SOTHO.815.muthi
ka FORCE KHASHANE
Bophelo bo a makatsa. Jwalo ka ha ho lwantshanwa le ho ima ha batjha, empa ho na le banyalani ba nang le mathata a ho hloka thari, ba batlang bana bao ba ka ikgudisetsang bona.
Leseeng le leng le leng le fumanwang le lahlilwe, ho ba teng banyalani ba ithaopang ho le hodisa!
Ke dutse ke fumana mangolo a tswang ho banyalani ba ka kgonang ho hodisa bana empa bona ba hloka thari. Ekaba lethuela le ka thusa mosadi hore a ime" Sena ke seo ba ratang ho se tseba.
Banyalani ba bangata ba senya diketekete tsa diranta ba mathaka dingakeng le mathueleng ba leka ho fumana thuso ya ho fumana bana, empa ba hlolehe, le rialo le leng la mangolo a babadi.
"Ke dilemo di 36 mme ke dilemo di 16 ke nyetswe mme re lekile matsapa ohle le monnaka hore re fumane ngwana, empa le letho," ho rialo XK.
"Ke bonane le ditsebi tsa dingaka le mathuela, empa ha ho nko ho tswa lemina."
Ho bohloko haholo ho hloka thari. Manyalo a mangata a a kgaoha ka lebaka lena.
Shebisisa lengolo lena. "Nkile ka ima dikgwedi tse pedi feela pele ke senyehelwa. Ho ne ho etsahale makgetlo a mararo ke ntse ke senyehelwa ka kgwedi ya bobedi," ho rialo AB.
"Monnaka o batla ngwana mme lenyalo la ka le lekgatheng. Ha a sa nthata jwalo ka pele, o se a qeta nako e telele a le kamoreng ya mmae ha a le lapeng.
"O tswa kamoreng eo a sosobantse sefahleho, a hlabehile.Se bontshang hape hore e hlile ha ke sa le thatohatsi ya hae ke hore: tjhelete ya hae e se e bolokwa ke mmae!
"Ke yena ha jwale ya rekang dijo ka lapeng. Ke bile ke ntse ke rohakwa ka hore ke ntsha mpa ka boomo."
Le leng lengolo la a makgolokgolo ao ke a fumanang beng ba lona ba re bona ba tla ipatlela ngwana eo ba tla ikgudisetsa yena.
Re a tseba hore ba bangata bana mona naheng ya habo rona ba hodiswang ke batho bao e seng batswadi ba bona. Ha se ntho e mpe ho Maafrika ho ikgudisetsa ngwana.
Ba ne ba etsa sena ha e mong kapa ka bobedi ba bona ba kene lenyalong ba ena le bana.
Sesotho se re "namane ke ya kgomo."
Empa he ke e fe keletso eo re ka e fang banyalani ba tsielehileng ba batlang bana" Sheba mona...
lTabeng ya ho "hloka thari," ho tlameha ho etswa diphuputso tse tebileng ho balekane ka bobedi.
Batho ba bangata ba nahana hore ditlhare tsa mathuela le mekgwa e sebediswang ke dingaka tsa sekgowa ke tsona dintho tse ka thusang. Dintho tsena di bohlokwa, empa ho na le dintho tse ngata tse hlokang ho hlokomelwa.
lTlhaho e hloka hore bana ba fihlele tikolohong e nepahetseng e nang le bophelo. Bana ba futsa batswadi ba bona esitana le ba bang ba leloko. Diphoso tseo re di etsang di tsamaya di tsamaye di re behe ka mosing - ke bolela diphoso tse kang ho se hlokomele ngwanahao ho tswa dikamanong tsa hao tsa pele.
lRe tlameha ho hlahloba taba tse kang hore na e be meetlo ya mahadi malapa ka bobedi a ne a latele ka nepo kapa tjhe.
lDipatlisiso tsa sesosa sa mathata ha di a tlameha ho etswa lehlakoreng le le leng jwalo ka ha ho atisa ho shejwa lehlakoreng la mosadi feela!
Banna ba ka "hloka thari" le bona!
lBasadi ba bang le mathata ha ba le matsatsing a bona, ba tlameha ho rarolla bothata boo ka ho sebedisa moriana o bitswang mathunga.
lSilomi, e leng ntho e kgathatsang batho ba basetsana nakong eo ba leng matsatsing a bona le sona se hloka ho alafshwa ka moriana.
lBanna ba se nang tjheseho ya thobalano kapa ba se nang peo e ngata ya bonna, ba tlameha ho sebedisa moriana o bitswang ibhangalala.
lHo bohlokwa hore balekane ka bobedi ba alafshwe haeba ho le teng ya nang le lefu le tshwaetsanang ka thobalano.
La ho qetela le re, ho bohlokwa hore ba latele ditaelo tsa lethuela ha le ba nehile meriana.
Haeba ba sa thusahale, ha ba ipatlele ngwana eo ba tla ikgudisetsa yena. A mangata masea a hlokang ba ka a hodisang! [s]
34 BONA SESOTHO - May 2006
Re bua ka ditlhare
Thusa! Ke batla ngwana!
Ha o na le potso ka ditlhare, ngolla Force atereseng ena:
Re bua ka ditlhare, Box 473014, Parklands, 2121 kapa o mo romelle email atereseng e reng:
forcek@caxton.co.za
