sotho.781.yourlifeguide_career
Eba seakanyi sa meaho
Sabelo S'thole, mothehi wa khampane ya di- architecture, s2s, o re bolella ka mosebetsi wa hae
Meaho e meholo eo ke e akanyang e tla dula e le teng le ka mora nako e telele ke se ke iketse badimong.
Ke motswala wa ka eo e leng graphic designer. Eitse ha ke lokela ho kgetha mosebetsi oo nka ithutelang ona, ka hlokomela hore kakanyo ena ya meaho e ka nthusa ho nkgokahanya le batho ba bangata ho feta dinono tse ding. Ha re etsa mohlala, ha o akanya dibaka tsa moo batho ba tla sebetsa ho tsona, o lokela ho shebisisa hore ba tla thabela sebaka seo kapa tjhe.
Motho o tseba ntlo eo a e ratang empa seo ha se mo etse senono.
Ke tseba borikgwe le hempe tseo ke di batlang, empa hoo ha ho bolele hore ke seakanyi sa feshene. Motho ohle e ka nna yaeba senono, empa o hloka tataiso ya setsebi karolong eo.
HO SEBELETSA KANTORONG E BULEHILENG
Ela hloko ha o bua mohaleng, haholo ha o iqoqela le metswalle ya hao. Basebetsi ba bang ba ka qetella ba tseba tsa bophelo ba hao tseo o neng o batla ho di pata.
Mehala e llang ke yona mehlodi wa lerata le leholo. Leka ho arabela mohala wa hao le pele o lla makgetlo a mararo mme mohala wa letsoho o se lle ka mokgwa o tla tena ba bang - kapa o mpe o kwale o se hwelehetse.
Se etsetse kopano tafoleng ya hao.
Kopa ntho ya motho pele o e nka.
Se jelle dijo tse babang tafoleng ya hao. Dijo di a nkga mme ba dutseng pela hao ba ka nna ba tshwareha hampe.
Se sitise ba bang ha ba le dijong ka ho ba botsa ka mosebetsi.
Ho kenya mehala ya ditsebe ho ka thusa hore o se phatsamise ba bang ka lerata.
Se bale ditaba tsa batho ntle le haeba o kopilwe ho etsa jwalo.
Ha o tlameha ho tla mosebetsing o kula, ela hloko hore o se tshwaetse ba bang ka mahloko a hao.
Se sebedise khomputara ya e mong ntle ho tumello - hape o se tjhentjhe letho ho yona ha o dumelletswe ho e sebedisa!
KE SEFE SEO O SE RATANG KA MOSEBETSI WA HAO?
KE MANG KAPA KENG E O KGOTHALEDITSENG ONA?
Pale: Patricia McCracken
Ho na le menyetla e fapaneng, empa ka kakaretso e ka ba dilemo tse tsheletseng.
Ke ne ke batla ho ikemela, ke se ke ikutlwa hore ha ke hloke motho e mong a nne a tjhaele mosebetsi wa ka monwana pele nka tswela pele.
Jwalo ka mosebetsing o mong le o mong, o lokela ho itshupa hore o fela o loketse projeke eo. Mosebetsi wa hao o ka nka dikgwedi tse ngata pele o qala ho ahwa. [s]
O ITHUTELA ONA NAKO E KAE?
HOBANENG O ILE WA IQALLA KGWEBO YA HAO?
KE DIFE DIPHEPHETSO TSEO O TOBANENG LE TSONA?
KE ENG?
Mosebetsi ona ke wa ho akanya meaho, motho a akanya polane ya ntlo hore diahi di tsebe ho e aha.
Hore moaho o fela neng ho ya ka boholo ba ona, ho ya ka moo Sabelo a bolelang ka teng.
Lebala la dipapadi le ka nka dilemo tse tharo ho ya boneng ho fela, athe motse ona o ka nka dikgwedi tse tsheletseng.
MOSEBETSI WA HAO
