sotho.1240.gardening
TEMO
mekgwa ya ho boloka serapa se le setle
Ke tsena ditlhoko tse tharo tsa motheo tsa ho boloka serapa sa hao sa meroho se le setle se phetse hantle
1. METSI
Peo le sethopo di hloka ho tshellwa letsatsi le letsatsi - thapama ha e le lehlabula; kapa ha di tlwaela makgulo ha e le mariha. Empa leha ho le jwalo metsi a pompong a bitsa haholo...
Ho kgakelletsa metsi ha pula e ena ho ka o tswela molemo.
O ka tjheka foro e lebang serapeng, o tjheke le letamo la ho boloka metsi ha pula e ena hore o tle o tshelle ka ona ka nako e tlang.
Metsi a sebeditseng. O ka boela wa tshella ka metsi a seng a sebeditse, mohlomong a ho hlatswa, (e seng a tswang ka ntlwaneng leha ho le jwalo), a molemo le ona bakeng sa ho tshella le difate - empa meroho yona e hloka ho tshellwa ka a seng ditshila haholo. Ha o kgona, ho molemo ho nosetsa ka metsi a nang le sesepa se setala feela empa le sa phofo ha se senye haholo kapa sona sa dijana. O ka boela wa kenya lethopo la metsi le tla a ntsha sinking ya ka tlung, le a lebise serapaneng.
2. LEHOLA
Lehola le senya dimela mme le lokela ho hlaolwa di tloha feela le pele le namela hohle ka serapeng. Le phakisa ho hlokomeleha ka bonolo hobane ke dimela tseo o sa di jalang.
Ho bonolo ho fothola lehola ha ho le mongobo. O ka le fothola ka matsoho kapa o le hlaole ka fereko ha seratswana se le senyenyane, athe ha se le seholo teng, o tla hloka mohoma. Se hlaole ka mahahapa hobane o ka qetella o kgethutse dimela le dipalesa tsa hao.
Lehola le arotswe dikarolo tse pedi, tse kgonang ho iphepa ka dilemo le dilemo mme ho molemo ho le fothola le metso ya lona.
3. JWANNG BO OMMENG LE MAKALA
Ho tshwana hantle le ho kolletsa metsi a ho tshella, ho bokelletsa jwanng bo ommeng o bo behe hodima dimela, o bo tshelle kgafeta ho thusa hore lehola le se fumane kganya ya letsatsi mme di se be le monyetla wa ho hola hantle. Qala ka ho lokisa serapa hantle ka ho kwaela diforo tseo o jetseng ho tsona ka jwanng boo bo mongobo.
O ka bokelletsa jwanng, o tabole le dikoranta kapa dithupa tse foforehang hore kaofela di thibela mobu le sethopo se se tjheswe ke letsatsi, mobu o dule o le mongobo nako e telele hape o se kgoholehe le kgoholeho ya ona e ntlafale.
Sethopo se setle se tla thusa ho sireletsa mobu hore o se omelle, le hore ho se mele lehola dipakeng tsa sona.
Ho bua nnete, lehola le lokela ho dula le hlaolwa nako le nako hore le se phakele dimela dijo mme di sitise le methapo ho hola ka tshwanelo. [s]
Pale: Tania Sandberg
Ka moo o ka etsang letamo ka teng
Phororo feela ya metsi e ka sebetsa jwalo ka letamo le lenyenyane. Ha o ka kgetha hantle sebaka seo o tla le etsa ho sona, moo metsi a tla tseba ho phalla a kene hantle ho lona ha pula e ena, o tla be o qetile. Leka la botebo ba 10-20m bonyane.
O ka le sireletsa ka mobu o tjhekilweng ho lona ho tiisa mabota (le se phahame haholo) ka mahlakoreng. O hopole ho kwala foro hore metsi a se dule a itswela, a ka qetella a hohotse le mobu. Metsi a tla teba butlebutle ka mokoting ka moo bakeng sa ho etsa diphororo.
Bakeng sa ho tjheka, o ka boela wa sebedisa majwe ho ahela diforo ka mathoko. Tiisa lebota ka ho jala meroho le jwanng mahlakoreng a lona hore mobu o se hoholehe, haholoholo o kgethe dimela tse ratang metsi a mangata, tse sa a rateng haholo di be thokwana le lona.
E nkilwe ho:The Landcare Permaculture Booklet, ya bokeletswa ke Michelle Nel; Website: wwwthegardenhelper.com
