sotho.827.yourworld_overseas
Dikgorane tsa basadi
Ngwanana enwa wa ha Williams o a iketsetsa teneseng jwalo ka ha a ne a fumane moputso wa R200 million ka 2008 feela. Hona jwale ke yena semathi sa mosadi se lefuwang ho feta lefatsheng mme hape o na le ditumellano tsa dimilione tsa diranta tseo a sa tswa di saena. Hape o sa tswa theha letshwao la feshene ya Serena Williams Signature Statement leo ho lona ho nang le mekotla, mabenyane le diaparo. Jwalo ka ha lenane la dihlahiswa tsena le bitsa pakeng tsa R130 le R800, letshwao lena le ne le etse pakeng tsa R3 le R20 million dihoreng tse tharo tsa pele le thakgotswe.
DINALEDI TSA MOSE
Oprah ke yena feela naledi ya motho e motsho e nang le dibilione tsa diranta, mme o tswa pele ho tsa boithabiso. Empa ho bonahala ho ba le R20 billion ho sa lekana ho sebohodi sena sa mananeo a dipuisano. Lenaneo la hae la radio Oprah And Friends le bitsa R450 million. Ho boetse hape ho na le Oprah Winfrey Network (OWN) e tlang ho thakgolwa ka 2010. O tsebe hore leo ha se lenaneo, ke seteishene kaofela. Re ka etsa mohlala ka hore o nke etv, e be ya motho a le mong, e laolwe ke yena. Ha re boela mananeong, ho ntse ho na le letoto la mananeo a TV a kang Dr Phil Show a hlahiswang ke khampane ya Oprah, e bitswang Harpo e kenyang tjhelete.
CD ena e ntjha ya sebini sena sa mmino wa maikutlo, e bitswang As I Am, e ne e le ya bone ka tatelano hore e be e tswang pele mme thekiso ya yona ya fihlela maemo a platinum makgetlo a mararo mane Amerika. Ha a sa bine, Alicia o mo fumana difiliming le ho TV. O hlahella filiming ya Jada Pinkett-Smith, The Secret Life Of Bees le lenaneong le tummeng la Amerika, Ugly Betty le Medium. Tseo tsohle di bolelang bankeng ya hae? Ka selemo sa 2008 feela, o ne a etse phaello ya R120 million.
Bala ka basadi ba batho ba batsho ba ipabotseng indastering ya boithabiso
Pale: Ntokozo Maseko Ditshwantsho: Gallo
Ho tswa ha hae ho Destiny's Child a ilo bina a le mong ho ile ha tswela sebini sena sa R&B molemo. Ka dilemo tse tsheletseng le dialbamo tse pedi tsa maemo a platinum, o ile a kgona ho theha letshwao la feshene ka katleho, a bapala difiliming a etsa le ditumellano tsa diphatlalatso tseo kaofela di mo kenyeditseng phaello ya R700 million. Ho na le R405 million a neng a e etse ka tjhelete ya ditekete nakong eo a neng a hahlaula le lefatshe mme hape a boela a etsa R80 million tumellanong a sa tswa e fumana leetong leo la hae le tumellanong ya hae le L'Oréal, American Express.
Jwalo ka ha a kgonne ho fumana R35 million ka ditumellano tsa boithabiso, selemo sa 2008 ha se a ba sebe ho sebini sena sa mehleng seo jwale se bapalang karolo ya mohlophisi ya moya o ditshila paleng e pele ya TV, Ugly Betty. Naledi ena e dilemo di 46, e tla nne e fumane tjheke ya R24 million ka selemo dilemo tse nne kaofela jwalo ka karolo ya tumellano ya R160 million eo a e saenneng. Vanessa ho belaelwa ha ho le teng e nngwe tumellano e mo tlelang, e leng se bolelang ho kena ha tjhelete e nngwe.
Sebontshi sena se seng se kene kgwebong haesale se le maphathephathe dilemong tsena tse mmalwa tsa ho feta. O hlahisitse mananeo a mabedi ao e leng yena sebohodi sa ona America's Next Top Model le The Tyra Banks Show. O na le le leng letoto la mananeo a TV a mofuta wa makasine. Sena le diprojeke tse ding, di ile tsa nyolla phaello ya hae ya 2009 tsa e beha ka hodimo ho R180 million, athe le botle ba hae le bona bo mo tswetse molemo. [s]
