SOTHO.775.stars
BONA SESOTHO - September 2006
Se bolelwang ke dinaledi
Mosebetsi: Sebedisa monyetla wa diphetoho mosebetsing wa hao.
Bophelo: Ikwetlise kgafetsa hore o dule o kwenne o bile o phetse hantle.
Tjhelete: O tla kgona ho fumana seo e leng kgale o se labalabela ka theko e tlase.
Lerato: Bophelo bo tla ba monate, o ka nna wa kgahlwa le wena.
Mosebetsi: Amohela diphephetso, o tobane le tsona ka tjheseho e kgolo le ka mafolofolo, o tla atleha.
Bophelo: Hlokomela dijo tsa hao! Ela boima ba mmele wa hao hloko.
Tjhelete: Eba sebete. Kopa tshehetso ya tjhelete ha ho hlokahala.
Lerato: Eba le lerato ha o batla dikamano tse ntle.
Mosebetsi: Buisana le ba nang le tshusumetso ba ka o thusang kgwebong.
Bophelo: Ithute ho phomola o pheme kgatello. Ikwetlise kantle.
Tjhelete: Ha o se na yona, leka mesebetsinyana e meng lehlakoreng.
Lerato: O tla qakeha mme o bone le batho ba batjha ba thabisang.
Mosebetsi: Letshepa le teng le menyetla e metle.
Bophelo: Kgoba matshwafo, o laole maikutlo a hao ntle ho moo, o tla thefuleha ha bohloko.
Tjhelete: Hlophisa ditjhelete hantle o tsebe ho lefa melato ka tshwanelo.
Lerato: Dikamano di tla ba ntle, empa o tla hloka ho ba le mamello.
Mosebetsi: Tswelapele ka boitshepo o kgahle bao o sebetsang le bona.
Bophelo: Eja ka tshwanelo o nwe le dipidisi ha o kgathala hara nako feela.
Tjhelete: Ha ho lebaka le tsang hore o sokole ka tjhelete, e sebedise hantle
Lerato: O tla ratwa, sebedisa monyetla oo ka tshwanelo.
Mosebetsi: Tsetsisa maikutlo ha o batla katleho. Se potlakele dintho.
Bophelo: Phema mekgwa e mebe, o se je tlolo. Ikwetlise kgafetsa.
Tjhelete: Ke nako ya ho ipokelletsa yona empa eba sedi.
Lerato: Botshepehi le tshehetso di ka matlafatsa dikamano tsa lona.
Mosebetsi: Phephetso e ntjha e tla atleha le ho feta pele.
Bophelo: Eja hantle ka nepo hore o dule o phetse hantle.
Tjhelete: Maemo a hao a ditjhelete a lokela ho ntlafala le ho feta ka moo o neng o lebeletse.
Lerato: Ke nako e monate, eo o tla phela ka kgotso dikamanong tsa hao tsa lerato.
Mosebetsi: Sebedisa menyetla, o nke mehato ya ka pele.
Bophelo: Ikwetlise kgafetsa mme o iphe nako ya phomolo.
Tjhelete: O ka kgona ho boloka tjhelete ha o ka e sebedisa ka hloko.
Lerato: Eba le lerato le tlhokomelo. Etsa hore moratuwa wa hao a ipone e le motho wa bohlokwa ho wena. Mosebetsi: Ho buisana le batho ho tla o tswela molemo, sebedisa menyetla.
Bophelo: Ikwetlise ka tshwanelo mme o ele seo o se jang hloko.
Tjhelete: Lehlohonolo le ka nna la o wela. Etsa matsete a matle a tjhelete.
Lerato: Moya o motle. Ithabise le metswalle mme o thabele ho ratwa.
Mosebetsi: Sebedisa menyetla ya ho o fumana kapa o ntlafatse maemo a mosebetsing.
Bophelo: O tla qakeha empa leka ho boloka mmele o le motle.
Tjhelete: Maemo a tla ntlafala. Tsohle di a tshepisa.
Lerato: Amohela dimemo, mohlomong di tla o kopanya le motho wa bohlokwa!
Mosebetsi: Phetha mosebetsi hantle. Rarolla mathata a sa ntse a qala feela.
Bophelo: Ikwetlise kgafetsa mme o robale ho lekana.
Tjhelete: Se nna o senya tjhelete ka masawana ha o batla ho eketsa moputso wa hao.
Lerato: Natefelwa ke maemo a monate a dikamano tsa lona.
Mosebetsi: Diphephetso tse ntjha di tla ntjhafatsa maikemisetso a hao.Sebetsa ka hloko.
Bophelo: O tla phela hantle mme o natefelwe ke mefuta ya dipapadi.
Tjhelete: E sebedise hantle. Etsa lenane le letle la yona ha o batla ho e boloka.
Lerato: Aha dikamano tse ntle tsa lerato. Eba sedi mme o be lerato.[s]
