sotho.782.bossjan
Ikemele
pale ka GRACE KHUZWAYO
ditshwantsho ka MARC CURRIE
BONA SESOTHO - January 2008
Ha ho sala le bana ho se ho fetohile boiphediso...
BATHO ba bangata ba sebetsang thutong ya bana le kgolong ya bona, Early Childhood Development (ECD) ba bolela hore o ka atleha ho iketsetsa tjhelete e ntle ka bona empa ha o ba rata o bile o thabela hore ba kgutlele batswading ba bona ba thabile, ba phetse hantle mme ba bile ba le mafolofolo letsatsi le letsatsi.
Empa qala dipotsong tse latelang ho bona hore o ka kgona:
Na o rata bana hoo o ka dulang le bona letsatsi lohle"
O sedi, o kgona ho shebisisa hape o dutse o le mafolofolo"
O thabela ho qoqa le bona, o ba kgothaletse ho fihlella maemo a hodimo papading kapa ho sohle seo ba se etsang"
O na le mamello o rata le boswaswi"
QALA
Ntho ya pele ya bohlokwa ke ho shebisisa sebaka seo o tla sebeletsa ho sona. Polokeho ya bana bao e matsohong a hao mme o tlameha ho etsa bonnete ba hore sebaka seo ba leng ho sona se hlwekile ka hohle hohle. Diemere tsa metsi di ka nna tsa eba kotsi baneng hobane ba ka kgaqwa ke metsi.
O tla tlameha ho arola bana ho ya ka dilemo tsa bona, ke hore masea (a dikgwedi tse 3 - 6), a be mang le ba dilemo di 3 - 6 ntle ho haeba o ena le sebaka se bulehileng sa moaho wa sejwalejwale.
Athe ha o batla ho sala le bana ba ka hodimo ho dilemo tse 6, o tla tlameha ho ingodisa tlasa lefapha la tsa kahisano le haufi le sebaka sa heno, ho sa kgathallehe hore ke bana ba dilemo di kae.
Ba tla o neha diforomo tseo o tla di tlatsa mme ba o nehe letoto la melao eo o lokelang ho e hlonepha.
DISEBEDISWA
Jwalo ka dikgwebong tsohle, o tla tlameha ho etsa matsete disebedisweng tsa kgwebo.
Ha re etsa mohlala, ha o ena le masea, o tla hloka dipitsana le dibate tsa masea, dietswa tsa ho boloka dibotlolo di hlwekile, tsa maleiri a sebeditseng le a so sebetse mmoho le ditulo tse bolokehileng tsa ho a fepa, le tse ding tsa bohlokwa maseeng.
O tla boela o hloka le dintho tsa ho bapala tse nang le thuto tse tsamaisanang le dilemo ho fapana.
Dithuto tsa ECD tsona o tlameha ho di etsa jwang kapa jwang. Ha di na tswela bana molemo feela empa di tla boela hape di hlokomedisa batswadi hore o ithutetse mosebetsi wa hao mme ba o tshepe.
KELETSO E NTLE
"Mang kapa mang ya nang le seabo ho ECD o lokela ho ba le lerato le ikgethang la bana le maikemisetso a ho ba rupella," eo ke keletso ya Pam Picken, Molaodi wa TREE (Training And Resources For Early Education).
"Ke nako e hlokolosi haholo eo kgolong ya ngwana hobane o lokela hore a be a se a fihlelletse ho 80% ya bohlale ba hae ha a fihla dilemong tse 6.
"Ba ithuta ka ho ba sebakeng se etsang hore ba sebedise dikelello. Ke nakong ena moo ho ralwang motheo wa bokamoso ba thuto mme hape ba rutwe mekgwa ya ho itshwara sekolong."
Etsa dipatlisiso ho baahisane bao o batlang ho bula keretjhe pela bona hore o tsebe seo ba se hlokang. Na ebe batswadi ba bangata ba a sebetsa kapa tjhe" Na ba ka kgona ho lefella bana ba bona keretjhe ka kgwedi"
Ha o qala, fumana dikeletso, mekgatlong e tshehetsang dikgwebo tse nyenyane. Kopa batswadi ho ba le seabo ha o lokisa keretjhe - haholoholo bontate! Ba ka kgona ho etsa hore sebaka seo se be setle mme se bolokehe - ba kenye dishelofo hantle, tsohle di be madulong, hape di bolokehe. Ho buisana le bomme le hona ho ka o thusa mme o ikopanye le mekgatlo ya ho thusa setjhaba e kang ona wa TREE ho utlwa hore mohlomong ba ka se le rupella le le sehlopha. [s]
Sala le bana ba
banyenyane
BONA SESOTHO - January 2008
KA HODIMO: Sebaka se setle, se mebalabala, se bolokehileng se ratwang ke bana.
HODIMO: Dipampiri tsa maboteng di thusa bana bakeng sa ho bala.
LE LETSHEHADI: Haeba o batla ho sala le bana ba ka hodimo ho ba 6, o tla lokela ho ingodisa lefapheng la tsa kahisano la sebakeng sa heno.
KA TLASE HO LE LETSHEHADI: Ho ba le keretjhe ho ka nna ha o tswela molemo.
' TSA BOHLOKWA
BAKENG sa ditlhalosetso tse ding, ikopanye le TREE: ho 031-579-4711.
Dikeletso le thupello, o ka ikopanya le ba National ECD Alliance: ho 021-683-2420; cecd@iafrica.com.
Dikeletso ka kgwebo tsona di fumaneha ho Small Enterprise Development Agency (SEDA): 012-441-1000; www.seda.org.za.s
