sotho.1024.blockpuzzle
BONA SESOTHO - March 2007
BONA Block Puzzle
Ithabise mme o ntlafatse Senyesemane sa hao. Araba dipotso ka nepo o ntse o latela matshwao mme o tla fumana lebitso la sebini sa Afrika Borwa dikgeong tse fiifaditsweng
No 65
Letsatsi la ho kwala: 30 Hlakubele 2007
HAPA! HAPA! HAPA!
DIPHUTHELWANA TSA DI CD TSE BITSANG
R6 000!
HA HO sebini se kileng sa tuma mona le matjhabeng ka mmino wa sona ho feta mme Miriam Makeba. Ho tlotla naledi ena ka mmino wa yona, ho na le letoto la albamo e nang le dipina tsa yona e hatisitsweng lekgetlo la pele.
Kgweding ena BONA le ba ha Gallo ba fa babadi ba 10 ba lehlohonolo monyetla wa ho hapa di-CD tse tsheletseng tsa classic tsa sebini sena sa Afrika Borwa. Iketsetse pokeletso ya hao.
Hara tseo o ka ikgapelang tsona re ka bala: WELELA - e nang le thatohatsi e reng Welela, Soweto Blues le Pata Pata; COUNTRY GIRL - ho yona re ka bala Click Song le The Lion Cries (Mbubo); A PROMISE - re ka bala tse kang Mama le Hauteng ya Caiphus Semenya; SABELANI - e nang le Malaisha (Bring The Axe), e ngotsweng ke Manhattan Brothers; EYES ON TOMORROW - moo Miriam a neng a kopane le Nina Simone le Dizzy Gillespie, le AU THEATRE DES CHAMPS ELYSEES - eo a kileng a bina ho yona mane Fora moo a neng a bina pina tse kang I Shall Sing, Malaika le Amapondo.
Ho ka hapa
Ho ka ikgapela se seng sa diphuthelwana tsena, tlatsa dikgeo ho ka fumana lebitso le patilweng ho tse fiifaditsweng. Ngola lebitso, aterese mmoho le mohala o fumanehang ho ona motsheare posekareteng o di romele ho: BONA/Miriam Makeba March Block Puzzle No 65, Box 32067, Mobeni, 4060 kapa o romele MIRIAM ka SMS ho 35919. (SMS ka nngwe e bitsa R3.)
