sotho.77.firewalking
Ba tsamaya mollong!
Teko e tshabehang ya tumelo...
KE NAKO e tshosang e bileng e leng bohloko haholo empa batho ba shebelletsweng ha ba bontshe ho kgathatseha hohang. Dimitara tse mmalwa ho tloha tempeleng eo, baruti ba haraka mashala a tukang mme ho qhoma malakabe.
Ka mora hora batho ba 200 ba entseng mola ba tla be ba hlohonolofatswa ke Guru Krishna Naidoo, mme ba tsamaye hodima mashala ao a makgubedu ka maoto...
Ke ne ke tsamaisana le bona, e seng hobane ke batla ho tsamaya hodima mashala empa ke ne ke batla ho ba shebela haufinyane ha ke nka ditshwantsho. Ba bang ba badumedi bana ba neng ba le pelaka ba ne ba ikgabisitse difahleho haholo. Ba phuntse maleme le marama, ba kentse masale, ba bang ba bona ba leketlisitse dinthontho tsa ho ikgabisa.
Thokwana mane ho tletse babohedi ba neng ba neng ba ba shebelletse ka tjheseho e kgolo. Ho tsamaya hodima mollo haesale e le ntho e etswang ka dilemo ke batho ba merabe e fapaneng ho phetha tumelo ya bona, batho bana ba batla ho bontsha boinehelo ba bona ho badimo habo bona.
Ho ditho tsa Tempele ya Sathie Sanmarka Sungum mane Chatsworth, Thekong, mokete wa bona wa selemo wa ho tsamaya hodima mashala ke wa bohlokwa o hlophisetswang matsatsi a 18.
Ke botsitse Guru Naidoo lebaka le etsang hore Mahindu a dule a hlophisa ho tsamaya hodima mashala ka labohlano la Paseka, leo ka lona e leng la bohlokwa la ho rapela ho Bakreste.
"Dilemong tsa bo 1860, ha Maindia a ne a qala ho fihla naheng ena, a ne a fihle ba aha mane Isipingo le Mount Edgecombe," ho bolela yena.
"Ba neng ba dule Isipingo ba ne ba rapela Modingwana wa Pula, o bitswang Mariamman, ba kopa pula hore ba tsebe ho lema. O ne a ba araba mme a hahlaule ho tla fihla naheng ena ya Afrika Borwa ho tla ba thusa. Pula e ne e ena mme ba thabe haholo.
"Baruti ba BaKreste le bona ba qala ho jala evangeli ya bona hara setjhaba sa Maindia mme Mahindu le ona a tjhentjhela tumelong ya BoKreste.
"Mariamman a bolella setjhaba hore: 'Le ne le nthapela mme ke le thusa, ha le ka tlohela ho nthapela le tla welwa ke koduwa eo le so kang le e bona haesale lefatshe le thehwa.'
"Matsatsing a supileng ka mora moo, ba hlaselwa ke sekgohola se tshabehang mme batho ba hoholeha. Ntho yohle o eba neng ba ena le yona ya ya le metsi, Guru a itshwarella tempeleng mme a re: 'Mme, re o tshepisitse ho o rapela. Tempele ena e tla dula e le teng."
Ha batho ba kgutla ka mora sephethephethe sa sekgohola, ba fumana Guru a ntse a itshwarelletse tempeleng. Mahindu a Natala a kopana hanghang mme a kgutlela tumelong ya ona ya kgale.
"Sena se ne se etsahale ka Labohlano la Paseka mme haesale re ketela letsatsi leo ho tloha ka nako eo," ho bolela Guru Naidoo.
Pele badumedi bana ba tsamaya hodima mollo, Guru eo wa bona o qala ka ho ba hlohonolofatsa ka Metsi a Halalelang.
Ka mora moo ba kena ka letamong le lesesanyane le nang le metsi le turmeric pele ba ka ya tsamaya hodima mashala ao a tjhesang.
Bannna bana le basadi ba tla tsamaya hodima mollo, ba qala ka ho itlhophisetsa leeto leo ka ho rapela le ho imamela letsatsi le letsatsi, ba inehele, ba ile diketso le mehopolo e mebe mme ba je meroho feela matsatsi a 18 pele ho Paseka.
Mona, o se thetswe ke mahlo, dihanyata tse ding di a tjhetjha ho fihlela motho a kena qetellong mme di tlolela hodimo ho fihlela ba etswa ba sa qeta, ho a tjhesa, ba bang ba basesanyane bona ba hata kwekwe jwalo ka ha ekare ba tsamaya lehlabatheng le hona hara mpa bosiu.
Ho buuwa dintho tse ngata tse etsang hore batho ba kgone ho tsamaya hodima mollo ba se lemale. Bang ba re sephiri ke nako, motho a hlokomele hore a se behe maoto hodima mollo nako e telele hore a be a tjhe. Bang ba re ba thuswa ke tumelo ya bona feela.
Ha ke batle le ho tseba hore nka kgona ho etsa sena kapa tjhe, hohang ha nke ke ka tsamaya hodima mashala a tjhesang! [s]
BONA SESOTHO - June 2006
pale le ditshwantsho ka GAVIN FOSTER
Modumedi enwa o thusitswe ke tumelo ya hae hore a kgone ho tsamaya hodima mashala ana a tjhesang.
Le batjha ha sa ikgelle tlase "leetong" lena le ikgethang...
Ba bang ba leketlisitse ditshepe le masale hohle mmeleng ka kgopolo ya ho keteka ona mokete ona wa bona wa bohlokwa.
Moetlo o makatsang
BONA SESOTHO - June 2006
Mebala e metle e kganyang marameng ke yona mebala ya letsatsi.
