sotho.805.generations
BONA - August 2005
BONA - August 2005
KA HODIMO: Ba aletareng mme mofelehetsi wa Siphiwe o a mo lebohela ka bohato ba hae le Lumka. Empa jwale"
KE LEHLABULA mme ba etsa "dikano tsa lenyalo," ka pela moruti, empa ka seo, ha ho bolele hore ba dumellana le ka thobalano... ena ke e nngwe ya diketsahalo tse hapang maikutlo paleng ya Generations ho SABC1. Sena ke seo Mmabatho Montsho ya bapalang karolo ya Lumka, a se kgotsofallang.
"Ke a e rata karolo ena ya lenyalo eo ke e bapalang," ke yena a ntse a bonya. "Empa la ka lenyalo ha le no ba maemong a kang ana." O hlahella a le motle seiponeng le monna wa hae wa sefofu Siphiwe (Mandla Hlatshwayo), eo bophelong ba hae ba nnete a seng a nyetse.
Mosadi wa hae ke yena ya hlophisitseng sohle ho tloha dipaleseng ho ya dijong le ho bamemuwa."Nna seo ke se entseng ke ho lefella lenyalo," ke yena ka boswaswi. Ke thabela ho ba monna ya nyetseng, ke a mo rata mohatsaka le ngwanaka, ntho eo ke e ratang ke letsatsi lena, ke ho apara sutu, le ho nka 'kano'."
Hobaneng lenyalo la Lumka le Siphiwe e leng ketsahalo e makatsang ho TV
Albamo e ikgethang ya lenyalo ho Generations ho tswa ho BONA!
"Tshwarelo, nke ke ka o fumane seno se ka o theolang maikutlo!"
pale le bohokahanyi ka DOUG GORDON
diphuputso le ditshwantsho: PATRICIA McCRACKEN
KA HODIMO: Le ka motsotso ona o monate wa lerato, Anne ha a tlohele ho nahana ka bonokwane bo ka mo tlisetsang phaello.
Lenyalo
la selemo!
KA HODIMO: Lumka o hata hodima dipalesa ho leba aletareng mme bohle ba shebile yena ka thabo - empa Jack yena o itjhebetse fikara ya monyaduwa enwa.
]
"Ke a nahana hore e be nka etsa bokae ka batho bana""
BONA SESOTHO - October 2005
"O motle jwang feela!"
KA HODIMO: Ekaba Busi a ka tshepa keletso ya Jack" Hobaneng Jason a mametse"
"Ke sena seo o tlamehang ho se etsa..."
Pinyane ya mese ya dinaledi tsena
Ba mmalwa banyaduwa Afrika Borwa ba ka fihlelang se fihletsweng ke Mmabatho Montsho, ya bapalang karolo ya Lumka - hobane mose wa hae wa lenyalo ke oo a hlahellang ka ona ho TV! Ho ne ho tshwanetse ho ba jwalo ho Mmabatho jwalo ka ha e le seakanyi sa feshene a bile a na le letshwao la hae, Black Olive.
Jwalo ka ha a ne a sebetsa le motho ya shebaneng le ho ja koto ho Generations, Gugu Mlambo, e ne e le pabala e fikara e kgahlang ka mebala e mepinki le e mefubedu le dikausi tse sarara, dieta tse phahameng le mekgabiso e metle ya dipalesa le masiba moriring wa hae.
Ketsahalong ena e pele, Angela yena o jele koto ka mose o motsho o rokilweng Sandton mmoho le diaparo tsa Cleo le Dudu. Mose wa Ntombi o motle, o molelele ba o rekile nakong eo ba neng ba etetse mose.
Tanya Ricardi, e mong wa ba atisang ho rokela Generations, o roketse Busi tse putswa bo leeba le Queen sekete se sesehla se tsamaisanang le boti ya teng. Mose wa Anne ona, ke wa lesela la chiffon, o perese ka mmala, empa ekaba sena se bontsha hore mosadi eo ya diketso di mpe o tlameha ho ba motle" [S]
BONA - SESOTHO October 2005
"O a dumela hore mosadi eo e be wa hao""
KA HODIMO: Lumka o futsitse ntatae, o rata hore yena le Siphiwe e be metswalle feela, hobane o a tseba hore ha ba ka etsa thobalano le monna, o ebe a mo leleka.
"Tshwarelo, nke ke ka o fumanela seno se tla o kgoba matshwafo!"
"Ke moradi wa ka!"
KA HODIMO: O thetsitswe ke lenyalo lena, Angela ha a hlokomele hore setumo sa Ngamla kgwebong se a nyoloha.
Albamo ya lenyalo
"O ba neha nako e kae""
]
"O tle o leke o bapale ka moradi wa ka!"
HO LE LETSHEHADI: Siphiwe le Lumka haesale e le dibapadi tse pele, Ntombi o ipotsa hore na e be jwale ba tla kgona ho dudisana hantle"
KA TLASE HO LE LETSHEHADI: Ekaba banyalani bana ba tla rata ho boloka video ya lenyalo lena le neng le rerwe ke Lumka"
KA TLASE: Jwalo ka Maxine le Khaphela, o tla rata ho supa dikodi ka lenyalo la Lumka le Siphiwe - mme babohi ba tla rata ho bona hore na jwalo ka ha ba sa etse thobalano tjena le ka mora lenyalo ho tla dula ho le jwalo na!
