya ho thibela dikowanahloko mmeleng ya batho ntle le hore motho a hlajwe nale ke ngaka ya sekgowa.
Bohle ba nwang metsi a nang le moriana ona wa phila mokgohlane kapa ona mafu a mang a bepetsang sefuba ha di bapalle ho bona.
Ba bang ba kubetsa ka moriana ona dikgwebong tsa bona ho etsa mmitsa hore dintho di tle di ba tsamele hantle. O sebedisetswa le ho leleka meya e mebe.
Ho boetse hape ho na le meriana e neng e matlafatsang phila.
O ka sehloohong ke o bitswang patje kapa insangu.
Se kgathatsehe!
Ke a bona o a kgathatseha ha ke bitsa dimela tseo o tsebang hantle
hore ha di a amoheleha molaong. Le matekwane a ka o qabanya le mapolesa hampe.
Empa matekwane ke moriana o e leng kgale o sebediswa ke baholo ba habo rona le ba merabe e meng lefatsheng lohle. Ho na le matsapa a etswang lefatsheng lohle a hore matekwane a be molaong. Ke nnete ha a kotsi jwalo ka cocaine, kapa yona heroin.
Jwalo ka dithethefatsi tse ding kaofela, ho di lekanyetsa ke ntho ya bohlokwa.
Leha ho le jwalo lesoko, kapa lengana di ka nna tsa sebediswa ho matlafatsa phila ha o tshaba matekwane. Bedisa meriana ena metsotso e supileng ka hara litara ya metsi.
Enwa halofo ya kgalase habedi ka letsatsi, e futhumetse.
Moriana ona o alafa le ho kgohlela le ho fellwa ke moya ho ba tshwerweng ke letshweya. O nwe ka mahe a dinotsi ha ho kgohlela ho le hobe mme o bile o fellwa ke moya ha bohloko. O ka boela wa leka moriana ona le wena ha o kenwa ke serame mariheng ana.
Seo o lokela ho se etsa feela ke ho tshela moriana ka hara ketlele ya motlakase mme o bedise hore o hahlamelwe ke monko wa ona metsotso e 10 pele o kena dikobong.
Hopola hore sena se etsetswa ho thethefatsa feela ha maemo a mpefala, o tla hloka ho ikopanya le ngaka. [s]
34 BONA SESOTHO - April 2006
Re bua ka ditlhare
Ikalafe ka phila
Ha o na le potso ka ditlhare, ngolla Force atereseng ena:
Re bua ka ditlhare, Box 473014, Parklands, 2121 kapa o mo romelle email atereseng e reng:
forcek@caxton.co.za
