sotho.842.dead
sethotsela
Ebe ke
Mehlolo ke dinoha!
Ha se ba bangata ba itjhekelang mabitla empa Khayalethu Duna o entse jwalo - mme o re bolella pale e makatsang
BA HABO le metswalle ba dumela hore o ne a thulwe ke koloi mane Khayelitsha, Kapa mohla la 29 Mmesa monongwaha. Ba habo ba ya polokelong ya ditopo tsa mmuso Tygerberg ho ya supa setopo sa hae.
Ba fumana tjhelete ya inshorense, ba mo pata ka hlompho motseng wa habo mane Mount Fletcher, Kapa Botjhabela mohla la 29 Motsheanong.
Yaeba mohlolo, mohla la 17 Phupjane, a bitoha Khayalethu Duna (26), a eja mabele!
Yaeba sebonwang, sebonwa ke bohle Kapa. Se tlwaelehileng maemong a tjena - le seo Khayalethu a dumelang ho sona - ke hore ke lehlatsipa la boloi.
Empa o tswa kae"
O RE ha a hopole letho ntle le hore o ne a le mabenkeleng a maholo a Khayelitsha le motswalae Sibongile Tom, mohla la 29 Mmesa - mohla pii ya hae. O re o ne a fihlelwe ke mokgathala o tshabehang mme a tswela kantle.
"Ha nna ke etswa ka moo, ka qamaka Khayalethu hohle ka se ke ka mo bona," ho bolela Sibongile."
A tshoha, a phetha letsatsi leo lohle moo a batlana le motswalae. Qetellong a kgutlela hae ho ya tsebisa ba lelapa. A batlwa hohle le polokelong ya ditopo.
Yena o re o ne a dule fatshe a emetseng Sibongile ho tswa, a re o phomola hanyenyane. "Ho sa le jwalo ka ya le sephume sa boroko. Ha ke tsebe letho le leng ka mora moo. Ka phaphama ke le ka morung empa ke lokolohile ekare ke rotswe morwalohadi. Ke ne ke sa nahane letho ka ho kgutlela hae," ho bolela yena. "Ho ne ho ena le batho ba bang moo le nna ka kena hara bona, ra tsamaya re bokella ditshepe re di rekisa.
A PHELA bophelo boo ho fihlela ka le leng motswallae wa kgale Mpumelelo Damane a mo bona a tsamaya mmileng le motho e mong, e le mohla la 17 Phupjane.
"Ke ne ke kganna, ke feta bathong bana mme ka mo tshwantsha, ka mo shebisisa. Ke yena! Ka tshoha empa ka mo laela ho kena koloing ke mo ise habo," ho hlalosa Mpumelelo.
"Khayalethu a hana a re o sa tswa kgutla teng, ho na le motho eo a ilo kopana le yena ka ditaba tsa mosebetsi. Ke sa mametse, a matha, a dikela ka morung."
Eo ya neng a tsamaya le yena a sala a bolella Mpumelelo hore o dula kae. "Ka ya bolella ba habo ka mohlolo oo. Leha ba ne ba sa nkgolwe empa ba ile ba dumela hore re mo late moo. Ra fela ra mo fumana Khayalethu a kgatholohile ka morung o motsho."
"Bophelo ba hae bo tjhentjhile hohang, haesale ka mora hore a bitswe 'mofu,'" ho bolela rangwanae Koko Duna.
Ha ho makatse hore le yena o thabetse ho kgutlela lapeng empa Khayelethu o tshwarehile hampe ho utlwa hore o se a bitswa 'mofu'! "Ke tlameha ho ya epa lebitla leo ke be ke le kate botjha ho netefatsa hore ke sa ntse ke eja mabele," ho bolela yena.
LELAPA lena la kgutlela hae hape Mount Fletcher mohla la 24 Phupjane, ho ya bula lebitla - ebe ho epetswe mang" "Ke ne ke tatetse ho ya bona hore ke mang enwa eo ho thwe ke nna," ho bolela Khayalethu. Eitse ha a bulelwa lebokose, a sheba setopo seo ka mohau. "Ke ne ke kgathale matla ha ke bona moshanyana eo, eo ba lelapa leso ba neng ba nahana hore ke nna.
O ne a le motshonyana, nko e tjhorileng, a bile a le leihlo le leng - a sa tshwane hohang le nna."
E ne e le masisapelo feela, batho ba kgobokane ka thoko ho lebitla, ho epollwa mofu. Bongata bo ne bo le teng le patong. "Mmele wa hae o ne o tletse maqeba a ho hlajwa," ho bolela Khayalethu. Ba lelapa la habo ba hatella hore setopo seo ba seng ba se bona jwale ha se sa tshwana le sa pele! Batho ba setse ba ipotsa dipotso, ha le mapolesa a leka ho fumana bang ka mofu eo ho neng ho thwe ke Khayelethu.
Khayalethu, jwale o kgutletse bophelong ba hae bo tlwaelehileng ba pele a nyamela - o lokisa dihatsetsi ho iphedisa. Ha a na lebaka le ka etsang hore ebe ho na le motho ya mo hloileng hakaalo.
"Ha ke na tjhelete ebile ha ke a ruteha, ba batla ho ntshenyetsa bokamoso feela hobane ke le monna ya sebete," o boletse jwalo a tsheha. Ho na le batho bao a ba belaellang boloing bona. "Kaofela ha bona ba tshaba le ho ntjheba. Le sefifing sa ka ho thwe ba ne ba le siyo," ho bolela yena.
Ho fihlela jwale Khayalethu o setse le mathata a mang a maholo, a ho fumana ID e ntjha hape ho tswa Lefapheng la Ditaba tsa Lehae.
Joweee! Jwale mono o tla hloka ho etsa ba hae boloi hore a fumane bukana eo ya bohlokwa bophelong ba hae! [s]
AENS/WCN
BONA SESOTHO - September 2006
pale ka NTOMBOXOLO MAKOBA
KA HODIMO: Lebitla la hae... Khayalethu o ntsha lebokose leo ho thweng o patilwe ka lona
KA HODIMO: O kgutlile hape... Khayalethu le ntatae, Sixpeni Alson, le mmae NoAmen, lapeng la bona le motseng wa Tsitsana metsotswana pele ho epollwa lebitla.
KA HODIMO: Khayalethu le Mpumelelo Damane, motswallae ya neng a mmone a theosa le seterata kgwedi ka mora "lefu" la hae.
BONA SESOTHO - September 2006
Dithotsela Afrika
Falaza Mathebula, kgerenkgwa ya ngaka ya setso e tsebisahalang East Rand, Joburg o dumela hore Khayalethu o ne a loilwe.
"Ba ne ba batla ho mo etsa sethotsela. O ne a sa shwa hohang," ho bolela yena. "Baloi ba ne ba etse meleko ya hore a nyamele e tle e ke o shwele mme ba okamele mofu e mong ka seriti sa hae hore ba habo ba tle ba bone ekare ke yena, Khayalethu.
"Ho na le se neng se sitise baloi bao mme ba tlameha ho mo lokolla."
Sipho Obed Mndaweni, modulasetulo wa Dingaka tsa Setso le yena o a dumela. O re: "Khayalethu o ne a nkilwe ke baloi ka meya ya bona e ditshila eo ba e sebedisang ha ba thwebola. O ne a sa shwa hohang."
Ho thwebola ke ha motho a kwalletswe ke baloi, mme ba okamele mofu e mong ka seriti sa hae hore ba habo ba nahane hore ke yena, ha nnete e le hore o a phela
Moprofeta TJ Maphosa o re diketsahalo tsa ho thwebola di tlwaelehile dibakeng tse ding tsa naha ena. "Ena ke phephetso ho BaKretse hore ba rapele ka matla hore ba hlole meya ena e mebe ya boloi," ho bolela Moruti Wellington Solontsi. O re yena o holetse Kapa Botjhabela mme o ne a hlola a utlwile dipale tsa batho bao ho thweng ba thwebotswe, ba fetotswe dithotsela.
"Ke a makala ho utlwa hore le kajeno, meleko e kang eo e sa ntse e etsuwa."
lFORCE KHASHANE
