sotho.836.lead
Mehlolo ya kalafo
LEPERA. Lebitso leo e sa leng le tshabeha ho tloha mehleng ya boholoholo.Le tshajwa le mehleng ena ya EITSI. Le sa ntse le shejwa jwalo la lefu le tshabehang la Bibeleng, le bodisang motho a phela, menwana e leketle.
Mehleng ya pele, bakudi ba lepera ba ne la laelwa ho dula ba tshwere ditshepe e le hore ba di letse ha ba feta hara motse hore batho ba ba suthele ka tseleng. Ka nako e nngwe ba ne ba patwa thokwana le setjhaba - le Robben Island ekile ya eba lehae la bona.
"Batho ba tshaba lepera le ho feta mafu a mang a mangata a kotsi a kang kankere," ho bolela lehlatsipa le leng la lepera. Bakudi ba lona ba tshwarwa hampe haholo - ke bolela leha ba se ba fodile.
"Batho ba le nka le le kotsi setjhabeng," ho bolela Isaiah Ojeabulu, wa Human Rights Association Of Persons Affected By Leprosy wa Nigeria.
Ke ka hona bakudi ba bangata ba Nigeria ba bileng ba dulang merung ho ya ka moo ba Inter Press Service ba bolelang ka teng. Ojeabulu le yena ka sebele o dula Morung wa Abo mmoho le mahlatsipa a mang a 70.
Erekaha palo e itseng ya bakudi ba lefu ba nyalana ba le bang ka nako eo ba alafshwang, moru ona wa Abo ho holela masea a 25.
Bakudi bana ka nako e nngwe ba robala seretseng. "Re nwa metsi a dinoka tse haufi. Ha ho letho leo re ka le etsang, re lokela ho leka ho iphedisa hona hara mathata ao," ho bolela Ojeabulu.
Malaria le yona ke a mang a mathata a rona athe le dinoha di a re sotla. "Nkile ka hlaselwa ke noha ka batla ke eshwa ka nako e nngwe, ke kula hona hoo ke sa tsebeng le ho phahamisa monwana," ho bolela Roseline Osigbe.
Dipalopalo tsa semmuso di bontsha ha e le bakudi ba 5 350 ba nang le lepera Nigeria. Ba theohile ho tloha ho 250 000 ka 1989, re leboha thuso ya Mokgatlo wa Lefatshe wa tsa Bophelo bo Botle ka matsapa a lona a ho le lwantsha ho tloha ka dilemong tsa bo 1990.
Dilemong tsa bo 1980 ha hlahiswa dithethefatsi tsa ho alafa lefu lena mme katleho ya bonahala ka dilemo tse pedi feela. Ho bonahala kalafo ena ya sejwalejwale ebile le katleho e kgolo hobane palo ya bakudi lefatsheng e theohile ho tloha ho 5,2 million ka 1985 ho ya ho 286 000 mafelong a 2004. Leha ho le jwalo baetsi ba dipatlisiso ba re hlokomedisa hore re se hwelehetse haholo pele re tswa ka morung...
LE BOETSE le bitswa Hansen's Disease, le batlile le tshwana haholo le TB mme hape le ama le letlalo, methapokutlo le diphaka mmoho le mahlo - qetellong motho a tswe diso mmele kaofela, a mele le dikaqahadi tse mo senyang tshobotsi mme ka nako e nngwe a qetelle a foufetse.
Ho senyeha ha methapokutlo ho qetella ho entse hore ba bang ba kgaolwe ditho - bakudi ba lona ha ba kgaohe menwana feela jwalo ka ha ba bangata ba nahana. Erekaha ha le hlasele ditho tse ka hare tsa mmele, mokudi a ka nna a phela nako e telele ho isa botsofading.
"Sesosa sa lona se seholo ke bofutsana, bohlaswa le ho se je dijo tse phepo e phethahetseng," ho bolela Ngaka Rasvan Vasiliu, molaodi wa Sepetlele sa Tichilestil, karolo ya Yuropa eo lepera le sa ntseng le jele setsi haholo.
"Ke lefu le ratang le ho hlasela le bana hobane masole a mmele ya bona ha e sobe matla." Ke lefu la kgale empa leo Bibeleng batho ba le hlalosang hampe. Lentswe la Seheberu le sebedisitsweng bukeng ya Levitike le dibukeng tse ding ke "tzaraath," ke lefu le hlaselang letlalo la motho le diaparo tsa hae le ntlo ka nako e nngwe. Ditshupo tsa lona di a tshwana empa tlhaselo ya lona e fapana ho ya ka batho.
Phapang ena e bontsha ka moo batho ba sa le utlwisiseng ka teng. Batho ba phetseng mehleng ya Testamente ya Kgale ba ne ba dumela hore tzaraath e ne e le kahlolo ya baetsadibe ba babe - haholoholo ba buang hampe ka ba bang kapa dihlola.
Hodima tumelo eo, "kahlolo e nngwe" ke kgolofalo e tshabehang eo mokudi wa lepera a salang le yona ho isa boqhekung mme ho ya ka moo mokgatlo wa WHO o bolelang, "ke e nngwe ya mathata a etsang hore batho ba tshabe ho hlahella mme ba diehe ho fumana kalafo e sa le nako."
HO bohlokwa ho hopola ka moo United Nation einehetseng ka teng ho fokotsa lefu lena, ba re bonyane ba batla hara ba 10 000 e be a le mong feela ya nang le lefu lena. Ke bothata bo tshabehang dinaheng tse ntseng di hula ka falese hobane lefu lena ho bolelwa ha le ntse le eja setsi.
Angola, Brazil, Central African Republic, Congo, Côte d'Ivoire, Guinea, India, Liberia, Madagascar, Mozambique, Nepal le Tanzania ho fihlella jwale e na le dipersente tse 90 tsa batho ba hlaselwang ke lefu lena ha tse 70 tsa lona le ballwa India.
Ho a totobala hore ho sa ntse ho ena le palo e kgolo ya batho ba hlaselwang ke lefu lena dinaheng tseo selemo le selemo. Bongata ba dinaha tsena di na le mathata a dipolotiki le ho hloka tlhokomelo e ntle ya tsa bophelo bo botle. Tsena tsohle ke tsona tse bebofatsang maemo ka ho fetisisa mme le bakudi ba tshaba ho ya kopa thuso ke ka hona lepera e sa ntseng e le mathata a maholo leha mokgatlo wa WHO o se o entse matsapa a makaalo.
Monna wa Blessing Egbo, Lucky, o ne a tshwarwe ke lepera hang ka mora lenyalo la bona mme mohatsae a kgetha ho ya dula le yena moo morung wa Abo leha e le hore yena o ne a sa kule mme ba lelapa la habo le metswalle ya hae ba ne ba makalle qeto eo ya hae.
Banyalani bana ba na le bana ba babedi jwale - ya monyenyane Keseli, o dikgwedi di tsheletseng - le bona ha ba na lepera. "Ba lelapa la heso ha ba rate ha ke dula mona morung. Empa nke ke ka siya monna wa ka," ho bolela Egbo.
"Batho ba a re tsheha ha ke na taba le bona." [s]
BONA SESOTHO - March 2007
KA HODIMO: Mahlatsipa a lepera a a seollwa leha a se a fodile mme a phela ka tshabo - leha e le hore ho na le ba mmalwa ba ba amohelang ba ntse ba le jwalo.
KA HODIMO: Matsatsing ana lepera le alafeha ka bonolo. Ho ne ho le thata ho le alafa dilemong tse ngata tse fetileng jwalo ka ha o bona setshwantshong se ka thoko.
Se hlole o opelwa
pale ka ISAAC KWELA
Ho se ho bile le katleho e kgolo lehlakoreng la tsa kalafo empa ho sa ntse ho ena le leru le letsho leo mahlatsipa a lepera a phelang tlasa lona...
Lepera le ama letlalo le matsoho - e seng dikahare tsa mmele ke ka hona bakudi ba lona ba phelang ho fihlela botsofading.
BONA SESOTHO - March 2007 89
u
Sebaka se lebalehang
Haesale ho tloha mehleng ya boholoholo batho ba nang le lepera ba seollwa hara setjhaba. Sena se ne se etsahala lefatsheng lohle esitana le Tichilesti hona Romania moo ho nang le mahlatsipa a ho qetela a Yuropa a lefu lena.
Ho tloha ka 1991, baahi ba ne ba lokollwe ho kgutlela mahae leha ba se ba phetse moo bophelo bohle ba bona, ba mmalwa ba bona ba sebedisa monyetla oo.
Ntle ho moo bongata ba bona e ne e le maqheku mme a hloka tlhokomelo e ikgethang. Ba ne ba diehe ho fumana kalafo. Ho na le bakudi ba bang hape ba dilemong tse 30 bao bobedi ba hlahetseng Tichilesti bao le batswadi ba bona ba neng ba ena le lepera.
Eufimia Hima Dumitru (73) o ne a fihle moo ka 1946 a le dilemo di ka tlase ho 20. "Ha ke sa tla lebala ngaka e neng e ntjhebe hanngwe feela mme ya ngola ho hong pampiring ya nkenyetsa omfolopong ya nneha e ena le aterese ya Tichilesti," ho bolela yena.
"Ke ne ke sa kgolwe hore nka kgutlela hae hape. Dipidisi tsa mehleng eo di ne le mpe haholo, empa leha ho le jwalo ke ne ke di nwa hobane ke batla ho kgutlela hae ke lo hlokomela bana beso ba robedi.
"Ke ne ke se ke ena le nako e telele ke boleletswe hore nke ke ka hlola ke tsamaya."
t
90 BONA SESOTHO - March 2007
Lefu le makatsang
A mang a masisapelo a bakelwang ke mafu naheng ya Afrika ao o ka a bonang ke ha bana ba se ba tataisa maqheku a foufetseng hara motse.
Lefu lena leo dingaka di reng ke onchocerciasis, sesosa sa lona ke sebokwana se atang ka matla dilemolemo mmeleng wa motho mme ka nako e nngwe se fetela mahlong, se senye pono ya motho.
Se bakwa ke ho longwa ke ditsintsi tse ntsho tse phelang metsing a phallang. Dibakeng tse ding tse nang le dinokana, setjhaba sohle se na le mathata ana - mme kaofela ha ba tsofala ba a foufala.
Mafu a mang a tshabehang...
Lymphatic filariasis: Sesosa sa lona ke diboko tse kgonang ho phela mmeleng wa motho ka dilemo, mme motho a opelwe a be a ruruhe ditlhafu, a be le lefu le bitswang 'elephantiasis'. Lena le boetse hape le atiswa le ke monwanng
Schistosomiasis: Le boetse le tsebisahala ka hore ke 'bilharzia,' sesosa sa lona ke diboko tse phelang metsing a nang le dikgofu. Ha o kenwe ke tsona, di tjheka letlalo mme di kenelle methapong ya madi. Di behela mahe a etsang hore motho a ruruhe dikahare, ho kenyeletsa le sebete le methapo ya moroto.
Trypanosomiasis: Le tsebisahala ka hore ke "lefu la borokwana," le bakelwa ke dikokwanahloko tsa matsetse ha a lomme motho. Ka mora nako, kokwanahloko eo e kenella bokong mme motho a ye le sephume sa boroko, a akgehe kapa a shwe.
Buruli ulcer: E batla e tshwana le Hansen's Disease hape "ke lefu la boraro le tlwaelehileng ka mora lefuba le lepera le hlaselang batho ho ya ka moo setsebi sa letlalo Ngaka Jose Terencio De Las Agua a boletseng ka teng. Le matla haholo dinaheng tse 32 haholoholo Afrika Bophirima.
Se bohloko ke hore ke lefu le atang ka matla a maholo ho ya ka Ngaka De Las Aguas, hona hoo le bophelo ba bahahlaudi bo leng kotsing hobane ha le ba kene ba tla ya tshwaetsa le ba dinaheng tsa habo bona. Buruli Ulcer e hlasela bana ba dilemo di ka tlase ho tse 15 ba mahaeng ba phelang haufi le dinokana. O tswa lekgopho le iphetolang seso se ka nnang sa bola ho fihlela motho a kgaolwa setho. Le alafeha ka thata.
Lefu le bakelwang
ke bofutsana, bohlaswa
le ho hloka phepo
Ho lemala methapokutlo ho ka nna ha etsa hore motho a kgaolwe setho - empa lepera ha le fothole menwana jwalo ka ha ho bolelwa.
