sotho.79.boss
O phehela setjhaba!
Itshebetse
Ho kgabisa ka dipalesa - le ho phehela mekete yohle - e ka ba kgwebo e ntle...
KA MORA ho fellwa ke mosebetsi, tlelereke ena ya mehleng ya bankeng, Doreen Ngcobo, a etsa qeto ya hore o tla ntlafatsa bokgoni ba hae ho seo a se ratang haholo, pitsa, a etse seo batho ba se bitsang "Leano la Bobedi la boiphediso". O ne a thehe khampane e bitswang D's Décor, a phehela mekete yohle, ho tloha ho e menyenyane ya letsatsi la tswalo ho ya meketjaneng ya mmuso e nang le batho ba fihlellang ho 1 500.
O kgabisa ka masela le dipalesa meketeng - a phehe. Doreen o rutile le batjha bokgoni ba ho fepela meketeng mme a dutse a ba hira.
O rata mosebetsi wa hae? "Hantle haholo!" o boletse jwalo a bile a tsheha. "Ha ho pelaelo! Ke rata mosebetsi wa ka mme ha ho letho leo ke lakatsang ho le etsa ntle ho ona."
O QADILE JWANG
Doreen o re o lokela ho ba le lerato la ho pheha le ho fana ka tshebeletso ya profeshenale. A qamaka hara motse hore ha ho batho ba hlokang ho phehelwa.
Ho bohlokwa ho fumana thupello e ntle. Dikolo tse ngata tsa FET (Further Education And Training) di na le dithuto tsa nakwana le tsa nako e feletseng. "Ke nahana hore ho bohlokwa ho etsa dithuto tsa kgwebo hobane di o hlahlella mahlale a ho tshwara tjhelete," ke keletso ya Doreen eo. Kgwebo e qala hanyenyane mme e nne e hole. Phoso eo ba bangata ba e etsang ha ba kena kgwebong, ke ho sebedisa tjhelete e ka hodimo ho phaello eo ba e etsang ho fihlela ba dikela tlwara dikolotong.
"Ha ke ne ke qala, ke ne ke ena le dikgalase tse 30 feela le dipoleiti tse 50. Kajeno ke na le dikgalase tse 500, dipoleiti tse 350 le masela a ditafole le a ditulo a 100. Ha ke na sekoloto," ho bolela Doreen.
Ho tloha ha o qala feela, o tla hloka setofo le sehatsetsi se seholo seo o ka se tshepang. Tjheleteng teng, o lokela ho qala ka ho netefatsa hore o bala ditjeho hantle, o sa siye letho, ke bolela le motlakase le tswekere - ha o ntse o bitswa ka mona le ka mane, o tla qetella o tseba hantle ka moo o lokelang ho bitsa ka teng.
Botshepehi ke ntho ya bohlokwa. Bakeng sa katleho kgwebong, o tlameha ho boloka nako - ka dinako tsohle. Ha o phoqa batshehetsi, kgwebo ya hao e tla phakisa ho putlama.
HO BAPATSA
Ho ditjeho ho bapatsa dikoranteng empa e teng mekgwa e meng eo o ka tsebisang kgwebo ya hao ka yona. Ha o se na khomputara, kopa thuso ya motswalle, o ngole dipampiri tsa papatso, o hlalose ditshebeletso tsa hao kaofela, o nehe batho mabenkeleng a maholo, ditliliniking diholong le hohle moo o tsamayang teng.
"Ho boetse ho bohlokwa ho ba le dikarete tsa kgwebo," ho bolela Doreen. "Ke dutse ke siya tsa ka ditafoleng hohle moo ke sebetsang.
"Hape ha ho se fetang hore batho ba tsamaye ba bolellana ka wena. Ha o etsa mosebetsi o makgethe, ba tla dula ba bua ka wena le metswalleng ya bona."
MOPUTSO
Moputso o ya ka mokete o sebetsang ho ona. Ha o phehela mekete e menyenyane feela, o ka nna wa fumana pakeng tsa R3 000 le R5 000 ka kgwedi. Dikgwedi tse sa tsmayeng hantle, di tshehetswa ke mekete e meholo eo o kileng wa ba le yona mohlomong eo ho yona o fumaneng R10 000 kapa ho feta.[s]
Bakeng sa dikeletso tsa kgwebo le tshehetso ka ho theha kgwebo, ikopanye le SEDA (Small Business Development Agency), mohala: 0860-103-703; Web: www.seda.org.za.
BONA SESOTHO - February 2008
pale ka GRACE KHUZWAYO
ditshwantsho ka BRETT FLORENS
BONA SESOTHO - February 2008
KA THOKO HO LE LETSHEHADI: Doreen o rata ho itshebetsa, o kgabisa ka dipalesa moketeng o nang le batho ba fihlellang ho 1 500 ka nako e nngwe!
LE LETSHEHADI: "O lokela ho rata ho pheha," ho bolela Doreen.
KA HODIMO HO LE LETSHEHADI: (ho tloha ho le letshehadi ho ya ho le letona) Nu ngubane, Nonhlanhla Ntombela le Doreen.
KA HODIMO HO LE LETONA: Doreen ha a phehe feela, o bile o a kgabisa.
