sotho.765.health
Tsa bophelo
bo botle
Ba ake o ba thabise
Bana ba kgona ho bontsha thahasello ho batswadi ba bona - ke bolela le ha ba robetse, ke se fumanweng ke radipatlisiso wa Amerika.
Bana ba batswadi ba dutseng ba qhwebeshana, ba robala jwalo ka bana bohle, empa ba phaphama kgafetsa kapa ba se bo kopanye.
Sena se bolela hore motsheare ba ebe ba etsa botlokotsebe le sekolong ba baka mathata.
BONA SESOTHO - July 2006
NNETE:
Letlalo la motho e moholo le boima ba 15kg.
Kwetlisa boko ba hao
E, o ka kwetlisa boko ba hao ho sebetsa betere, ho rialo radipatlisiso wa Dublin's Institute Of Neuroscience. Ho nka mehato e 10 feela hore baithaopi ba bona ba ntjhafatse boko ba bona ka dilemo tse 14 kaofela. Ke tsena dintlha tsa ka moo o ka qalang ka teng:
Hlapa shawareng o kwetse mahlo.
Kenya nomoro ya hao ya mohala kelellong.
Sebedisa letsoho leo o sa tlwaelang ho le sebedisa ha o hlatswa meno.
NNETE:
Basadi ba nyetsweng ba kgona ho theola boima ba mmele ho feta ba sa nyalwang.
Imatlafatse
Lebala ka hore mmele wa hao o matlafatswe ke diprotein tseo re di jang kamehla feela - re ka re, ho ja dijo di le ding ho ka etsa hore mmele o satalle ha o ikwetlisa. Etsa dintho di be bobebe ka hore o itsharolle pele le ka mora ho ikwetlisa mme o je dijo tse nang le diprotein tse ngata mme o theolele ka dino tse nang le carbohydrates.
Hangata, re tseba hore mmele wa hao o ahwa ke iron e tswang nameng e senang mafura, dihlahisweng tse mafura a manyane tsa lebese, bohobeng ba koro le mafureng a tswang merohong. [s]
Dula o phetse
le Patricia McCracken
Hlokomelang
Ka nako e nngwe dipalopalo tse bontshang kotsi ka tsa bophelo di e di bonahale e ka ke papadi feela - empa o ka nna wa theola letswalo leo ka diteko tsena tse bobebe, o boletse jwalo Dr Beverley Cowper, medical director ya ha Merck, Sharp & Dohme. Ke tsena dipalopalo tseo a buang ka tsona:
lCervical cancer ke mofuta wa bobedi wa kankere e tsebisahalang lefatsheng ka bophara e amang mafumahadi a finyellang halofong ya milione.
lBa ka hodimo ho halofo ho ba fumanweng ba na le kankere ena ba a shwa hobane ba etsa diteko e se e le ka mora nako - jwalo ka kankere e nngwe le e nngwe, ha o entse diteko e sa le nako, o ka pholosa bophelo ba hao.
lMotho ohle ya ratang thobalano, e ka ba monna kapa mosadi, o kotsing ya ho tshwaetswa ke lefu la human papilloma, e leng lona le qalang kankere.
Hona jwale o ka itshireletsa ka ho etsa diteko tsa pap smear tliliniking kapa ngakeng. Empa ho na le moriana o ka o thusang.
dtshwantsho ka GREAT STOCK!
BONA - August 2005
