sotho.763.yourlifeguide_legal
TSEBA DITOKELO TSA HAO
Kgweding ena re bua ka: ho amohela tumellano
BA NQHEKELLETSE KA MOSEBETSI
Ke ne ke etse kopa ya mosebetsi khampaneng ya dirapa tsa diphoofolo mme ba nkamohela. Ke ne ke amohele mosebetsi oo ka mokgwa wa e-mail. Ha morao ke ne ke hlokomele hore e-mail eo ha e a tsamaya mme ka boela ka e romela.
Ho ne ho bonahale hore e-mail eo e ne e diehe hobane ke ne ke fumane SMS ho tswa ho motsamaise wa Khampane eo a kopa karabo. Ke ne ke mo arabe ka yona SMS ke mmolella hore ke arabile ka e-mail mme ka boela ka amohela mosebetsi oo ka yona SMS.
Jwale ba mpolella hore e-mail ha ba a e fumana mme nke se amohele mosebetsi ka SMS. Ba kentse motho e mong mosebetsing oo.
Nthuse hle, ke kgolwa hore ona ke mosebetsi wa ka.
KELETSO YA HA SCORPION
Ha o a tshwarwa ka nepo ho ya ka molao wa tumellano esitana le wa basebeletsi - o monyetleng wa ho hlola nyewe ya hao.
O ka kopa kapa wa amohela kopo ka ho ngola fatshe kapa yona polelo ya molomo. Ho bobebe ho hlahisa bopaki ba tumellano e ngotsweng fatshe, ho ena le ya molomo. Empa seo ha se bolele hore tumellano ya molomo e fapane ho e ngotsweng fatshe.
Lekgotla la Ditaba tsa Basebetsi le sa tswa botswa hore tumellano e ka etswa na ka SMS. Karabo e bile E, seo se ka etsahala (tabeng ya hao, o ka o amohela mosebetsi) ka SMS. Lekgotla le ne le hatelle taba ya hore hobane molaetsa kapa tokomane e le ka mokgwa wa tegniki, seo ha se fokotse maemo a yona a ho ba molaong.
Molao o bolela hore tumellano e etsahala ha e mong a etsa kopo mme e mong a amohela kopo eo. Ke tsena tse ding tsa dintho tse hlokahalang hore tumellano e be molaong:
O tlameha ho ba dilemo di 21 kapa ho feta mme o be maemong a semolao a ho etsa tumellano.
Ka bobedi le tlameha ho phela hantle kelellong.
Le dumellane ka tjhelete.
Di ka nna tsa eba teng tse ding dintho tse ka hlokahalang, empa tsena di o beha leseding.
Mohato wa pele o ka o nkang, ke ho batla leqwetha le tla ngolla khampane ena. Nyewe ya hao e tla utlwahala haholo ha o ka hlahisa bopaki ba SMS le e-mail o e romeletseng khampane eo.
Menyetla ya hao ya ho hlola nyewe ena e metle, ho molemo o hle o phakise o nke bohato e sa le jwale. [s]
KELETSO YA MOLAO
Boloka ditokomane tsena
Ho molemo ho boloka ditokomane tsa setegniki tseo o di romelang le tseo o di fumaneng, sena ka o thusa moo ho hlokahalang bopaki teng ha ditaba di senyehile. Ho molemo hape ho hatisa melaetsa ya hao ya e-mail pampiring o e boloke hantle.
SETSHWANTSHO KA DIBONTSHI
O e tlisetswa ke ba ha BONA Legal Advice, Box 473014, Parklands, 2121 - o ka fumana monyetla wa mahala wa ho bua le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohaleng kapa dikantorong tsa bona hohle naheng ena.
Re netefaditse hore dikeletso tsohle; tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe
ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa balaodi ba yona le BONA mmoho le baphatlalatsi ba yona, ba ke ke ba rwala boikarabello ha motho a hlotswe ke nyewe hobane a latetse dikeletso tsa rona.
