sotho.845.coverstry
Hobaneng re sa
'Rate!'
Bala o utlwe hore Lefa le Palesa ba Scandal ba di beha jwang ka dikarolo tsa bona tsa ho sunana le thobalano
DIKAMANO tsa lerato paleng tsa marato, di potlaka ho feta tsa bophelong ba nnete. Bona naledi ya rona e leqepheng la kantle Aubrey Poo, ya bapalang karolo ya moruti Lefa ho Scandal.
Dikgweding tse leshome feela, o se a ratane le banana ba babedi, a nyala e mong, e mong yena, a sala a phemme. Ya bileng lehlohonolo la ho nyalwa, ke Palesa ya bapalang karolo ya Refilwe Madumo, le yena ya leqepheng la rona la kantle.
Mona paleng, Palesa le yena o ntse a na le tsa hae - o nanarela banna ba ausiae.
Aubrey ha a tletlebe ka letho: "Babohi ba re, 'Hei, wena le seranthana sane!' Ho a hlaka hore dingata dintho tse etsahalang," ke Aubrey a ntse a bososela. Bongata bo tsebella Aubrey paleng ya Muvhango leha a ne a qale mosebetsi ona a le dilemo di 14 feela.
Dinaledi tsena tse pedi di dutse di sunana di phathatsana paleng, empa ba ne ba hane ho etsa seo ha ba ne ba nka ditshwantsho
tsa ha BONA.
"Re ke se sunane," ho rialo Refilwe eo e seng e le dilemo tse pedi a le paleng ya Scandal.
"Ke di baballa hampe dipounama tsa ka!" ke yena eo - o ne a sa swaswe ka sena.
"Re ka sunana ha fela re hatisa filimi," o hlalositse jwalo.
Refilwe, ya seng a bapadile dipaleng tsa metlae tse kang Going Up le Mazinyo Dot Q, o a dumela hore ha a rate ho bapala dikarolo tsa thobalano.
"Ha ke phuthulohe - ke a fufulelwa ke ye ntlwaneng makgetlo a kabang 20 pele re qala."
Aubrey yena ha a na mathata ka seo - yena o se a kile a bapala dikarolo tse thata tsa thobalano. O sa tswa tlameha ho suna monna e mong paleng ya kalaneng.
"Ke ne ke mo sune jwalo ka banna ba ratanang," ke yena a ntse a phetholaka mahlo.
O ne a tlamehe ho suna monna e mong makgetlo a mararo moo paleng, empa ha ho se ho kopana le boitokisetsong, ke makgetlo a fetang 580.
Leha ho le bobebe ho suna mosadi, empa ho ntse ho na le diphephetso tsa teng.
"Ka nako e nngwe dikgaolong tsena, o e o bone hore molekane wa hao o tshohile, empa o tswele pele le mosebetsi!" ke Aubrey eo.
Ka lehlohonolo, bahlahise ba pale ena ba ne ba sebetse ka thata hore ba kgone ho phuthuloha.
Aubrey o ne a nye matsete, a ba a re bolella hore dikarolo tsa thobalano di hatiswa jwang.
"Bonneteng, Refilwe o ebe a apare top e tshwanang le letlalo la hae moo Palesa a tlamehang ho hlahella a tsotse. Karolong tse ding, re tena le dikausi ha khamera e sa sheba dikarolong tseo tsa mmele!" ke yena a ntse a tsheha.
Bophelong ba hae ba nnete, Refilwe ke motho ya etsang dintho ka nepo - o tseba seo a se batlang dikamanong tsa lerato.
"Ke rata ho lokoloha dikamanong," ho rialo naledi ena ya Polokwane e dilemo di 25.
"Ha o a tlameha ho tshabisa maikutlo a hao. O tlameha ho phuthuloha."
Refilwe ha a so nyalwe, empa o a tseba lenyalo leo a le lakatsang.
"Ha ke na ona mose wa lenyalo oo nka o qohollang, empa ke rata ho ba pakeng, ke phuthulohe, ke be ke role le dieta."
Aubrey, yena o na le moradinyana. Yena ha a na toro ka lenyalo la hae.
"Seo ke tla se tlohella molekaneng wa ka - a itlhopisetse letsatsi la hae. Ke tlameha ho hlahella feela ke se ke le makgethe, ke kutile ditedu, ke nkga ha monate! Hobane ke a rata ho phuthuloha, ha morao nka lakatsa ho tjhentjha dieta, ke kenye meqathatso."
Aubrey ha a dihlong ho bua ka tsa lerato. O ne a ithute sena nakong eo a neng a hasa lenaneo la All You Need Is Love.
"O tlameha ho rata motho ka maikutlo a hao kaofela," ke yena eo.
"Ha o nyala motho, o ebe o bontsha ho mo tshepa mme o tlameha ho mo mamella bophelo bohle ba hao, o nke le boikarabelo bo tsamaisang le qeto eo ya hao."
Nakong eo re tla beng re boha lenyalo la Palesa le Lefa ho e-tv ka 7.30pm mohla la Tshitwe 18, dibapadi tsena tsona di tla be di iketsetsa e meng mesebetsi ya tsona.
"Ke tla etela Mozambique ka koloi," ke Refilwe a ntse a bososela ke thabo.
Aubrey yena o tla ya phomolong le ba atamelaneng le yena. "Ke tla be ke na le balelapa, haholoholo nkgono," ke yena eo. "Ke tla keteka le ho qeta selemo ha moradinyana wa ka!" [s]
Pale: Patricia McCracken setshwantsho se seholo: Ivan Naude; tse ding: e-tv
Mokgabiso wa sefahleho: Faith Seuoe
Moriri: Lucy Ngwira
Setaele: Corlene Furstenberg
O tla-meha ho rata motho ka maiku-tlo a hao kaofela
LEQEPHE LA KANTLE
Ho ne ho makatse ho bona batswadi ba Lefa ba fihla ka mora nako lenyalong.
Palesa ha a ya rata lenyalo le lesweu le nang le diveili - o ikaparetse ka tsela ya hae, gown e mmala wa kgauta e mekgabiso e metle.
Bohle ba ne ba bontse, empa lenyalo lona ha le a tsamaya hantle.
Molaodi wa mekgabiso ya moriri le sefahleho, Lucy Ngwira o ne a batle difaha tse neng di tla dumellana le moriri oo wa Palesa.
RE LAPENG LE REFILWE LE AUBREY
Ka Sontaha ke:
Palesa: Ke ikaparela tsa ho robala - ke lona letsatsi leo ke phomolang ka lona, ke ipaqamele betheng, ke bale, ke je kapa ke hle ke robale.
Aubrey: Ka nako e nngwe ke ikaparela borikgwe bo bokgutshwane le meqathatso le sekipa ha ke iphomoletse lapeng. Ka nako e nngwe ke ikaparela hantle ke intshe le metswalle re ye dijong.
Ke rata ho mamela:
Palesa: Jazz, wa maikutlo, African world music le wa rock.
Aubrey: O phodileng, haholoholo jazz, mmino ke ntho eo ke e ratang ho kenyeletsa le wa rock.
Dibuka tseo ke di ratang:
Palesa: Ke bala dinobele tse pedi ka beke, haholo tse buang ka dipale tsa Afrika. Thatohatsi ya ka ke Temple Of My Familia ya Alice Walker. Tse ding ke ya Zakes Mda, Maya Angelou, Chinua Achebe le Chris Abani.
Aubrey: Ha ke motho wa dinobele - ke rata tse buang ka maphelo a batho hobane di tla nkgothatsa. Ha jwale ke bala Audacity Of Hope ya Barack Obama le A Hand To Guide Me ya Denzel Washington. Ke rata ho tshwana le bona!
