sotho.1241.yourstyle_celebstyle
Setaele sa
MASUPATSELA
dinaledi
Shebahala o le mosesane
Setaele sa Oprah se setle se a kgahla, se
tshwana hantle le akhaonto ya hae ya bankeng le
seemo sa hae!
LEHA kgosatsana ena ya mananeo la dipuisano tsa TV e dutse e tlotlwa ka bokgoni ba ho tshetleha puo setjhabeng, dibuka tseo e di balang, kajeno e boetse e tlotlwa le ka kgetho ya yona ya diaparo. Naledi ena (55) e tseba hantle se mo tshwanelang mme e dutse e shebahala jwalo ka mosadi wa mankgonthe ya hlomphehileng ka dinako tsohle.
Dilemong tse mmalwa tse fetileng, Oprah haesale e le masupatsela ho basadi ba seema ka tlhako, a qetella a butse lebenkele la internet moo batshehetsi ba hae, motho ka mong a ikgethelang seo a se ratang hara lethathama la diaparo tse bokeleditsweng ke yena ka sebele.
Ha a tshwane le dinaledi tse ding tse ngata, Oprah ha a tene diaparo tse bitsang haholo, e leng se bolelang hore le wena o ka di fihlela diaparo tsena tse ka etsang hore o shebahale o le mosesanyane.
Diaparo tse ntsho kapa tse mebala e lerotho, di etsa o shebahale o le mosesane. Kgetha tse mmala o tshwanang hore o tsebe ho dula o shebahala eka o mosesane.
Phema diaparo tse sehilweng hampe hobane di ka etsa o shebahale eka o sephara le ho feta ka moo o leng ka teng. Athe ha o tena tse nyenyane teng, o shebahala o le mo tenya tlolo ya molao.
Tena mebala e etsang hore mahlo a batho a se tsetsi haholo dikarolo tsa hao tsa mmeleng tse seng ntle. Ha o sa batle hore ba o shebe diropeng, ha re etsa mohlala, tena dibaki tse telele.
Sekipa se molala wa v-neck se shebahala hantle
mothong ya se nang mpa e kgolo, athe se seholo sona se thusa ho pata di-hips tse kgolo le letheka le sephara.
1. Lesapo la letsoho (R180 ka seng), Accessorize.
2. Top e beige e mabenyane, (R320),Truworths.
3. Lebanta (R290), Foschini.
4. Sekete se sesootho se bulehileng (R60), Camelion.
5. Dieta tse ntle (R250), Foschini.
6. Mokotla o motsho (R220), Foschini.
7. Masale a matle (R150), Ruby In The Dust.
Setaele: Thato-ya-Ona Lerefolo
Ditshwantsho: Peter Whitfield
(Ditlhalosetso tse ding: www.ehow.com)
Tjhebeho
DIAPARO: Accessorize: 021-447-7718; Camelion: 072073-3233; Foschini: Mabenkeleng ohle naheng ena; Ruby In The Dust: 011-325-5111; Truworths: Mabenkeleng ohle naheng ena
