sotho.829.SMS
Hlola ntwa ya di-SMS!
BATHO ba rata ditlhodisano tsa di-SMS hobane ha ba na nako ya ho batlana le diomflopo le ditempe, ba rata hape le di-scratch cards hobane ho tsona ba tseba hanghang hore motho o hapile kapa tjhe.
Empa he hlokomela hobane ditlhodisano tsa di-SMS di bitsa ho feta theko ya omflopo le setempe. Batho ba kgolang molemo haholo ditlhodisanong tsena ha se ba kenetseng tlhodisano, empa ke bahlophisi ba yona hobane ha ho bitse ho hlophisa ditlhodisano tsena ha ho bapiswa le tse kenelwang ka poso.
Nnete ke hore ditlhodisano tsena ha se tsela e bobebe ya ho iketsetsa tjhelete, empa ke tsela e bobebe ya ho e senya. Teng ho monate, empa o tlameha ho ba sedi, o ipotse hore na o tla kgona ho ba le airtime eo ba e bitsitseng.
Mafelong a Phato ngwahola, mokgatlo o laolang ditlhodisano tsena tsa di-SMS, o ne o thehe mokgatlo o mong o ikemetseng, WASPA, oo boikarabelo ba ona e leng ho rarolla mathata le ditletlebo tsa setjhaba.
Ka mora selemo ho tloha nakong eo, ba ne ba kgone ho beha melao e tla ba laola, bona le beng ba di-network, ho qobella mokgatlo ona o laolang ditlhodisano hore o se kgone le ho inkela tjhelete e kenang ka tlhodisanong tsena ka ho rata ha ona.
Re buisane le ba ha WASPA, mme ke ana maele a ka moo o ka bolokang tjhelete ditlhodisanong tsa di-SMS...
MOHATO WA 1: Hlalefa. Re romela di-SMS tse ka hodimo ho bilione ka selemo mme tse dimilione di 15 ho tsona, tjhelete ya teng e lefella mehala eo ya di-SMS. Sena se bolela hore tjhelete ya meputso e ba tlase haholo.
MOHATO WA 2: Bapalla ho hlola. Ditlhodisanong tsena tsa di-SMS, ha ho dikgang tse kang ho ipelaetsa ho baahlodi hore dikhomputara tse hlahlobang dikenelo ha di kaba tsa kgona ho utlwisisa seo o neng o se ngotse. Dikenelo tse seng maemong a amohelehileng di a lahlwa.
Ka hoo...
lE ba sedi ha o ngola: Haeba mohlomong o ngotse barcode ya tlhodisano ka tsela esele, kenelo ya hao, e behwa ka thoko - leha ho le jwalo, o ntse o lefella SMS eo.
lSe siye sekgeo: Se ka siya dikgeo pakeng tsa barcode, hobane ha o etsa jwalo, khomputara e ke ke ya kgona ho e bala - empa o tla be o lefelletse SMS eo.
lEba le tekanyetso: Melao e metjha ya tataiso ya tsa papatso, e eletsa dikhampane tsena tse kgolo hore di tlameha ho bolella motho hore o se a rometse di-SMS tse kae mme di tla mo bitsa bokae. Ha ditlhodisano tsena tsa di-SMS di ba ngata, le batho ba di kenelang ba ba bangata mme bongata bo etsa diphoso tseo bo di lefellang.
MOHATO 3: Tlhohela di-ringtone. "E nngwe ntho e re opisang hlooho, ke boingodiso bona boo batho ba bo etsang," ho rialo Neil Henderson wa WASPA. "Ka nako e nngwe, batho ba kopa di-ringtone tsa mahala - matsatsing a mahlano ka mora moo, ba fumana ho se ho fihla tse ding tse ntjha. Ho nka nako hore motho a hlokomele hore seo se mo bitsa tjhelete. Ba qale ho utlwa bohloko..."
MOHATO WA 4: Thusa ho qeta bonokwane. Molao wa WASPA o laolang ka moo ditlhodisano tsena di tlamehang ho bapatswa ka teng, o qadile ho sebetsa mohla 1 Mphalane. Ba a o sireletsa - netefatsa hore o a sebetsa. Hlahisa ba hao bopaki...
lDipapatso tsa ditlhodisano tsa di-SMS ho TV, di tlameha ho bontsha meputso esitana le melao - hape papatso ya teng e tlameha ho hlahella nako e ka etsang metsotswana e 15, e hlake le ho TV e nyanyane. Ha e ngotswe, bonyane mongolo o be boholo ba dipersente tse 50 moo pampiring.
lHo se be le ditjeho tse patwang.
lDitjeho di tlameha ho hlaka, jwalo ka hore: "Di-SMS tse pedi ka nngwe e bitsa R5."
lHa e le boingodiso, melao le dipehelo di tlameha ho hlaka, jwalo ka: Ena ke tshebeletso ya boingodiso. O lefiswa R15 ka beke ho fihlela o ba o kgaola boingodiso ba hao, o boele o lefe le R4 ya ho fumana ditshebeletso."
lMatsatsi a ho kwala a tlhodisano a tlameha ho hlakiswa - ha ho ka moo ba ka ipuellang ka teng ka ho se ntshe moputso hobane ho thwe dikenelo di ne di le mmalwa.
Ho tlameha ho be teng le nomoro ya mahala eo batho ba ka kopang ditlhakisetso ho yona le ha WASPA e na le website ya yona.
lDitlhodisano di tlameha ho ba le dipehelo tse kang lenane la dikenelo, meputso, dilemo tsa ba kenelang, le hore ke batho ba sebaka sefe ba ka kenelang.
lDitlhodisano tsa bana ha di a tlameha ho ntsha meputso ya tjhelete.
lDipapatso tsa tsa kahisano le tsa pokeletso ya ditjhelete di tlameha ho hlakisa hore ke bokae e tla lefella network esitana le balaodi ba tlhodisano.
lO tlameha ho tsebiswa haeba o tla lefiswa bakeng sa kopo ya hao ya ho fumana ditshebeletso e sa tswelellang; kapa haeba network kapa mohala wa hao o se na yona tshebeletso eo.
lHo tlameha ho hlakiswa hore VAS (Value-Added Services) metsotso ena ya mahala ha e sebetse tlhodisanong.
lTshebeletso ha e a tlameha ho nka nako e telele kapa hona ho diehiswa tlasa mabaka a sa utlwahaleng.
lTshebeletso ha e a tlameha ho ba le mehato e mengata.
MOHATO WA 5: Ipiletse. Ho itseka ho a thusa, se dikadike ho tletleba ho WASPA, ho network ya hao kapa ho Consumer Desk ya lebatoweng la heno.
WASPA o tlameha ho tlisetswa ditletlebo tse ngotsweng fatshe, empa le tla bontshana ka mathata a hao ho bonahale hore ho teng phoso kapa tjhe.
lMoh: 011-476-7710;
lFax: 011-678-2097;
lAterese: WASPA, Box 73570, Fairland, 2030 (o sa lebale ho ngola lebitso, aterese le mohala o fumanehang ho ona motsheare mmoho le tletlebo ya hao).[s]
pale ka PATRICIA McCRACKEN
setshwantsho ka GREAT STOCK!
Ke nako ya ho lwantshana le bonokwane ba
di-SMS...
Mehato e 5 ya ho boloka tjhelete ya hao
BONA SESOTHO - November 2005
t
t
Ditlhodisano tsa SMS ha se tsa ho iketsetsa tjhelete ya kapele
BONA SESOTHO - November 2005
