sotho.761.streetkids
pale ka GRACE KHUZWAYO
RE NA LE maikutlo a fapaneng ka bana ba mebileng. Bang ba ba nka e le kgathatso feela ka pela mahlo a bona - athe ba bang ba ba utlwela bohloko. Athe ba bang ba iphapanya bona ekare ha ba tsebe hore ho na le batho ba mofuta o jwalo lefatsheng leo ba phelang ho lona.
Nnete ke hore ha re tswelapele ho iphapanyetsa bana bana, ba tla ata ka ho fetisisa mebileng ya habo rona mme ba tla ba kotsi haholo, e seng ho bona ba le bang empa le setjhabeng ka kakaretso.
Lucia Shange, mohokahanyi wa mokgatlo wa KZN wa I Care, o shebaneng le ditlhoko tsa bana ba mebileng, o tseba hantle se lelekileng bana bana malapeng.
Le yena o ne a lahwe a sa le monyenyane, a hola ka thata mebileng pele a etsa qeto ya ho tjhentjha bophelo ba hae. O rata ho thusa bana ba mebileng le ho ba tataisa hore ba ikahele bokamoso bo botle.
"Le nna ke ne ke thuswe ke ba bang hore ke be ke fihlelle maemong ao ke leng ho ona kajeno mme ke bona le nna ho fihlile nako ya hore ke thuse ba bang," ho bolela yena. "Ke ne ke le ke moithaopi lehaeng la bana ba lahlilweng mane Thekong. Ka 2002 ka nehwa mosebetsi wa ho ba mohokahanyi mokgatlong ona wa I Care."
Palo e a nyoloha
Ho tloha ka nako eo, palo ya bana ba mebileng e nyoloha ho tshosang.
"A mangata mabaka a etsang sena. A mang a ona ke palo e kgolo ya dikgutsana tseo batswadi ba ona ba bolawang ke EITSI, tlhekefetso malapeng le bofutsana," ho bolela Shange.
"Hape setjhaba se hloka ho rutwa hore se se fe bana bana ba mebileng tjhelete kapa tsona dijo."
Leha ho utlwahala ekare ke bokgopo empa ke a mang a mabaka a ba kgothalletsa ho tswelapele le ho dula mebileng ho ena le ho dula malapeng kapa mahaeng a dikgutsana hobane ba kgona ho iphumanela tjhelete ka bonolo ha ba iphetola bakopi.
"Ha o ba neha, selae sa bohobe bo sa tlotswang, leqa la nama le ditjhips, kaofela ba tla lata nama feela!" ho bolela Shange.
"Ha ba nahane letho ka bokamoso empa ntho e bohloko feela ke hore bana bana ba shwella mebileng moo. Ba pheha hara tlhekefetso, bonokwane, dithethefatsi, bohlola - le tsohle tse mpe tseo o ka nahanang ka tsona.
"Hang ha ba fetoha makgoba a dithethefatsi, ba ka bolaya motho moo ba batlang botlolo feela ya sekgorametsi.
"Ke mme wa ngwana ya dilemo di 13 mme nako le nako ha ke fihla lapeng la ka ke a hlomoha ke ipotse hore ebe ba jwang ke serame, ha ho bata - mebileng moo ba tjametsweng ke lefu nako le nako.
"Ke lakatsa ekare nka ba nka kaofela ke ba ise sebakeng se bolokehileng, moo ba tla futhumala."
Mokgwa o mong
Mekgatlo e hlokomelang bana ba mebileng ha e a dumellwa ho ba tlosa moo ka kgang leha e le hore ba a lematsana - athe le mapolesa a ka ba tlosa moo ha feela ba se ba tlotse molao.
"Leha ba ka tloswa moo ka kgang, bongata ba bona ere ho dikela le hlahlamang ba be ba kgutletse teng hape," ho hlalosa Shange. "Ka hoo ke boikarabello ba mekgatlo e kang I Care ho ba neha monyetla o mong hape."
O ya dibakeng tse ding tsa Thekong tse kotsikotsi moo a batlang ho ya bua le bana bana ho fihlela ba mo tlwaela mme ba mo tshepa.
Ba bang ba bona e se e le metswalle ya hae mme ba bangata ba mo nka e le mohlala le mohale wa bona wa sebele. "Hape re lokela ho seolla basadi bana ba ntshang bana ba bona hore ba lo ba bakopi. Basadi ba bang ba be ba kadime bana hobane feela ba batla ho etsa hore batho ba ba hauhele. Ba bang ba pepa le dikatana ba etse eka ke bana hore ba fetang ka tsela ba ba utlwele bohloko! Ke ka hona mekgatlo e kang ona wa I Care o qalang ho fuputsa sesosa sa mathata pele."
Dikopano
I Care e sebetsa mmoho le FAMSA (Family And Marriage Society Of South Africa) le Lefapha la tsa Toka ho hlophisa dikopano tsa ka moo ba ka kgutlisetsang bana bana ba mebileng setjhabeng. I Care e se e thusitse ba bangata mme kajeno ba ikahela bokamoso bo botle. Ba bang ba isitswe malapeng a mang mme ba kena sekolo ba pasa hantle athe ba bang ba kena le diyunivesithi.
Ba bang ba bana ba holetseng mebileng jwalo ka Sthembiso Ngcobo, ba thusa haholo.
Ke mohlokomedi wa lehae le leng la I Care. "Ha ke ba patele hore ke tswa kae," ho bolela yena. "Bana bana ba ya ntlhonepha hobane ba a tseba hore ke tseba seo ke buang ka sona le nna ke tswa teng. Ba bang ba bangata ba batla ho tswa mebileng mme ba phele bophelo bo tlwaelehileng, ba ikahele bokamoso bo botle.." [s]
Re tlosa batjha mebileng
BONA SESOTHO - October 2007
Hobaneng re sa lokela ho ba fa dijo le tjhelete...
Maemo a a mpefala!
Dipalopalo di bontshitse hore ho na le dikgutsana tse dimilione tse 1,2 tse dilemo di ka tlase ho 18 tseo batswadi ba bolailweng ke EITSI Afrika Borwa. Ho dumelwa hor epaleo ena e tla nyoloha ho fihlella dimilioneng tse 1,7 ho ya ho 2010.
KA HODIMO: Lucia Shange o ne a lokele ho etela bana bana ba mebileng ka makgetlo pele ba ka qala ho mo tshepa.
E NYENYANE HO LE LETSHEHADI: Lucia Shange le Sthembiso Ngcobo ba I Care le lesea le leng leo ba sa tswa le nka ho mmalona ya dulang mebileng.
Mathata a jele setsi
BONA SESOTHO - October 2007
u
t
Bongata ba bona bo batla ho tjhentjha bophelo
Tsa I CARE
I Care e ikemiseditse ho kgothaletsa setjhaba hore se ithute letho ka bana ba mebileng.
"Motho ohle o na le seabo sa bohlokwa seo a ka se nkang ho thusa batjha bana ba holelang mebileng," ho bolela Christy McConnell, mohokahanyi wa I Care.
"Ha setjhaba se ka tswelapele ho iphapanya mathata ana, a tla mpefala ho feta mona. Re etsa boipiletso setjhabeng hore se tlohele ho fa bana ba mebileng tjhelete, empa motho ha a batla ho thusa, a nehele mokgatlong ofe kapa ofe o thusang bana ba mebileng - o ba nehang menyetla ya hore ba tswe mebileng bakeng sa ho ba fa dijo tsa letsatsi feela."
I Care e thehilwe ka 2002, ke mokgatlo o sa etseng phaello o bokelletsang tjhelete ho thusa bana ba mebileng le ho hlokomedisa setjaba ka ditlhoko tsa sona, ho ba batlela mahae, ho ba lefella dithuto le ho ba ruta bokgoni ba mosebetsi.
Bakeng sa ditlhalosetso tse ding, o ka kena ho Website ya I Care ho www.icare.co.za; kapa o letsetse: 0861-470-047.
BONA SESOTHO - October 2007
Lefu ka botlolong
Sekgorametsi ke sona sethethefatsi se tlwaelehileng haholo baneng ba mebileng ya Afrika Borwa mme ba bile ba fetoha makgoba a sona.
Ba se tshela dibotlolong tsa seno tsa polastiki mme ba se hule ka molomo. Ba tsuba sekgorametsi sena mme se ba tahe, dikelello di se ke tsa sebetsa hantle.
Ho tsuba sekgorametsi ho ka nna ha holofatsa kelello.
Ha ba tahilwe motho, a ka nna a ba bohale mme a be sebete se makatsang hoo a sa boneng leha bophelo ba hae bo se bo le kotsing - le ka pela koloi a ka itahlela.
