sotho.788.sci
BONA - August 2005
Ho bolokwa dijo
e bokeleditswe ke WALTON GOLIGHTLY setshwantsho ka GREAT STOCK!
DIJO di bohlokwa bophelong ba rona, ke ka hona ho tloha kgale e sa le ho etswa matsapa a ho di boloka di le foreshe nako e telele. Mehleng ya kajeno ho se ho sebediswa mekgwa e kang: ho di boloka ka sehatsetsing; ho di kenya dikotikoting; mangangajane; di omelletswe ka leqhwa; di tshelwe letswai le lengata kapa ka nako e nngwe di kenngwe ka sejaneng se sa keneng moya mme ho tshelwe metswako e itseng.
Sepheo sa bohlokwa diketsong tsena kaofela, ke ho thibela bakteria ho phakisa ho senya dijo tseo kapa ho di senya hohang. Dijo tsohle di na le bakteria mme e ka di senya ntle ho ha di kwetswe ka thata mme hape ho entswe matsapa a ho e bolaya. Ho etsa mohlala, bakteria e lebeseng e a le bodisa ka mora dihora tse pedi ho ya ho tse tharo ha le behiwe mofuthung wa ntlo.
Ho boloka lebese leo ka sehatsetsing, ha ho bolaye bakteria e ho lona feela empa ho fokotsa ho ata ha yona e leng se etsang hore le dule le le foreshe matsatsi a isang bekeng kapa ho ya ho tse pedi.
Sehatsetsi: Ona ke mokgwa o tlwaelehileng haholo kajeno wa ho boloka dijo di le foreshe. Athe ho di boloka ho freezer teng hore di be leqhwa, ha ho fokotse ho ata ha bakteria feela, empa ho boetse hape ho e qeta matla hohang. Ho boloka dijo tse kang nama (mefuta yohle ya yona), di le leqhwa ha ho tjhentjhe tatso ya tsona hohang empa ho etsa phapang merohong athe ditholwana tsona di senyeha hohang.
Ho di kenya kotikoting: Ho tloha dilemong tsa bo 1825, batho haesale ba kenya dijo ka dikotikoting hore di tsebe ho dula di le foreshe nako e telele.
O qala ka ho bedisa dijo ho bolaya bakteria pele o ka di kenya kotikoting mme o e kwale ka thata hore ho se kene moya. Erekaha bakteria e dijong tse ka kotikoting, e bolailwe, hona ho bolela hore ha di na ho bola. Hang ha o bula kotikoti eo, bakteria e kena dijong tseo, ke ka hona ho leng bohlokwa hore o boloke dijo tseo ka sehatsetsing hanghang.
Ha se dikotikoti feela tse kgonang ho boloka dijo hobane di entswe ka lesenke, le sejana sefe kapa sefe se kgonang ho kwaleha ka thata. Jwalo ka botlolo, le yona e ka futhumetswa mme ya boloka dijo hantle esitana le polastiki le pampiri ya foil esitana le lebokose.
Mathata a ho boloka dijo ka kotikoting, ke hore di qala ka ho bediswa mme hona ho qetella ho tjhentjhile tatso ya tsona athe ha di bolokilwe ka sehatsetsing leha di le leqhwa, tatso, phopholeho esitana le phepo ya tsona ha e tjhentjhe hohang.
Tse mintsweng metsi: Lebese la phofo, sopho, soso, pasta ke tse ding tsa dijo tse minyolositsweng lero - mme tsa omelletswa.
Mangangajane a leqhwa: Ke mokgwa o ikgethang wa ho etsa dijo mangangajane ka ho di monya lero kaofela e leng seo hangata se sa tjhentjheng tatso ya tsona jwalo ka ha ho etsahala ha di minyolositswe lero feela.
Mona dijo di qala ka ho etswa leqhwa pele di ka minyoloswa lero. Dijo tseo di a bediswa mme di kubelle haholo. Hangata mokgwa ona o sebediswa ha ho etsuwa kofi e seng dithollo.
Letswai: Ke mokgwa wa kgale wa ho boloka dijo, letswai le monya mongobo dijong mme bakteria yona e a shwa hobane ha e kgone ho phela letswaing le lengata.
Dinoko le vinegar: O ka boloka nama, ditholwana le meroho ka mokgwa ona. Dijo di nokwa ka letswai le vinegar. (Acid e bolaya bakteria.)
Ho bedisa: Ha o bedisa dijo, o bolaya bakteria empa tatso le phepo ya tsona e a tjhentjha hobane baketria e a shwa.
Ho etsa kase: Batho ba bangata ha ba hlokomele hore kase ke mokgwa o mong wa ho boloka lebese le le maemong a matle! [s]
BONA SESOTHO - November 2005
Projeke ya BONA
