sotho.776.new letters april
Le hapileng
Se ikgelleng tlase
Keletso e ntle...
MEHLA e fetohile.
Ha ke na matla a ho bontsha batho bana ba lonya hore seo ba se etsang se sebe.
Ha ke tsebe hore ha ba bone hore tsela eo ba e sebedisang e a bolaya"
Ke lakatsa eka batho ba ka tseba hore bophelo ke mpho ya Modimo, e seng ntho eo ba ka bapalang ka yona.
Helang ba heso - ena ke nako ya ho phahama re iponahatse! Tlohelang bonokwane le boshodu. Ithuteng le tsebe ho iphedisa!
Ekaba re batla ho ba "moloko o lahlehileng na" Ekaba le batla ho dula tikolohong e sa tswelangpele e tletseng bonokwane"
Ha re tloheleng ho inyenyefatsa ka mantswe le ka diketso tsa rona, ha re phahameng re pokole.
Ka ho etsa jwalo, re ka ba le bokamoso bo tjhabileng!
Michael Makola, Midrand
R100
Ho bala dibuka ho etsa re ithute letho ka se etsahalang lefatsheng ka bophara, re be le tsebo ka hona.
Ho bala ke mosebetsi o matla, o tsetsisang kelello, o e ntjhafatse o qete letswalo leo re nang le lona mme hape ho qete le letswalo leo re nang le lona ho tobaneng le diphephetso tsa bophelo ba rona.
Afrika Borwa e tlameha ho kgothaletsa batjha ba yona hore ba bale, hobane ke sona senotlolo sa bokamoso.
Matsatsing a kajeno, bana ba haptjwa ke dipapadi tsa di-video, TV, di-CD, di-DVD, di-SMS Internet - ba tlohele dintho tse ba tswelang molemo. Ke nahana hore mmuso o tlameha ho etsa letho ho kgothaletsa batjha ho baleng.
AM, Nquthu
Ha e kgutle thupa
Lefapha la Thuto le tlameha ho kgutlisa thupa dikolong, ke bolela hore bana ba shapuwe sekolong.
Ke ho fediswa hona ha thupa sekolong ho bakileng merusu ena e mekana dikolong tsa rona matsatsing ana.
Haeba batswadi ba hloleha ho kgalema bana ba bona, ba nahana hore ba tla hola jwang bophelong"
Mehleng ya kgale rona re ne re shapuwa ha re ne re sa etsa mosebetsi wa sekolong kapa re sa hlomphe!
Lefapha la rona la Thuto ke bona le entse phoso e kgolo ka ho fedisa thupa dikolong.
Aaron Tlou, Tweefontein
HO A tshosa ho utlwa hore dipersente tse ka hodimo ho tse 50 tsa banana ba dilemo tsa ka tlase ho tse 16, ba inehetse bohloleng.
Sena se etsa hore motho a ipotse hore na e be ho senyehile kae ho batswadi - bao e leng bona ba tlamehang ho ruta bana tsela"
Ke na le bonnete ba hore batho ba tlamehang ho ikarabela ka sena ke bona batswadi.
Hobaneng"
Ke banna bana ba lopetsang bana bana ka tjhelete, mabenyane le diaparo. Ka lebaka la bonyane ba bona, bana ba ekehe ha bobebe ke sena.
Bakeng sa ho ba mehlala e metle baneng ba bona, batswadi bana ke bona ba thabelang diketso tsena tsa bohlola.
Ba bang ba ikarabela ka hore: "Ha se ngwanaka." Mehla e ne e fete eo ka yona o neng o le motswadi wa ngwana e mong le e mong.
Bana he ba qetella ba tswile tseleng, hobane ba sa tsotellwe. Ba iketsetsa seo ba se ratang. Batswadi ba tlameha ho kgalema bana ba bona ka lapeng.
Samuel Dube, Botswana
Ho a tshosa!
Mangolo a hao
Ho bala ke tshiya!
BONA SESOTHO - April 2006
Romela mangolo a hao ho:
Mangolo ho Mohlophisi,
Box 32083, Mobeni,
4060,
South Africa
fax: 031-912-2720
e-mail: bona@dbn.
caxton.co.za
u
t
Batjha hlokomelang!
Dithethefatsi sekolong
Ke ngongorehiswa ke bana bana ba sebedisang dithethefatsi ke bolela le sekolong. Le bana ba Grade 5 le bona ba se ba kenwe ke mokgwa ona.
Dithethefatsi di ka senya pelo, boko, sebete le diphio tsa hao. Athe hape di ka o bolaya. O ke ke wa kgona ho ithuta ha o di sebedisa. O tla feila mme he ntle le thuto o tla ba lekgoba la tsona le bonokwane.
Dithethefatsi di o kwala mahlo o qetelle o entse dintho tse sa lokang jwalo ka thobalano e sa bolokehang o qetelle o fumane EITSI.
Se itshenyetse bokamoso ba hao, itshware, o re "Tjhe" dithethefatsing, o se itshenyetse bokamoso.
Ntombizanele Gqola, Butterworth
BONA SESOTHO - April 2006
Inahane pele o ima
Ona ke molaetsa ho banana ba imang hobane ba batla tjhelete ena ya mmuso. Ke ngongorehiswa ke bana bana ba holang ba sa tsebe le bontata bona.
Tlohelang bowatla, le itshenyetse bokamoso ba lona. Empa he re ka reng, ha ho seo re ka se etsang, ho ne ho tla ba jwang haeba mmuso o ne o ka fedisa pei eo" Ke re inahaneng pele le ima hobane le ikenya tsietsing.
NM, Matatiele
Mangolo a hao
DITHETHEFATSI le batjha ke ona mathata a maholo naheng ena. Hobane batjha ba tswelapele le dithethefatsi leha ba tseba sephetho sa tsona" Ekaba ke hobane batjha ba SA e le dihole" A ko bale karolo e ntjha ya batjha - Straight Talking With Fat Charlie.
Kgatisong ena o tobane le temana ya dithethefatsi - mme seo a se bolelang ka taba ena se a tshosa.
Leha Fat Charlie a se na dikarabo tsa dipotso tsohle, empa tse ngata a ka di araba...
Fat Charlie. Seo batjha ba TLAMEHANG ho se tseba!
Ha o itshepa, o tla atleha
Haeba o itshepa, o tla dula o atleha bophelong.
Le haeba o le moithuti - etsa mosebetsi wa sekolo, o ipolelle hore o ke ke wa hloleha, ke bolela le haeba ho se ya o kgothatsang.
La ka la ho qetela le re, ipehe sehlohlolong sa ditaba ka ho mamela ditaba, o bale dikoranta o tsebe se etsahalang lefatsheng e le hore o tle o tsebe ho fihlela ditoro tsa hao.
Ipolelle hore ha ho se ka o hlolang.
Senzo Sithebe, Daggakraal
O ka sebedisa lebitso
leo e seng la hao la nnete bakeng sa phatlalatso, empa o re bolelle la hao la nnete mmoho le aterese. Ha se hore re dumellane le babadi bao re phatlalatsang mangolo a bona mme hape re na le tokelo ya ho hlophisa mangolo botjha bakeng sa phatlalatso.
Theha setswalle le batshw-aruwa
O reng"
HA SE ntho e ntle ho bona batho ba sa tshepahalang ba ngolla ho theha setswalle makasineng ya rona ba batla balekane. Ho ngola haholo batho ba tjhankaneng.
Ha ba se ba tswile - ba qetile dikahlolo tsa bona - ba fetohela dikano tsa bona tseo ba neng ba di etse nakong eo ba neng ba le tjhankaneng.
Ke nahana hore nna makasine ena ya rona e tlameha ho ba tima monyetla ona hobane ba bonahala ba sa tshepahala.
Silvia Masina, Atteridgeville
O reng" Mohlomong ha se batshwaruwa ba phoso. Mohlomong ke balekane bao ba ebe ba ba fumane. Mohlomong motho ha a ya tlameha ho rera bokamoso ba hae le monna ya tjhankaneng eo a so kang a kopana le yena. A ko re ngolle o re bolelle maikutlo a hao...[s]
