SOTHO.762.yourman_soccer
E
tseleng!
Confederation Of African Football (CAF)
Mokwetlisi: Joel Santana
Mokapotene: Aaron Mokoena
Makgetlo e bapala Mohopeng wa Lefatshe: 2
Maemo ao e kileng ya a fihlela Mohopeng wa Lefatshe: Mokgahlelo wa pele (1998, 2002)
Nalane Mohopeng wa Confederations:
Mokgahlelo wa pele (1997)
SEHLOPHA sena sa rona se tla mohopeng ona se na le tshepo e kgolo jwalo ka ha ba bangata ba bolela ha se pannwe le dihlopha tse seng thata.
Ho hlokahala bonyane naha ena e fihlele sekamakgaolakgang, e leng se bonahalang se le bobebe dihlopheng tse kang Iraq le New Zealand.
E nngwe taba ke ntlafalo e seng e bonahetse sehlopheng sena dikgweding tse nne ho ya ho tse hlano tse fetileng.
Joel Santana o kgonne ho kopanya dibapadi tsa kwano le tse bapalang matjhabeng mme ho bonahala di bapala hantle di tlohetse maswana.
Ka dibapadi tsena tse nyane ho bonahala Afrika Borwa e se na ho ipabola mohopeng ona wa Confederation feela ka Phupjane, empa le ho wa Lefatshe isao.
YA IPABOTSENG: Teko Modise (Orlando Pirates)
Teko ke yena sebapadi sa Bafana se phakisitseng ho bapala makgetlo a mangata jwalo ka ha a se a bapadile makgetlo a 30 ho tloha ka Motsheanong 2007.
Moshemane enwa ke thatohatsi batshehetsing ba papadi ya bolo naheng ka bophara ka lebaka la bokgoni ba hae ba ho nelehetsa bolo esitana le papadi ya hae e ntle ka kakaretso. Leha a bapala mpeng, empa o se a hlabetse Bafana dintlha tse robedi kaofela.
O dilemo di 26 feela, mme ho se ho se ho kae dinaha tsa Yuropa di mo phamole. Ha a ka bontsha mafolofolo a na a hae mohopeng wa Confederations, ba tla phakisa ho mo nka.
BOLO
AFRIKA BORWA
Mohope wa 2009 FIFA Confederations o a qala ka Phupjane. E re BONA e o hlahlelle hore o shebelle naha e fe. Kgatisong ena re o tlisetsa dinaha tse ho Group A.
NNETE!
Maemo a hodimo a FIFA ao Afrika Borwa e kileng ya a fihlela ke a bo 16 ka Phato 1996 mme ka Pherekgong 2009 re ne re le maemong a bo 74 lefatsheng ka bophara
Asian Football Confederation (AFC)
Mokwetlisi: Ha a yo
Mokapotene: Younis Mahmoud
E bapetse ha kae Mohopeng wa Lefatshe: 1
Maemo ao ba kileng ba a fihlela Mohopeng wa Lefatshe: Mokgahlelo wa pele (1986)
Nalane ya Mohope wa Confederations:
E a qala
LEHA naha ena e aparetswe ke ntwa, empa e kgonne ho hapa mohope wa Asia mme ya kena Mohopeng wa 2009 FIFA Confederations.
Jorvan Viera wa Brazil ya neng a kwetlisa naha ena, o ne a lelekwe hobane a ne a hlolehile ho kenya naha ena Mohopeng wa Gulf. Ho bile ha fihla nako ya kgatiso re so utlwe hore ke mang ya keneng bakeng sa hae.
Leha ho le jwalo, ho bonahala naha ena e ikemiseditse ho qothisana lehlokwa le tsa kantle ho Asia, mme o ka e shebella.
Iraq ha ho bonahale e tla feta mokgahlelong wa bobedi jwalo ka ha e tlameha ho feta ho New Zealand.
E boetse hape e tlameha ho bula tonamente ena le Afrika Borwa mohla la Phupjane 14. Ona ke monyetla oo ka ona Iraq e tlamehang ho bontsha matjhaba bokgoni ba yona bolong.
YA IPABOTSENG: Younis Mahmoud (Al-Gharafa, Qatar)
Mokapotene enwa mahlo a ho yena jwalo ka ha e le yena ya itlhommeng pele ka dintlha. O se a kile a kgethelwa kgau ya Sebapadi sa Selemo makgetlo a mangata mme ha ho fete papadi tse pedi tsa naha mohlabadintlha enwa wa matjhaba a sa hlaba ntlha.
O ne a hlabe dintlha tse nne kgahlano le Bahrain, matsatsinyana ka mora moo, a hlaba tse tharo kgahlano le Malaysia.
Sebapadi sena se dilemo di 25 feela, ho lebeletswe se ipabole mohopeng ona.
Ha a so ka a hlabela naha ntlha kantle ho Asia, empa Iraq ha e atise ho bapalla kantle ho Asia.
IRAQ
NNETE!
Iraq e se e le dilemo tse supileng e sa bapalle lapeng ka lebaka la merusu naheng eo. Dipapadi tsa yona e ne e di bapalla Syria kapa United Arab Emirates
DIPAPADI TSA GROUP A
14/6: Afrika Borwa le Iraq (Joburg)
New Zealand le Spain (Rustenburg)
17/6: Afrika Borwa le New Zealand (Rustenburg)
Spain le Iraq (Bloemfontein)
20/6: Afrika Borwa le Spain (Bloemfontein)
Iraq le New Zealand (Joburg)
Union Of European Football Associations (UEFA)
Mokwetlisi: Vicente del Bosque
Mokapotene: Iker Casillas
Makgetlo e bapala Mohopeng wa Lefatshe: 12
Maemo a hodimo ao e kileng ya a fihlela Mohopeng wa Lefatshe: Quarter-finals (1934, 1986, 1994, 2002)
Nalane Mohopeng wa Confederations:
E a qala
BOMPODI bana ba Yuropa ba a qala ho bapala tonamenteng ena, empa ke tsona dithatohatsi.
Sena ha se makatse jwalo ka ha naha ena e na le dibapadi tse tummeng lefatshe ka bophara.
Dibapadi tse kang Fernando Torres, Xavi Hernandes, Cesc Fabregas, Iker Casillas, Carles Puyol, Sergio Ramos, Xabi Alonso le David Villa ke tse ding tsa dibapadi tse tummeng lefatsheng ka bophara.
Ho kile ha bolelwa ha Spain e ba sehlopha se tshepisang, empa ha di se di ya panteng e phoqe balatedi ka ho kgutla le ntata-selala.
Seo se ne se fetohe ka 2008 jwalo ka ha dibapadi tsena di lebeletse tse ntle feela mokwetlisng e motjha Vicente del Bosque, ya keneng dieteng tsa Luis Aragonés ya hapileng Bompodi ba Yuropa.
YA IPABOTSENG: Fernando Torres (Liverpool, Englane)
Torres ke forose e hlontjhwang lefatsheng ka bophara mme o ne a qale a batla ho ba sethibathibane empa a qetella e le forose.
O ne a qale bolo ya profeshenale ho Atletico Madrid a le dilemo di 17 mme a qala ho bapalla Spain a le dilemo di 19.
O ne a hlabe ntlha ya tlholo kgahlano le Jeremane ho makgaolakgang a Bompodi ba Yuropa, ntlha e kentseng Spain ho 2009 FIFA Confederations Cup.
SPAIN
NNETE!
Dintlha tse ngata
tseo Spain e kileng ya
hapa ka tsona ke
13-0 e ripitla Bulgaria
ka 1933.
Oceania Football Confederation (OFC)
Mokwetlisi: Ricki Herbert
Mokapotene: Ryan Nelson
Makgetlo e bapala Mohopeng wa Lefatshe: 1
Maemo ao ba kileng ba a fihlela Mohopeng wa Lefatshe: Mokgahlelo wa pele (1982)
Nalane mohopeng wa Confederations:
Mokgahlelong wa pele (1999)
Mokgahlelong wa pele (2003)
BOLO ha se papadi e pele New Zealand - liki ya naha ena ha e so be ya profeshenale ka ho feletseng mme dibapadi tsa teng di ntse di iketsetsa e meng mesebetsi ntle le bolo.
Leha ho le jwalo, di teng dibapadi tse mmalwa tse bapalang dinaheng tse kang Englane, Greece, Finland le Amerika mme e tla be e le lekgetlo la boraro naha ena e bapala mohopeng wa Confederations.
Naha ena e bonahala e le bothateng, Iraq ke yona e bonahalang e na le monyetla tonamenteng ena.
(Dinaha tsena di kile tsa kopana makgetlo a mabedi mme New Zealand ya hlolwa papading tseo ka bobedi ka, 4-0 le 2-0 ka 1973.)
YA IPABOTSENG: Ryan Nelson (Blackburn Rovers, England)
Sena ke sebapadi se tsejwang sa New Zealand mme mohlankana enwa ya dilemo di 31 o bapala morao le Aaron Mokoena ho Blackburn Rovers.
Nelson ke e mong wa dibapadi tse tshetjwang haholo ke Ricki Herbert mme o dutse a rapella hore sebapadi sena se se ke sa lemala jwalo ka ha se ne se dule nako e telele se sa bapale ka lebaka la ho lemala. [s]
Pale: Mark Gleeson
Ditshwantsho: Gallo
NEW ZEALAND
NNETE!
Leha New Zealand e kene tonamenteng ya 2009 FIFA Confederations, empa e ile ya tshelwa ka lehlatso la 2-0 ke Fiji dipapading tsa yona
