sotho.797.fuel
BONA e a fuputsa
RE HLOLA re utlwile ka baruihadi bana ba lehlohonolo bao naha ya habo bona e nang le oli mane Middle East - mme kajeno ba hafa ka ntakana hoo ba ka rekang naha efe kapa efe eo ba e batlang.
Kopana le barui ba kamoso - beng ba mabenkele a rekisang dijo tse hadikilweng kapa o be le monyetla wa ho bokeletsa oli ya ho pheha e ngata e seng e sebeditse.
Hantle haholo!
Ha e bitse hape e dutse e le teng, ekare e se e tla ba yona peterole ya kamoso...
"Ke se ke tshetse koloi ya ka ya 1980 Mercedes-Benz 300D ka oli ena e batang mme ka tsamaya dikilomitara tse 100 000 ntle ho mathata a letho," ho bolela Roy Dibley wa Kapa.
"Oli ena e bile e sebetsa hantle le ho feta peterole e tlwaelehileng koloing, le peipi e hulang oli e tsamaya ka matla," ho bolela yena.
"E boetse hape e hlwekile - o ka nna wa e nwa ha o rata!"
Tjhe ha ho bonolo jwalo ka ha ho bolelwa, ha se hore o tshela oli feela e tswang ka paneng, koloi e dume.
Oli eo e tlameha ho sefshwa masalla. Erekaha oli ya ho pheha e loile ho feta diesel, e hloka ho hlapollwa pele hore e tsebe ho tsamaya hantle dipeiping tsa koloi ho kenella enjineng. Mekgwa e mmedi ya ho etsa seo; o ka futhumetsa oli ena hore e hlapolohe kapa o ka tshela mefuta e meng ya oli ho e hlapolla.
DIBLEY yena o sebedisitse mokgwa wa pele. O rekisa seetswa sa ho hlapolla oli ka R5 000, se na le tanka e nyenyane ya oli e kgonang ho tshwara diesel e tlwaelehileng bakeng sa ho dumisa koloi, motjhini wa ho futhumetsa oli nakong eo e fetelang injineng ho tswa tankeng le switjhe e tsebang ho tjhentjha ho tloha ho disiel ho ya oling.
"O dumisa koloi hoseng ka diesel e tlwaelehileng mme ka mora dikilomitara tse lekgolo, o tjhentjhele tankeng ya oli, eo ka nako eo e tla beng e se e futhumetse ho lekana," ho hlalosa yena.
Ka nako eo o seng o emisa koloi, o tla hloka feela hore o boele o kgutlele tankeng ya diesel metsotso e mmalwa pele o ema ho fihlela e duma hape ka le hlahlamang.
Dibley o ne a kganne koloi ya hae ho tloha Kapa ho ya Namibia le Mozambique mme a ba a kgutla a tsamaya ka oli eo ya kgale mme o re o ne a tsamaye hantle haholo. O lata oli ena lebenkeleng le rekisang dijo mme a e tshele hantle ka sefe e tshesane ka tankeng ya peterole. Ha ho sa le mosebetsi o mongata o etswang ka mora hore ho kenngwe tanka ena ya oli.
DRIES Joubert, eo e leng molemi, o kgetha ho etsa ka mokgwa o mong - yena o tjhentjha oli ena ya ho pheha hore e dumellane le koloi ya hae ho ena le ho tjhentjha koloi hore e dumellane le oli eo. Leha e le mosebetsi o boimanyana empa ha o se o tseba seo o se etsang, ha ho nke nako hohang.
"Ke qala ka ho sefa oli ena mme ke e hlapolle," ho bolela Joubert.
Ho na le mekgwa e mengata ya ho etsa dintho tsena mme batho ba bangata ba etsang biodiesel lefatsheng lohle, ba kala ka hloko methanol le caustic soda tse tla hlapolla khemikhale eo.
Ebe oli e a inolwa ka motswakong mme ka mora hore e tebe hantle, e tshelwe ka tankeng, ka mokgwa oo ha e sa hloka ho qala ka ho futhumetswa pele e ka sebediswa.
"Ke sebedisa oli ena koloing ya ka mme ha ke na mathata hohang ho fihlela jwale," ho bolela Joubert. Hape ha a tshabe le ho e sebedisa koloing ya hae ya BMW 320. Ha baetsi ba bang ba dikoloi bona ba sa rate ho kgothaletsa bareki ba bona ho sebedisa oli ya mofuta o sele ntle ho ena e tlwaelehileng, Joubert yena ha a na mathata.
"Ena ha esale koloi ya bona jwale - ke ya ka," ho bolela yena. "Ke e tshela oli e tsamaye mme ke bile ke a e bona phapang."
O KA NNA wa sebedisa le oli e ntjha, o e hlapolle ka dikhemikhale kapa o e futhumetse jwalo ka ha Dibley a bolela. Empa oli ya ho pheha e bitsa R5,50 litara ka nngwe mme ho kene ditshenyehelo tsa ho e hlapolla kapa ho tjhentjha koloi ya hao, nnete ke hore o ntse o tla qetella o lefile tjhelete e ka hodimo ho eo o neng o nahanne ho e boloka.
Na ebe seo sohle se bolokehile bakeng sa koloi ya hao"
BONA e buisane le profesara Kevin Bennett, molaodi wa Energy Research Institute mane Yunivesithing ya Kapa.
"Ho ne ho etswe dipatlisiso tse matla tsa ho tsamaisa dikoloi ka oli ya ho pheha bakeng sa diesel dilemong tsa bo1970," ho bolela yena. "Mathata a oli ena ke hore e ka qetella e thibantse di-injector tsa koloi.
"Ha koloi e se e ena le mathata, baetsi ba yona ba tla hana ho o thusa - hape ba tla hana ho o lokisetsa yona tlasa tiisetso eo le dumellaneng ka yona. Ke eletsa hore ba batlang ho etsa hona, ho betere ba kopanye oli ena le diesel e tlwaelehileng, ba se e sebedise e le nngwe.
"Qala ka ho sebedisa dipersente tse 25 tsa oli ya kgale mme o bone hore e tla tshwara koloi ya hao jwang. Ha ho se mathata, o ka latela ka tse 50 ho fihlela o tlatsa tanka.
"Ha ke kgolwe hore enjine ya koloi ya hao e ka senyeha ntle le hore e tla ba le mowa o mongata.
"Mona dikoloing tsa setjhaba, ke ngongorehiswa ke tlhweko hobane bakganni ba tsona ba ka nna ba sebedisa oli ena ya ho pheha ya kgale e ntse e le ditshila e le jwalo. Hape ha o batla ho sebedisa oli ena ya kgale, ke nahana hore o tla hloka ho dula o ena le dintho tsa ho ikwala dinko hobane koloi ya hao e tla qetella e nkga jwalo ka tanka e tletseng ditlhapi kapa lebenkele le rekisang ditjhips!" [s]
'Bakeng sa ditlhalosetso tse ding, ikopanye le:
Roy Dibley: 083-228-9423; web: www.veggiemobile.co.za;
Dries Joubert: 015-297-3749.
BONA SESOTHO - October 2006
O kgathetse ke
ho nyoloha ha peterole" Na o ke ke wa thabela ho tlatsa koloi ya hao ntle ho ditefello tse kgolo" Ke ena tharollo e sa tlo o bitsa hakaalo - empa ha feela koloi ya hao e na e enjine e sebetsang ka diesel...
pale ka GAVIN FOSTER
Peterole ya kamoso"
BONA SESOTHO - October 2006
Hobaneng ke sa tlo sebedisa oli ya ho pheha koloing ya ka"
Enjine ya peterole ha e etse kgatello e kgolo ho cylinder jwalo ka ya diesel, ke ka hona e hlokang motlakase wa ho kgantsha di-plug le ho tswaka peterole le moya hore di tsebe ho e dumisa. Koloi e nang le enjine ya diesel e matla ho feta ya peterole.
Koloi e duma ha oli le oxygen di kopana hantle hore di tsebe ho futhumala mme di hlahise ditlhase kapa ona motlakase. Haeba o kile wa pompa baesekele ka matla o tseba hantle dikamano pakeng tsa kgatello le mofuthu. Enjine ya diesel e ka sebetsa ka oli efe kapa efe mme ya pele eo e neng e bontshe ka yona ke e neng e hlahiswe ke Rudolf Diesel ka 1895, e neng e le ya oli ya matokomane.
Matsatsing ana, enjine ya diesel lefatsheng lohle e sebetsa le ka oli e tlhotlilweng dithootseng, jwalo ka sunflower seed oil, peanut oil, palm oil, parafine le engine oil ya kgale.
Jwale ho boetse hape ho hlaha ena ya masalla a dihlahiswa tse ka tlasa lefatshe mme jwale ho se ho ena le dimela tse hlahisang oli tse lengwang ke bahlahise ba biodiesel.
