sotho.814.soccer
A bapala ngwana!
Torres o matjato, o matla, athe le bokgoni ke ntho ya hae - o tshosa dibapadi tsa morao ka lebelo la hae - empa dintlha ha a so ka a di hlaba. Ekaba dintho di tla fetoha ho Liverpool?
pale ka ISAAC KWELA ditshwantsho ka GALLO
BONA SESOTHO - March 2008
BA mmitsa El Nino - Ngwana - ka lebaka la tjhebeho ya hae, o boheha jwalo ka ngwana. Leha ho le jwalo, Fernando José Torres Sanz ha a tshwere bolo, o matjato, o haraka batho, mme o iponahatsa hantle hore bolo o tswetswe le yona.
Nalane ya hae e a mo paka. Ka selemo sa 1994, ha a ne a le dilemo di leshome, o ne a hlabe dintlha tse 55 selemong sa pele a bapalla sehlopha sa ba banyane mme a ba a bitsetswa ditekong tsa Atlético Madrid.
Ha a ne a le dilemo di 19, e ne e be yena mokapoteni ya neng a le monyane ho ba feta. Dilemong tse hlano tsa bolo, o ne a hlabe dintlha tse 75 liking ya pele ya Spain. Ke Samuel Eto'o le David Villa feela ba seng ba kile ba hlaba dintlha ka nako e kalo.
Torres o ne a le teng sehlopheng sa Spain Mohopeng wa Lefatshe wa 2006. Ka mora mohope oo, o ne a hane monyetla wa ho ya bapalla Chelsea. Empa e ne e re ha Atletico Madrid e hloleha ho kena mohopeng wa UEFA, o ne a bone hore o tlamehile ho tsamaya.
Liverpool e ne e mo nke ka R280m, e leng tjhelete e ngata nalaneng ya theko ya dibapadi.
Kgatello e kgolo e ne e be ho yena Torres mmoho le motsamaise wa sehlopha.
O ne a hlabe ntlha ya hae ya pele liking e kgolo kgahlano le Chelsea mohla la 19 Phato 2007, motsotsong wa bo 16 moo ba neng ba bapale ka ho lekana ka 1-1.
Kgwedi ka mora moo, mohla la 25 Loetse, o ne a hlabe tse pedi ba hlola Reading ka 4-2.
O lokolohile
Torres o fetohile haesale a ne a bapalle Liverpool, ho rialo mokaubere wa forose ya Spain, Raul. "Papadi ya hae e fetohile, ho bonahala e ka o thabela seo a se etsang."
Ha ho makatse. Letshepa le ne le nyolohe bathong ba bangata ha a ne a qala ho bapalla Atletic le naha ya habo.
"Torres o ne a arole naha ya Spain ka lehare," ho hlalosa sengodi se seng sa bolo. Boiphihlelo ba hae bo hlakile, "empa ba bang ba thabela tsela a bapalang ka yona. O na le bokgoni, ha o ka siya bolo feela, o sa e nkile a be a hlabe ntlha."
Torres o bolela hore kgatello a neng a na le yona dilemong tseo a neng a le ho Atletico ka tsona, e fedile jwalo ka ha a se a le ho Anfield.
"Ho ne ho le boima ho Atletico. Empa ke ne ke sa bo utlwe boima boo hobane ke ne ke bapalla katlehong ya sehlopha. Empa ho fetoha ha dintho ho ntswetse molemo. Liverpool ke sehlopha se seholo seo ho sona dibapadi di jarelanang mefokolo. Tsela eo sehlopha se bapalang ka yona, o fumana le monyetla wa ho intlafatsa.
"Ke a tseba batho ba makaditswe ke tjhelete eo ke rekilweng ka yona, empa ke tla ba kwala melomo ka ho hlaba dintlha," ke yena eo.
"Ha ke sa phatsamiswa ke ho lemala, ke batla ho hlaba bonyane tse 15. Ke lenane le letle leo."
Mantswe a hae a paka hore o ikemiseditse ho nka kgatello. O apara "No 9" jeresi e neng e aparwa ke Robbie, e le yona Ian Rush a neng a tume ka yona. "E ne e re ha ba nkamohela sehlopheng, ka e kopa," ho hlalosa Torres.
"Fernando o dilemo di 23 feela mme o ntse a atleha," ho rialo Rafael Benítez. "O kotsi hampe ha a atamela motswetseng, haholoholo ha a bapala le Dirk Kuyt."
Torres o bolela hore o ne a se na ho atleha haeba e ne e se ka tshehetso ya lelapa la habo. "Ho bapalla sehlopha se kang Atletico o le dilemong tsa ka, ha se masawana, mme ke leboha lelapa leso ka tshehetso. Ho ne ho se mang ya neng a tseba hore nka fihlela maemo ao ke leng ho ona.
"Ntate o ne a tloha mosebetsing a tlo ntata a nkise boikwetlisong a boele mosebetsing.
"Ka a mang matsatsi le mme o ne a nkisa boikwetlisong. Pula ena kapa ho tjhesa, ba ne ba nkisa teng. O ne a tlwaetse hore 'Haeba o lla ka mokgathala, o se ke wa pheta o le beha teng.' Ha nka ba ka nyahama.
"Ka nako e nngwe, ke ne ke iswa ke abuti kapa ausi. Ba tla dula moo ditulong ba nne ba etse mosebetsi wa bona wa sekolo ba ntse ba nkemetse.
Haeba e ne e se ka lelapa leso, nka be ke se sebapadi sa bolo," ho rialo Torres. [s]
LE LETSHEHADI: Ho na le ba reng Torres o "fetohile" haholo ho Liverpool.
LE LETONA: "Dilemo tse fetileng ho Atletico di ne di le boima," ho rialo Torres. "Ke ne ke sa bo utlwe nakong eo ke neng ke le sehlopheng seo hobane ke ne ke bapalla katleho ya sehlopha seo. Empa ho fetola mawa, ho ntswetse molemo.
Fernando Torres
Torres ho Liverpool: "Sehlopha sena se boetse sa tuma Yuropa. Kgale ke lakatsa ho se bapalla.
BONA SESOTHO - March 2008
