sotho.76.breakfast
Qala letsatsi hantle
diresepe le setaele ka GEMINI FOOD PROMOTIONS
ditshwantsho ka KIM THUNDER
Ditsebi tsa phepo di re dijo tsa hoseng di bohlokwa haholo hara tsohle, ke ka hona o lokelang ho netefatsa hore wena le ba lelapa le qala letsatsi hantle
BONA SESOTHO - June 2007
Ranch Eggs
Metswako
oli ya ho hadika
1 eie e kgabetsweng
1 kgaba (15ml) curry powder
1 x 410g kotikoti ya baked beans
1 x 410g kotikoti ya tomato and onion mix
6 mahe
Mokgwa
1. Hadika eie ka oling, o noke ka curry powder.
2. Tshela dinawa le tamati. Pheha hanyenyane. Tshela ka hara ovenproof dishe tse 6.
3. Tshela mahe ka hodimo. Baka ontong ya 180oC metsotso e 5-10, ho fihlela mahe a tia. Fepela mmoho le toast.
E fepela ba 6
Ditjeho: R14,89
Breakfast Crumpets
Metswako
2 dikopi (500ml) folouru
4 dikgabana (20ml) baking powder
1/2 kgaba (2,5ml) letswai
4 dikgabana (20ml) tswekere
2 mahe
1 1/2 dikopi (375ml) lebese
2 dikgaba (30ml) majarine e qhibidihisitsweng
ditholwana tse foreshe
syrup kapa mahe a dinotsi
Mokgwa
1. Sefela metswako e ommeng mmoho.
2. Fehla mahe, lebese le majarine pele o di tshela phofong. Duba ka kgaba. (Hlama e lokela ho ba reberebe.)
3. E tshele ka kgaba ka paneng ya ho hadika e tshasitsweng ka mafutshana. E fetole ha e qala ho etsa dikaqa. E be thokwana. E fepele mmoho le ditholwana le syrup.
E etsa tse 15
Ditjeho: R8,10
Five-minute Breakfast
Metswako
12 maqa a bacon
6 mahe
6 dikgaba (90ml) metsi
2 dikgabana (10ml) majarine
letswai le pepere
6 dilae tsa bohobe
3 ditamati tse petsotsweng
Mokgwa
1. Beha bacon poleiting ya pampiri. Kwahela ka e nngwe. Pheha mofuthung o matla wa microwave metsotso e 1 1/2.
2. Fehla mahe le metsi mmoho le majarine. Noka. Kenya ka hara microwave e tjhesang haholo metsotso e 2-4, o fuduwe kgafetsa hore mahe a be diphafara.
3. Fepela hanghang mmoho le toast le tamati. (Ha o se na microwave, bacon o ka e hadika. Fehlela mahe, metsi le majarine mmoho. O di phehe mofuthung o tlase ho fihlela mahe a eba diphafara.)
E fepela ba 6
Ditjeho: R14,89
Breakfast Scone Bread
Metswako
1 x 500g pakana self-raising flour
2 dikgabana (10ml) baking powder
bohashana ba letswai
4 dikgabana (20ml) tswekere
2 mahe
2 dikopi (500ml) mafi
1 kgabana (15ml) oli
Mokgwa
1. Sefa metswako e ommeng kaofela.
2. Fehla mahe, mafi le oli, o tshele phofong. Duba ka kgaba ho etsa hlama.
3. Tlotsa baking tin e boholo ba 20cm ka mafura. Baka ontong ya mofuthu wa 180oC metsotso e 45 (ho fihlela eka e lephaka ha o e phaphatha).
4. E ntshetse ka thoko. E fepele e fodile, e tlotsitswe ka majarine, jeme le kase e kereitilweng.
E etsa lofo
Ditjeho: R10,79 [s]
Ranch Eggs.
u
BONA SESOTHO - June 2007
t
Qala letsatsi hantle
