sotho.837.health
Hlola malaria!
MALARIA e sa ntse e le mathata, haholoholo KZN, ho ya ka Ngaka Rajendra Maharaj wa SA Medical Research Council's Malaria Research Lead Programme. Afrika Borwa e theotse palo ya lefu lena ho tloha ho 64 600 ka 2000 ho ya ho 7 750 ka 2005.
Ka 2006, le ile la tota, la ata ka 50 lekgolong.
Ke mang ya kotsing?
Masea a tlohang dikgweding tse nne ho ya hodimo, a ka hlokahala ka mora matsatsi a mmalwa kapa dihora feela a tshwaetsehile, ho bolela ba ha Roll Back Malaria (RBM).
Masea a kileng a hlaselwa ke malaria, a qetella a holofetse, a foufale, a se tsebe ho bua hantle, a be le lefu la ho wa kapa a fokole haholo.
Ba ha RBM ba re baimana ba kotsing ho feta basadi ba bang. Malaria e etsa hore lesea le belehwe le le le nyenyane tlolo, mpa e qhalane kapa lesea le hlahe le kgathetse.
Le o hlasela jwang?
Lefatsheng lohle, ho na le mefuta e 3 200 ya menwanng, eo kaofela e se nang mefuta ena e mene ya malaria. Afrika re kotsing e kgolo haholoholo bathong a bitswang Anopheles.
O tshwaetseha ka ho salla ha mahe a monwanng mmeleng le ho thetsana ha madi le motho ya tshwaeditsweng.
Le bonahala jwang?
Le qala e ka mokgohlane kapa feberu - motho a kgathale, a hatsele, a fufulelwe, a opelwe ke hlooho, seholoholo, ka nako e nngwe a be a hlatse. Hangata tsena tsohle di qala ho hlahella mohlomong matsatsing a mahlano ho ya ho a leshome. Ha maemo a se a le mabe, motho o ba le jaundice, a shwe sethwathwa le diphiyo di se sebetse, a akgehe.
Malaria ha a kgonne ho alashwa a sa qala, ha ho be kotsi haholo. O mong mofuta wa kalafo ya lefu lena ke artemisin-lumefantrine.
Nka thibela malaria jwang?
Ha o longwa ke menwanng haholo, menyetla ya ho kenwa ke malaria e a nyoloha.
Batho ba dulang sebakeng se nang le malaria mmele ya bona e qetella e a tlwaetse, leha ho le jwalo, ha o holetse sebakeng se nang le menwanng mme wa ya sebetsa ditoropong tse kgolo, ha o se o kgutlela hae, o itshireletse.
Thibela malaria ka:
Ho itlotsa ka ditlolo tse lelekang menwanng haholoholo ha o tla ba kantle bosiu. Kgetha setlolo se nang le DEET (diethyl toluamide).
Sireletsa bethe ka leisi - ho a etsahala ditliliniking ba fane ka tsona leha di rekiswa di ba theko e tlase. Ho kwala difenstere ka sefterata le hona ho a thusa.
Enwa meriana e ikgethang mohlomong dihoreng tse 48 ho ya bekeng pele o tsamaya. Maharaj o
re Afrika Borwa e hloka malarone kapa wa mefloquine ho lwantsha
lefu lena. [s]
BONA SESOTHO October 2008
MATLA A BOPHELO
Malaria ke lefu le tshwajwang haholo le bileng le leng kotsi le jalwang ke monwanng - ke ena mekgwa e ka o thusang ho itshireletsa, wena le ba lelapa la hao... Pale ka Patricia McCracken
