sotho.810.gardening
DIJALO TSA HAO
Mekgwa ya ho bolaya
Dikokonyana
Ipolokele tjhelete ka ho iketsetsa senyanyatsi sa ho bolaya dikokonyana tse jang dijalo tsa hao
HA se wena feela ya ratang ho ja dijo tseo o itemetseng tsona. Leha ho le jwalo, ho na le dikokonyana tse fumanang tlotlo le wele mokgwabane moo jareteng ya hao.
Ho bolaya dikokonyana tsena, ha o hloke ho reka meriana a bitsang mabenkeleng a teng.
O ka kgona ho iketsetsa moriana wa ho bolaya dikokonyana tsena ka metswako eo o nang le yona lapeng la hao. Ka ho etsa jwalo, ha o na ipolokela tjhelete feela, empa o tla sireletsa le diphoofotswana tse kang dinqanqane le dinonyana tse iphepang ka dikokonyana tsena hobane moriana wa hao ha o na tjhefo.
Tsa ho qala
Ke tsena dintho tseo o tla di hloka:
Lebakethe le hlwekileng.
Pitsa ya kgale. (Eo o ritellang meriana e nang le tjhefo ho yona, hobane metswako ena e kotsi!)
Lesokwana la bolelele ba 30cm - bolelele ba rulara.
Botlolo ya ho nyanyatsa (spray bottle). (E entsweng ka polasitiki, e kgonang ho boela e sebediseha, di a fumaneha mabenkeleng.)
Hlokomela
Ha motho ntho a se a e tlwaetse haholo, ha a sa e tshwara ka bohlokolosi. Itshireletse le ba lelapa la hao:
Hlapa matsoho ha o qeta ho sebetsa.
Beha metswako ya hao hole le bana.
Se boloke motswako wa hao dibotlolong tsa dino hobane bana ba ka nahana hore ke seno.
O a tswaka jwale. Leqepheng la metswako, o tla fumana "diresepe" tse supileng tseo ka tsona o ka kgonang ho bolaya dikokonyana tse jang dijalo
tsa hao. [s]
Pale: Thandi Zulu
Mohlodi: West Park Permaculture Development Centre le Woolworths Trust EduPlant Programme
IKGETHELE TJHEFO O TLA E SEBEDISA
Sebedisa e nngwe ya dinyanyatsi tsena ho bolaya dikokonyana tse senyang dijalo tsa hao
MOTSWAKO WA SESEPA!
Fafatsa mahlaku ho bolaya dikokonyana tse kang dikgo le tse ding tse jang dijalo.
Seha lekumane la bolelele ba monwana o motona la sesepa sena se setala.
O ka se sila (kapa o se kgabele e ne makumane a masesane).
Tshela litareng ya metsi mme o eme ho fihlela sesepa se qhibidiha.
Tshela motswako oo botlolong ya ho nyanyatsa (spray bottle).
KELETSO: O ka eketsa sesepa hore motswako o tle o kgone ho manama makgapetleng o leleke dikokonyana.
DI BOLAYE KAOFELA!
Ke makgona-tsohle wa motswako o lelekang le hona ho bolaya dikokonyana.
Kgabela sekaqa sa eie le sa garlic hasesane. Tshela kgabana ya cayenne pepper.
Tshela motswako mokotleng ona wa dilamunu).
O tlame o o faseletse thupeng o leketlele lebaketheng la metsi, o qwele ho fella ka metsing (jwalo ka ha o bona setshwantshong se ka hodimo.)
Mokotla ona ha o a tlameha ho thetsa fatshe lebaketheng! O tlohele bosiu kaofela.
Tlosa mokotla - o sebedise motswako,
o o hlapolle ka ditekanyetso tse hlano tse lekanang le tsa ona. (Mohlala, ha o kgile ka kopi, o tla hlapolla ka dikopi tse
hlano tsa metsi.)
KELETSO: Haeba o hlile o na le mathata, fafatsa kamehla.
PHOFO E KOTSI!
Ena e bolaya dikokonyana tsohle tse jang khabetjhe. Kopanya matsoho a tletseng a mabedi a molora wa patsi le a mabedi a folouru le halofo ya kopi ya letswai. Fafatsa motswako ona ka hloko mahlakung a dijalo.
MOTSWAKO WA PELEPELE!
O leleka dikokonyana dijalong.
Tshela sesepa, dikotwana tsa sakarete, pelepele e phofo le garlic e hlahlathilweng lebaketheng la metsi.
Fuduha ka lesokwana.
Ha ho se ho kopane, tshela botlolong ya ho nyanyatsa.
KELETSO: Nyanyatsa jwalo ka mora letsatsi beke kaofela, o se ka nyanyatsa haholo.
Dikokonyana tse kang tsena di ka bolawa ka motswako wa sesepa kapa wa garlic!
MOTSWAKO WA GARLIC!
O bolaya tse jang khabetjhe, menwanng, dikgofu le diboko.
Tshela makumane a 3 kapa a 4 a sesepa halofong ya litara ya metsi.
Tshela letsoho le tletseng la garlic e phofo le dikgabana tse pedi tsa parafini.
Inela dihora tse 48.
Sefisisa mme o tshele kgalaseng kapa koping ya polasitiki.
Tshela metsi ka hara botlolo ya ho nyanyatsa mme o tshele kgabana kapa tse pedi tsa motswako ona.
KELETSO: O ka boela wa sebedisetswa ho thibela ho bola ha dimela.
MOTSWAKO O BOLAYANG!
O bolaya dikgo le mahe a tsona pele a qhotswa.
Kopanya kgabana ya buttermilk le halofo ya kopi ya folouru.
Tshela dilitara tse pedi tsa metsi.
Tshela motswako botlolong ya ho nyanyatsa.
KELETSO: Motswako ona o ka bolokwa sehatsetsing - netefatsa hore botlolo ya teng o e tshwaile e bile e kwetswe ka thata.
MOTSWAKO O MOLEMO!
O tsoseletsa mahlaku a masehla.
Qhibidihisa 50g ya Epsom Salts (magnesium sulphate) dilitareng tse nne tsa metsi.
Tshela motswako botlolong ya ho nyanyatsa mme o fafatse dijalo tse tjheleng.
KELETSO: Mahlaku a masehla ke letshwao la hore dijalo di hloka magnesium, eo di e fumanang mobung. E nngwe tharollo ke ho tjhentjha sebaka seo o jetseng ho sona.
MOTSWAKO O MAKATSANG!
O leleka dikokonyana tse jang tamati, dikgo le diboko.
Hlapolla tekanyetso e le nngwe ya lebese kapa mafi ka tse 9 tsa metsi.
KELETSO: Ritela motswako o foreshe nako le nako pele o o sebedisa - o sebedise kgafetsa.
Diboko tse kang sena di ka senya dipalesa le meroho ya hao ka nako le motsotso.
E SEHE O E BOLOKE
