SESOTHO.818.big stars
Dinaledi di re selemo se o tshwaretse dife...
O sedi, o etsa dintho tse fihlellehang, o tsepamisa merero le diqeto ho ya ka maemo a nnete. Empa sena se ka etsa mehopolo ya hao e se atollohe, o nahanela haufi.
Tjhelete: O tla atleha ha o ka ikemisetsa ho sebeletsa katleho.
Lelapa: Di ngata diketsahalo ka lapeng mme boholo ba tsona bo tla o ama ka mekgwa e fapaneng. Diphetoho di ka nna tsa eba teng ha o sa nyala mme o nahana ho ikemela.
Lerato: O ka nna wa bona moratuwa wa hao wa kgale a le betere ho feta ho qala botjha - empa o lokela ho nahana hantle pele o ka mo kgutlisetsa bophelong hao hape. Moratuwa e motjha e ka nna yaeba wa sebele ha o so nyale.
Kelello ya hao e dutse e sebetsa, mme ba bangata ba re o bohlale. Leha ho le jwalo, ha ho ya ka tsebang seo o se nahanang.
Tjhelete: Eba sedi. Reka ka tjhelete letsohong, o reke seo o se kgonang feela. Se ikenye dikolotong ntle ho mabaka.
Lelapa: Se fele pelo ka pele. Intshe ditabeng tse sa o ameng.
Lerato: O ka fumana moratuwa motswalleng e mong, ka hoo, tiisa dikamano tsa sona.
Moratuwa e motjha e ka nna ya eba wa sebele
O dutse o nahana dintho tse siyo empa
ka nako e nngwe, mehopolo ya hao e otla botsekeng hobane kelello ya hao e a potlaka, o bohlale.
Tjhelete: Sena se kang ke tlatlapo e ka nna yaeba thuto ho wena, ha o ka tswa o matlafetse, o hlotse mathata kgwebong.
Lapeng: Sebedisa boiphihlelo ho rarolla mathata ka lapeng.
Lerato: Fokotsa mathata hobane tlhodisano e tla ba matla ha o kgetha. O tlameha ho ba moratuwa ya mofuthu dikamanong tsa hao mme motswallao ya tshepahalang yena o tla batla ho hapa maikutlo a hao.
E IKGETHANG YA BONA
O bohlale mme ho bohlokwa hore o phakise o nahanisise dintho hantle le hona ka pele. O a itshepa mme hape o etsa diqeto ka pele. O tla tlameha ho nka diqeto tsa ka pele mme o hatelle ho bona sephetho hanghang. Maikutlo a hao a matle ka kakaretso, empa o hloka ho hlophisa dintho botjha hape.
Tjhelete: Tshebedisanommoho e tla o tswela molemo. Ho sebedisa nako ka nepo ha o rala dintho, ho bohlokwa haholo.
Lelapa: Theola moya ho tsohle tse etsahalang lapeng la hao. Diphetoho di tla ba betere, ho sa kgathallehe hore di etswa ke wena kapa di a iketsahalla. Ba lelapa ba hloka tataiso ya hao.
Lerato: Ho itshepa ho tla etsa o tswe pele ho tsa lerato.
Leha o kgona ho nahana ka se ka etsahalang, empa o ntse o ba le ho qeaqea mona le mane ka tsa bophelo. Ha se hangata o qetellang o ferekane. Leha ho le jwalo, o ka nna wa ba sedi haholo.
Tjhelete: O tla fumana dithoriso ka ho bontsha mahlahahlaha. Sebedisa talente ya hao ho iketsetsa tjhelete ha ho se seo o se etsang.
Lelapa: Dintho di o tlela ka e nngwe tsela, motho ohle ya haufi le wena o etsa dintho ka tsela e makatsang. Empa motho ohle o qetella a thabile.
Lerato: Bophelo ba hao bo bonahala bo kgothatsa, e leng ditaba tse monate haeba o ikemiseditse ka tsa lerato. Ho ya matsatsing a phomolo mmoho e ka ba ntho e monate haeba o le dikamanong tsa lerato.
O rata ho ithuta dintho tse ntjha leha ba bang ba bolela ha o rata ditaba tsa batho. O boela hape o nkehe, o rate ho etsa dintho hobane o bone e le tsa maemo.
Tjhelete: O tla fihlela dintho tse ngata selemong sena mme sephetho sa tsona e tlameha ho ba se hlakileng.
Lelapa: Se lebale ditlhoko tsa lelapa la hao ha o rera dintho. Ba tsebise seo o rerang ho se etsa.
Lerato: Palo ya metswalle ya hao e tla ata jwalo ka ha o tla fumana e metjha. Ikamahanye le leano la bohlokwa la tsa thekolohelo ha o batla ho hlompheha.
O bohlale, o kgona ho hapa batho maikutlo. O na le tjhebelopele le kutlwelobohloko, menahano ya hao e tsamaisana le maikutlo a hao.
Tjhelete: Ba nang le tshusumetso ba tla o thusa ho phethisa ditoro tsa hao.
Lelapa: Se ka pata letho hobane botshepehi ke ntho ya bohlokwa. Dulang le thusana ka lapeng.
Lerato: Sena ke selemo sa hao ho tsa lerato, o tla fumana molekane e motjha. Tsitlallela nyakallo, o ke ke wa ikwahlaya ka seo.
O dutse o thabile, o lokile, o bile o bohlale. O dutse o leka ho nahana le hona ho etsa dintho ka boitshepo, empa ka nako e nngwe, seo o se etsisisa tlolo. Batho ba bang ba e ba bone e ka o a itsebisisa le hoja o lokile.
Tjhelete: O tla kgona ho ba le mekgwa ya ho iketsetsa tjhelete, empa o hlokomele ho ikahela dira hobane ho teng bao o tla qothisana lehlokwa le bona.
Lelapa: Ikemisetse ho rarolla mathata a lelapa. Ba lelapa la hao ba tla hloka tshehetso le keletso tsa hao, leha ho le jwalo, o se phahamise moya leha maemo a ka ba jwang.
Lerato: Se ka nna dikela kwana le kwana haeba ho na le motho ya hapileng maikutlo a hao. O tla ikwahlaya hobane ho teng ba tla o raka!
Batho ba kgothatsang ba ka kgona ho phethisa ditoro tsa hao
O kgona ho rarolla mathata hobane o kelello e tjhatsi. Leha ho le jwalo, hlokomela ho ba hlokolosi ka ho fetisisa.
Tjhelete: O ka kgona ho ithehela kgwebo ka dikeletso tsa metswalle le ba lelapa. Mamela dikeletso tsa bona mme o tla hlokomela hore o na le letshepa.
Lerato: Sebeletsa katleho. Ntlafatsa tsela eo le buisanang ka yona le molekane wa hao. Hapa maikutlo a hae ka ho ba le kutlwisiso.
O dula o thabile, empa o phakisa ho hlabeha haeba dintho di sa tsamaye ka thato ya hao.
Tjhelete: Sheba monyetla wa ho iqalla mokgwa o motjha wa ho fumana tjhelete. Laola tjhelete ya hao ka nepo.
Lelapa: Tsebisa bao o ba ratang bohlokwa ba bophelo ba lelapa. Ba rute ka ho ba mohlala ho bona mme seo se tla etsa ba tshwarisane le wena.
Lerato: Dintho di tla o hlakela jwale haeba o ne o ntse o sa tsebe moo o emeng ka tsa lerato.
Leha o phakisa ho utlwisisa le hona ho lekola maemo, empa ka nako e nngwe o ba lesisitheho ho mamela maikutlo a hao, ka nako e nngwe o tlohela menyetla eo o tlamehang ho e sebedisa. O rata ho hlahlobisisa dintho haholo mme ka nako e nngwe o qetelle o ingongorehisitse ka dintho tse ngata.
Tjhelete: O tla fumana e nngwe tsela ya ho etsa tjhelete. O be sedi ha o reka dintho tse ntjha, o se ka fetisa.
Lelapa: Iphe nako ya ho ba le lelapa. Hlokomela batho ba baholo, o kgothatse ba banyane ba sa leng dithutong tsa bona.
Lerato : Haeba o se na molekane, o tla mo fumana. Haeba o na le yena, intsheng, le yo ithabisa
O kelello e tjhatsi mme hape o na le tjhebelopele, o dutse o phehellela ditoro tsa hao ho le jwang kapa jwang.
Tjhelete: Rera ka hloko, o sebedise tjhelete ka nepo. Dikeletso tsa bomphato di tla o tswela molemo.
Lelapa: Lebella diphetoho. Fedisa mekgwa ya kgale, o behe melao e metjha lapeng la hao.
Lerato: Lebella dintho tse ngata tse tla o thabisa. Ho teng motho o tla thabela ho kopana le yena ho tsa lerato. Haeba o so ka o kena lenyalong, o tla fumana dikamano tse tla o isa lenyalong. [s]
