sotho.1244.health
KE NNETE:
Thabisa Ntate
Letsatsi la Father's Day ke la ho thabisa Bontate - selemong sena leka ho mo hlophisetsa dijo tse nang le phepo ho thibela monono le kgatello e hodimo ya madi. Ho hlokomela boima ba mmele ho fokotsa menyetla ya kgatello e hodimo ya madi ho ya ka Priya Lalla, setsebi sa tsa phepo sa SA Sugar.
Ho ya ka dithuto tsa Australia, o re eletsa hore, ha re batla ho laola kgatello ya madi bakeng sa bophelo bo botle re:
PRe je dijo tse nang le mefuta e fapaneng ya phepo bakeng sa phepo e phethahetseng.
P Ho ja dijo tse nang le setatjhe haholo ho bolela hore ha o je mafura a lekaneng, ka hoo eja dijo tse kang bohobe, reise, cereal, ditapole, poone le madumbe.
PRe je nama e lekaneng, mahe, lebese, tlhapi le nama ya kgoho letsatsi le letsatsi.
P Re kgethe dijo tsa lebese tse nang le mafura a manyenyane hobane di na le calcium e ngata, e tla theola kgatello ya madi.
P Re pheme letswai - tlhapi e dikotikoting e letswai haholo, qala ka ho e minyolosa pele o e ja, eja nama e batang, matokomane a se nang letswai le lengata, o tshele letswai le lenyenyane dijong, hohang o se ke wa le tshella poleiting.[s]
82 BONA SESOTHO - June 2006
Tsa bophelo bo botle
Manala a hao a
ka 6cm ka selemo.
Hlapela bophelo bo botle
Erekaha serame le mekgohlane di fihlile, lekunutu la ho dula o phetse hantle le matsohong a hao - e, ke nnete.
Ho hlapa matsoho ha ho be bohlokwa jwalo ka ho borosola meno, eo ke keletso ya Harvard Medical School, ka mokgwa ona dikokwanahloko tse tswang bathong ba bang di ke ke tsa o kena. Etsa bonnete hore o:
u O hlapa matsoho kgafetsa.
u O a sidila tlasa metsi a futhumetsng ka sesepa ha o hatsetse, o a hlatswisise metsotswana e 15 ho ya ho 20.
u Ha o se na sesepa le metsi, sebedisa disebediswa tsa ho hlakola matsoho tse mongobo kapa o itlotse ka gel sanitiser e fumanehang mabenkeleng ho fihlela e omela ho ona.
matsoho a hola
Se ke ithatela kofi...
Ha o batla ho ba le bana ba batle, mathaka ho molemo ho itlwaetsa kofi, le siye matekwane!
Ditsebi tsa Saense tsa Sao Paolo University, Brazil, di fumane hore ho nwa kofi ho etsa lero la bonna le be matla mme le kgone ho nontsha lehe.
Empa State University of New York bona ba fumane hore ho tsuba matekwane ho matlafatsa lero la bonna hore le be lebelo hoo le fihlang leheng le se le feletswe ke monontsha!
Dula o phetse hantle le Patricia McCracken
Fedisa lehano le nkgang
Ha o ka hlafuna parsley ka mora dijo, e tla phodisa molomo wa hao. E na le chlorophyll e ngata - khemikhale e etsang hore e dule e le tala.
Baimana ka nako e nngwe ba hola maoto! Hobane mesifa e a saroloha mme e otlolohe e tlale maoto.
KE NNETE:
