sotho.798.bee
EKABA bo Rantsho bao e leng barui ba tlameha ho thusa bafutsana? Ekaba hona ba na le ona moya wa ho thusa ba sa "atlehang?" Mookamedi wa mehleng wa naha, Thabo Mbeki o kile a nyatsa dikwete tsena tsa BEE hore ho tsona taba ya bohlokwa feela ke tjhelete, e leng se etsang hore motho a etse "matsapa ohle ho e fumana."
"Re hloka batho ba fanang, ba sa timaneng," le boletse jwalo Letona la Ditjhelete, Trevor Manuel, puong ya hae.
O botsitse ka maikemisetso a bona ka borui.
"Re sheba katleho ya rona jwang? Kapa re sheba lenane la boradimilione bao re bang le bona, kapa yona menyetla eo re e thehelang bafutsana ka teko ya ho ba inola bofutsaneng boo?
"Re ka reng ka palo ya bo Rantsho ba tsamayang ka dikoloi tse pele tsa Majeremane, ba amohelang dimilione?"
Dilemong tse 15 re le tokolohong, ke Manuel hape, "batho ba bangata ba ntse ba phela ka thata jwalo ka nakong ya kgenthollo."
Ka ho ya ka sephetho sa dipatlisiso tse sa tswa etswa, ke batho ba dimilione tse nne naheng ena ba sa sebetseng mme bongata ba bona bo se bo lahlile tshepo hore ba sa tla sebetsa!
Ka ho le leng, ho bolelwa hore ba fetang sekoto ho ba 200 000 bao e leng barui Afrika Borwa, ke ba batsho.
Ba 60 lekgolong ho bona, ho bolelwa ha ba le dilemo di ka tlase ho tse 45 tsa boholo.
Re tla etsa mohlala ka Patrice Motsepe. Ho belaelwa ha a na le tjhelete e ballwang dibilioneng tse 19 mme ke wa boraro baruing ba Afrika Borwa, e le wa pele bathong ba batsho ho ba le dibilione tsa diranta.
Thehong ya African Rainbow Minerals ka $875-million, Motsepe o ne e kgole molemo ho BEE jwalo ka ha molao o ne o bolela hore khampane hore e tle e fumane lengolo la ho rafa, e tlameha hore ho beng ba yona, ho be le ba batsho ba etsang bonyane 26 lekgolong.
Ho ya ka ditlaleho tsa 2007 tsa koranta ya Sunday Times, Cyril Ramaphosa, Saki Macozoma le Tutukile Skweyiya, mohatsa Zola Skweyiya, Letona la tsa Ntshetsopele ya Setjhaba kaofela ba na le tjhelete e balellwang diranteng tse dimilione tse 100. Ha jwale, khampane ya Tokyo Sexwale, Mvelaphanda, ho bolelwa ha e na le R10,7 billion.
Ramaphosa yena o ne a tshepise ho kenya tjhelete e ballwang ho R100 million pele ho 2014 diprojkeng ka Shanduka Foundation.
O se a kentse R8 million thutong ka leano la Adopt-A-School Foundation, le Sexwale Family Foundation e seng e tsheheditse baithuti ba bangata ho tloha ka 2001. Ka 2006, ba ile ba nehelana ka di-wheelchair tse 100 lebatoweng ka leng.
Empa ho thweng ka ba bang ba ho BEE? Ekaba ba tlameha ho fa ba futsanehileng? Ekaba hona ho na le tlameho ya hore ba fane ka matlotlo a bona?
Moeletsi Mbeki o bolela ha sena e se tharollo ya bofuma.
"Se tla etsahala feela ke ho ata ha bofuma, ho qabane setjhaba," ke yena eo.
"Ke e mong wa ba pele ba neng ba hanyetsana le Black Economic Empowerment, hobane ho aba hoo ha bona lefa la bona ho tla thusa ka eng? Ke letlotlo leo ba le fumaneng kae?"
Hape BEE, ha re bua nnete, e tswela molemo batho bana ba maemong a hodimo feela."
Hobaneng ho tlameha hore batho ba sebeditseng ka thata ho ipeha maemong a matle bophelong ba tlamehe ho tla thusa ba phuthileng matsoho ba lebeletse ho kgaketswa?
Jwalo ka ha mmuelli wa mehleng wa ANC Smuts Ngonyama a ne a bolele ka mora ho fumana R50m ka tumellano e le nngwe ya ha Telkom: "Ha nka ba ka sokola hore ke be mofutsana." [s]
Ha se dikgorane tsa BEE kaofela tse nahanang hore tjhelete ke sohle bophelong - phetla leqepheng 44 o utlwe se bolelwang ke batjha...
Ba a RE kolota!
TJHELETE
Ke ena tsela eo e sebetsang ka yona: o leka ho intlafatsa bophelong, ka mora moo o tlameha ho fana ka mafufutso wa phatla ya hao bathong ba sa ikgathatseng ka letho. Bala o utlwe hore ba bang ba reng... Pale ka Mbuyisi Mgibisa, Ditshwantsho ka ba ha Gallo
Patrice Motsepe.
BONA SESOTHO November 2008
Cyril Ramaphosa.
Tokyo Sexwale.
BONA SESOTHO November 2008
