SOTHO.834.legalaug
BONA SESOTHO - August 2006
Ke ya Hao ka Molao
O e tlisetswa ke BONA le Scorpion Legal Protection
Ba hana ho ntefa
Ke ne ke sebeletse feme e neng e rekisa dintho tsa kantorong dikgwedi tse tsheletseng. Ke ne ke lefuwa ka mokgwa wa tjheke eo ke neng ke e kenya akhaontong ya ka. Tjheke ya ho qetela banka ha e kaba ya kgona ho e tjentjha.
Banka e ne e mpolelle hore mongaka ha a na tjhelete akhaontong ya hae, eitse ha ke boela mosebetsing, ka fumana ho kwetswe.
Ke ne ke fumane moo ba neng ba falleletse teng mme mongaka jwale o mpolella hore ho bitsitse haholo ho falla, ka hoo, ha a sa na tjhelete jwale.
O ne a se a hirile motho a le mong ya tlanyang le mokganni a le mong feela. O ne a ntsebise e sa le nako hore mosebetsi o tla fela, a ba a nneha le moputso wa ka wa kgwedi. Ka mora hoba a ntsebise ka ho fela ha mosebetsi, o ne a bolele leha nka tlohela, empa a hana ho ntefella kgwedi eo. Nka etsa jwang ho fumana moputso wa ka""
MY, Kapa
Ha o ka shebisisa hantle moo tjhekeng, o tla fumana hore banka e ngotse "refer to drawer" moo tjhekeng.
Ha monga tjheke kapa yona khampane e se na tjhelete, tjheke eo e busetswa morao ho monga yona.
Ha ho qeaqeo ya hore o tlameha ho fumana tjhelete ya hao. Ho hlakile hore khampane e tla leka ka hohlehohle ho qoba ho o lefa.
O tlameha ho ba sedi hobane o na le dilemo tse tharo feela ho tloha letsatsing le ngotsweng tjhekeng bakeng sa ho tseka tjhelete ya hao.
O ka nna wa tseka tjhelete ya hao Lekgotleng la Tseko ya Ditjhelete tse Nyane kapa o fumane leqwetha le tla o emela le romelle feme eo samane.
Hobane leqwetha le tla o bitsa tjhelete, re o eletsa ho ya lekgotleng leo re seng re le boletse. Nka tjheke eo o ye le yona lekgotleng mme o le hlalosetse se etsahetseng.
Mosebeletsi wa lekgotla o tla o thusa ho ngola lengolo leo o tla le romela femeng le bolelang hore na o hloka tjhelete ya hao e lefilwe ka letsatsi le fe.
Lengolo leo le tlameha ho romelwa ka rejistare mme wena o boloke resiti.
Haeba feme e sa o lefe ho fihlela letsatsi le boletsweng, o tla tlameha ho boela lekgotleng le resiti ya hao mme o le kope ho o etsetsa samane o tla e isa femeng eo.
Samane eo e tla bitsetsa monga feme lekgotleng la dinyewe letsatsing le ngotsweng moo samaneng.
O tla nehwa monyetla wa ho hlahisa taba ya hao, le mongahao le yena o tla nehwa monyetla wa hore le yena a hlalose hore hobaneng a sa o lefe.
Ka mora moo, lekgotla le tla ntsha kahlolo eo ke tshepang hore e tla ba ya hore mongahao a o lefe tjhelete eo a o kolotang yona.
Haeba a sa lefe, lekgotla le tla mo nkela e meng mehato e tla mo qobella hore a o lefe tjhelete ya hao.
Ke nnete teng ena ke tsela e nkang nako - empa he ke yona e molemo haholo hobane ha o lefe letho, ha ho tshwane leha o ka ya leqwetheng. [s]
Re entse matsapa ohle a ho netefatsa hore dikeletso tsa rona ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa ka tshwanelo mme ba ha Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa yona esitana le ba ha BONA mmoho le baphatlalatsi ba makasine ena, ba keke ba rwaka boikarabello ba ditshenyehelo tseo motho ya latetseng dikeletso ya bona ka mokgwa ofe kapa ofe a keneng ho tsona.
Romela mathata a hao ho: BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060. Scorpion e fa bohle ba re ngoletseng ka mathata a bona lengolo le ba dumellang ho buisana le mmuelli mahlomahlong metsotso e 30, a le kantorong e nngwe ya bona naheng ena kapa o bue le yena mohaleng.
