sotho.7.arv's (lead)
Di sebedise ka nepo!
Ekaba di-ARV di bolokehile" Kapa di baka mathata" Tlohela menyenyetsi e se nang nnete - ke ena nnete ka tsona!
pale ka KHOPOTSO BODIBE le KERRY CULLINAN
ditshwantsho ka ROBERT TLAPU
SELINAH o ne a tsebe hore o na le kokwanahloko ya EITSI ka 1995. Ka 2001, o ne a qale ho fokola mme ngaka ya hae ya mmolella hore a sebedise di-antiretroviral (ARV).
Ka nako eo, le dingaka le tsona di ne di se na tsebo e tletseng ka dipidisi tsena.
Ha Selinah a qala ho sebedisa kalafo ena ka 2001, mmele wa hae o ne bontshe ho se utlwane le yona.
O ne a nehwe mofuta o mong hape wa kalafo mme tseo tsa mo sebeletsa, kajeno ka mora dilemo tse nne kaofela, o ikutlwa a le betere haholo...
BATHO ba bangata ba nang le kokwanahloko ena ba a tshaba ho sebedisa di-antiretroviral hobane ho na le menyenyetsi ya hore di na le tjhefo.
"Bakudi ba bangata ba tlang ho rona ba ebe ba hloka thuso. Empa ba tla le menyenyetsi e seng nnete ka di-ARV tsena," ho rialo Sizakele Ndlovu, moeletsi wa bakudi ba lefu la EITSI sepetleleng sa McCord mona Thekong, e nngwe ya ditliliniki tse pele thethefatsong ya lefu lena.
"Ba bua hampe ka dithethefatsi tsena empa ba ntse ba di hloka. Re etsa matsapa ohle ho hlakisa ka tsona."
"Ke qadile ka 2001 ho sebedisa di-ARV tsa mofuta wa Hydrea le Videx," ho hlalosa Selinah Mashinini, ya dilemong tsa bo 30, eo e leng mme wa bana ba babedi.
Nakong eo mmele wa hae o neng o bontsha ho hanana le dithethefatsi tsena, ho ne ho be boima ho yena.
"Letlalo la ka la fetoha. Ka fothoha moriri. Ka tshabeha, ka thothomela ke letswalo. Ka se tsebe seo ke neng ke tlameha ho se etsa."
Bothata ke hobane o ne a sebedisa mefuta e mmedi feela ya kalafo ena, ho rialo Helen Struthers setsebi ka lefu lena mane Joburg.
"Re se re tseba jwale hore ho sebedisa mefuta e mmedi ha ho tshwane le ho sebedisa e meraro."
Bo bong bothata e ne e le lenane le hodimo la dithethefatsi tsena ka nako eo mme Selinah yena o ne a na le tjhelete ya ho reka mefuta ena feela.
KA lebaka la ho bona maemo a ntse a mpefala, Selinah a rera ho bonana le e nngwe ngaka. E ne e mmolelle hore o tlameha ho sebedisa mefuta e meraro, empa o ne a sa kgone ho ka e reka. Mafelong a 2002, maemo a mpefala haholo ha ba ha hlokahala a etswe opereshene mona senyeng.
"Ho ne ho le hobe, ke hlaselwa ke mafu a mangata.
"Dithethefatsi tseo tsa hloleha hobane CD4 ya ka e ne e le tlase." Hobane letshepa ha le bolaye, ho ne ho be teng ba mo thusang ka ditjhelete mme jwale a kgona ho sebedisa mefuta ena e meraro a neng a e hloka.
O ne a bue nnete hore o ne a se a tshaba ho boela ho di-ARV hape. "Ke ne ke nahana hore le tseo di ne di se na ho nthusa.
"Empa ka ba le letshepa! Hoja ka se ke ka ba le letshepa, nka be ke shwele kajeno.
O hopola le letsatsi leo a neng a boele ho di-ARV ka lona, 31 Mmphalane 2003, ka mora moo, phapang a e bona!
O KEKE wa kgolwa hore Selinah o kile a fothoha moriri.
"E ne e le ka lebaka la di-ARV," ke yena eo. Kajeno o sebedisa mofuta o bitswang AZT, 3TC le Kaletra.
"Ke ne ke be le mathatanyana ha ke sa di qala, jwalo ka modikadikwane o neng o fele ka mora dibeke tse tsheletseng. Empa o tlameha ho tiisetsa," ke yena eo.
"Hape o tlameha ho tseba hore ho ba le mathatanyana oa ha ho bolele hore o se o tla shwa.
"Mathata a na a ebe a bakwa ke mmele wa hao ha o leka ho itlwaetsa kalafo ena!"
Selinah ha a ka a kgaotsa ho sebedisa kalafo ena. Seo a neng a se etse, ke ho letsetsa ngaka. "E ne e mpolelle hore ke phomole ke robale mme ke nwe metsi haholo, mathata ao a tla iphella," ke yena eo.
E nngwe taba ke ena, ho bolela Dr Janet Giddy, ngaka ya EITSI, "ke dipersente tse 10 tsa batho ba sebedisang di-ARV ba bang le mathata, bao bongata ba bona bo hlokang ho tjhentjhelwa mofuteng o mong."
Ha mathata ao a fela, dintho di tsamaya hantle!
"Jwale ke phetse, ke shahlile, ke boetse mmeleng wa ka, dintho di boetse madulong," ho bolela Selinah. Ho nwa dipidisi tse hlano ka nako e le nngwe habedi ka letsatsi ke mosebetsi o boima, empa he bophelo ke bophelo, o tlameha ho etsa jwalo.
"Ke nwa dipidisi tsena ka hora ya borobedi hoseng le ka phirimana," ke yena eo. "Ha o a tlameha ho fosa nako, ho seng jwalo ha di no sebetsa.
"O tlameha ho netefatsa hore o a ja pele o nka kalafo ena," ho bolela Selinah hape. Hape ha o a tlameha ho di sebedisa le e meng meriana - haholoholo ya setho."
Selinah ha a fose kalafo ya hae jwalo ka ha e mo nehile o mong monyetla wa bophelo. [s]
Health-e News Service.
BONA SESOTHO - March 2006
Di-ARV di ka pholosa bophelo ba hao!
'Jwale ke phetse, ke shahlile, ke boetse mmeleng wa ka, dintho di boetse madulong.'
BONA SESOTHO - March 2006
Nnete
Ha se motho ohle ya nang le kokwanahloko ya EITSI ya hlokang di-ARV. Haeba o ja dijo tse phepo, o sa tsube, o sa nwe jwala, o ikwetlisa, seo se ka etsa o se phakise o hloke di-ARV.
Ho ka tseba hore na o tlameha ho sebedisa di-ARV kapa tjhe, o tlameha ho bonana le ngaka e o etse diteko tse pedi tsa madi. Ya pele e bitswa viral load test eo ka yona ho kalwang hore na kokwanahloko ena e matla ha kae mading. Ya bobedi ke e kalang CD4, re bolela matla a masole a mmele wa hao.
Diteko tsena di tlameha ho etswa jwalo ka mora dikgwedi tse tsheletseng. Haeba mohlomong CD4 ya hao e le ka tlase ho 200, ngaka ya hao e ka o eletsa hore o sebedise di-ARV.
Ke ka nako ena he eo batho ba balehang ho sebedisa dithethefatsi tsena hobane ba utlwa menyenyetsi e seng nnete ka tsona. Kajeno diketekete tsa Maafrika Borwa di sebedisa di-ARV tsena mme ho na le ba bangata ba tla shwa hobane ba sa rate ho di sebedisa.
Dr Janet Giddy o re batho ba neng ba eshwa, kajeno ba a phela. "Bakudi ba ka ba sebedisang di-ARV, kajeno ba imme ba bang ba belehile masea a se nang kokwanahloko ena mme hape ba itswellapele hantle le bophelo ba bona."
THOKO HO LE LETSHEHADI: Selinah le morahae, Lucky. Di-ARV di mpholositse.
LE LETSHEHADI: "Se tsamaye o kgolwa menyenyetsi yohle ka di-ARV," ho rialo Selinah.
'Dintho di madulong, ke phetse.'
'Bakeng sa ditlhalosetso tse ding ka kokwanahloko ya HIV le EITSI, o ka ikopanya le ba ha National AIDS Helpline ho: 080-001-2322.
"Ke nwa dipidisi tsena hoseng le ka phirimana ka hora ya borobedi, ha o ka fosa nako, di keke di sebetse," ho rialo Selinah.
