sotho.825.Project (2)
Maqephe a
Projeke a Bona
BONA SESOTHO - September 2006
Mosi wa masalla
Mosi wa masalla ke ona sesosa se seholo sa matla a motlakase o tswang masalleng a dimela le diphoofolo. Mashala, oli le kgase le tsona ke masalla a mosi. Dipersente tse mashome a supileng a metso e mehlano a matla a motlakase wa Afrika Borwa a fumanwa masalleng a mosi wa mashala.
Ditone tsa masalla a mafura di sebediswa letsatsi le letsatsi
ho etsa hore metjhini le dikoloi di dume, di tsamaye esitana
le ho etsa motlakase. Masalla a mafura ha a ntjhafatswe ka letho mme ho fihlela jwale, re sebedisa masalla a mangata ho menahantswe ha 1 000 ho ena le ao Lefatshe le a etsang.
Mohlomong haufinyane o sa tswa fellwa ke matla a motlakase sebakeng seo o dulang ho sona hobane motlakase wa sebaka seo o se o imetswe haholo kapa mohlomong o tseba batho ba bang ba se nang motlakase. Kgweding ena re shebisisa haholo matla a motlakase hape re ithabisa ka ho iketsetsa maknete.
Ditlhalosetso di qotsitswe bukeng ya Science TODAY e phatladitsweng ke Maskew Miller Longman. Letoto la dipale tsa TODAY le na le dithuto tsohle tsa barutwana ba Grade 7 ho ya ho Grade 9.
Masalla ke ona sesosa se seholo sa lephoka le lebe
Ha re tjhesa masalla a oli, ho kubella mosi o nang le tjhefo o
holofatsang dintho tsohle tsa tlhaho, o bakang mafu bathong, diphoofolong le dimeleng.
Mashala a na le sebabole le nitrogen, tse tswang mosing wa dintho tse ngata tse fapa-neng. Ha mosi wa mofuta ona o kopana le metsi sepa-kapakeng, maru a sisa pula e nang le acid, eo le yona e tlang ho na mme e tjhese dimela le dintho tse ding tsa tlhaho tse phelang dinokeng le matamong.
Mashala a tukang, a ntsha carbon dioxide, e kopane le oxygen sepakapakeng. Carbon dioxide e etsa motjheso o se kgone ho tloha fatshe e leng se etsang hore lefatshe le qetelle le se le tjhesa tlolo ya molao.
Matla a motheo a
motlakase
ke ana a kgonang ho o ntsha di tloha feela.
A loketse
bana ba
dilemo tse
8-14
Ho ntjhafatswa ha matla
Matla a moya
Matla a biomass - a tswa dimeleng kapa mantleng a
diphoofolo.
Matla a solar - a tswa mahlaseding a letsatsi.
Matla a metsi - matla a metsi a phallang a sebedisetswa ho hlahisa
hydro-electricity.
Ho etsa maknete
Bongata ba masenke ha a hohele. Leha ho le jwalo, ditshepe le mefuta e meng ya masenke a ka nna a hohela. Dintho tse ding di ka nna tsa etswa hore di hohele ka ho sebedisa motlakase mme tseo di bitswa 'electromagnets'.
Iketsetse 'electromagnet' ya hao
O tla hloka: terata ya koporo, rolo ya khatebote, leshala, kompase, theipe e kgomarelang.
1. Harela koporo khateboteng. E kgorametse ka theipe hore e se tlohe.
2. Emisa kompase lehlakoreng le letona mme e shebe ka ho le letshehadi ho koporo. O bonang"
3. Kenya leshala ho koporo hore matla a tsamaye ka lona.
4. Pheta mohato wa 2. O bonang jwale"
Re fana ka dikhopi tse 5 tsa Illustrated Dictionary of Natural Sciences and Technology e ntjha tjha!
Re romelle a hao maikutlo a ka moo o bonang re ka etsa ka teng ho boloka matla a motlakase bakeng sa meloko e tlang.
Ngolla ho:
Science Giveaway
Maskew Miller Longman
PO Box 396
Cape Town
8000
Se lebale ho re ngolla le lebitso la hao, aterese le nomoro ya hao ya mohala mme o bolele le sekolo sa heno.
Motlakase
Motlakase ke matla a iketseditsweng ha se ao re ka a bitsang a motheo hobane ha a iketsahalle ka tlhaho jwalo ka ha ho etsahala mashala.
BONA SESOTHO - September 2006 59
kompase
Rolo ya khatebote
letsatsi
Na o ne o tseba"
theipe
Diphoofolo tse ngata jwalo ka dinonyana di sebedisa matla a ho hohela ha Lefatshe ho bona tsela. Dikarolo tse ding tsa mmele ya tsona di sebetsa jwalo ka sesupatsela.
koporo
Mpho!
leshala
