sotho.757.sama
Mohlodi ke...
MMINO WA AFRIKA BORWA!
Dikgau tsa Mmino tsa SA ha di nkelwe hodimo Afrika feela ho TV empa di tla boela hape di re kenye le mmapeng wa dinaledi tsa lefatshe. Re shebisisa mokete ona wa mabenyane wa selemong sena...
PALE DOUG GORDON
ZONKE, Malaika, Loyiso, Camagwini, Freshlyground, Ladysmith Black Mambazo. Dikgau tsa Mmino tsa SA ha di a tjhese kontinenteng ena feela, empa di bulela dibini tsa rona menyetla ya ho kena matjhabeng.
"Dinaledi tsa rona di ballwa hara tsa matjhaba kajeno," o boletse jwalo e mong wa bahlophise ba mokete ona. "SAMA e ba bulela menyako ya ho totobatsa bokgoni ba bona ho batshehetsi."
Selemong sena ho lebelletswe mokete wa setletle o fetang le dilemong - mane Sun City, o tla bontshwa ho SABC 1 bosiung ba Moqebelo wa la 3 Motsheanong.
Motsamaise wa lenaneo, Kabelo o ikemiseditse le selemong sena jwalo ka ha a ne a bone a tjhentjha diaparo bakeng sa pina ka nngwe selemong se fetileng.
"Ke tlasa kgatello," ho bolela Kabelo. "Mokete wa selemo se fetileng o ne o le maemong a hodimo haholo! Modimo o na le nna hobane ke sebetsa le batho ba hlwahlwa. Ba lokelwa ke tlotla."
Bosiung boo o tla be a le maphathephathe haholo le ho feta dilemong kaha le albamo ya hae, Blow Your Mind, e kgethilwe dikarolong tse hlano tsa SAMA tse kenyeletsang le Best R&B le Best Video.
Naledi ena ya kwaito e tla lokela ho tela sekola sa setlabotjha, ha se nkwa ke mabotle, Zonke, eo albamo ya hae ya pele, Life, Love 'n Music, e kgethilweng dikarolong tse tharo tse pele: Album Of The Year, Best Female Vocalist le Best Urban Pop Album.
O kile a bonwa sehlopheng sa Thebe, pineng e bitswang, Groover's Prayer. Oskido o ne a mo kope ho kwala sekgeo sa Thandiswa meketeng ya Bongo Maffin selemong se fetileng.
Zonke o ne a qeaqea ho fihlela Stoan le Jah Seed ba mo hatella.
"Ha ho bonolo ho kena dieteng tsa mokaubere," o boleletse BONA. "Eitse ha ke bina mme letshwele le sa halefe, ka bona hore ke e otlile botsekeng mme ka bona hore jwale ke nako ya hore ke hlahise albamo ya ka."
Zonke o khampaneng e laolwang ke Stacey Gule - o na le dinaledi tse kang Malaika le Rebecca Malope.
Stacey o tseba hantle ka moo dikgau tsa SAMA di leng bohlokwa ka teng ha o batla ho beha naledi e ntjha mmapeng wa lefatshe.
"Zonke a tsebiswa dimilioneng tsa babohi ba TV," ho bolela yena.
"Mekgatlo ya ntshetsopele hohle Afrika e tla be e shebile mokete ona wa SAMA e batla ho bona naledi ya Afrika Borwa eo ba ka e hlophisetsang ho ya bina dinaheng tsa habo bona.
"Zonke ke se seng sa dibini tse hlwahlwa haholo tse sa leng ntjha mme hape o motle. Ha ke na pelaelo hore o tla bitswa ka mahohle."
Stacey haufinyane o ne a isitse Malaika ho la Australia le Zambia, athe Rebecca o ne a le Côte d'Ivoire.
"O sebetsa ka thata, empa ha sebini se bitswa ka hohle ha ho ka moo re ka iphapanyang," ho bolela yena.
Kwana Botjhabela bo Hole, dinaledi tsa rona di sielana sebaya le tse pele tsa Amerika. Malaika e ne e rekise dikhopi tse ka hodimo ho tse 700 000 tsa Sekunjalo, mme jwale o kgethetswe karolo ya Best Group le Best African Pop Album dikgaung tsa SAMA.
Ditantshi tsa hae di ne di ratwe haholo moketeng wa SAMA wa 2006.Freshlyground, o karolong ya Best African Group ke MTV Europe athe ka albamo ya hae e ntjha, Ma'Cherie, o kgethilwe dikarolong tse tsheletseng - Album Of The Year, Best Group, Best Adult Contemporary Album In English, Best Video (Pot Belly) le Best Producer le Best Engineer.
Batshehetsi ba pele ba bileng ba hlonetjhwang haholo, ba tla be ba amohela dinaledi mane Superbowl, ba di tsamaisa hodima khapethe e tshehla, e ekantsweng ka bokgabene, ho bontsha Afrika hore mokete ona wa bo 14 wa MTN SAMA, o maemong a hodimo hantle jwalo ka wa dikgau tsa Grammy. [s]
MMINOWAPOP
u
Ditlabotjha tse tjhesang
Hobaneng o lokela ho bona Camagwini
Ditoro di a phethahaha fatsheng la boithabiso. Sheba feela ka moo Camagwini wa Port Elizabeth a nyolohetseng maemong a hodimo ka teng moketeng wa dikgau tsa selemong sena tsa SAMA.
O ne a sa bine le sekolong. Mabotle enwa ha a fihla Joburg, o ne a sebetsa bosiu le motsheare, a ithuta mmino.
Naledi ena e ne e ingolle mmino wa albamo ya yona ya pele, Zivile, a bina le dibini tsa jazz le tsa orchestral tse pele.
Ka mora moo a hahlaula lehlabula kaofela - o kene karolong ya Best Newcomer le Best Adult Contemporary Album.
"Ha ke tshabe mosebetsi," ho bolela yena. "Empa ke tshositswe ke ho kgethelwa dikgau tse pedi tsa bohlokwa hakana.
"Ke tshaba le ho hlahella ho TV ke ena le dibini tse pele tseo e leng mehlala ho nna." Mohlahise wa hae, Native Rhythms' Malambule, o na le tshepo e tiileng ya hore o tla atleha.
Camagwini karolong ya hae o qothisana lehlokwa le dikakapa tse kang Thandiswa, Simphiwe Dana le Siphokazi. Sebini sena se bileng se tsebang le ho ingolla dipina haesale se hlahella dikgaung tsa SAMA ho tloha dilemong tse hlano tse fetileng, empa a tsejwa ka feshene, a qothisana lehlokwa le diakanyi tse pele tse kang Sun Goddess le David Tlale.
Camagwini ya bolelele ba 1,78m o shebehala jwalo ka sebontshi sa matjhaba empa matjhabeng, ho bonahala a tla ya kena ka mmino.
O tla be a bina London ka Phupu a ena le Siphokazi, empa Imvume, pina ya pele albamong ena ya hae, yona o bona hore moketeng ona wa SAMA e tla mo tlisetsa dintho tse kgolo.
"Ke tla etsa sohle ka bokgabane bosiung boo," ho bolela yena. "Ke tla bina ka boinehelo. Diakanyi tse pele di ntetsetsa mehala, ke a di bolella hore ke tla be ke le pabala sebayeng mohla monene."
t
NENG LE HONA KAE
Sun City, ka Moqebelo bosiu, mohla la 3 Motsheanong, o tla be o bontshwa ho SABC 1.
Tshwaro e ntle...
... ya batshehetsi ba mmino wa serabe
Mmaraka o moholo wa mmino wa serabe o na le dithatohatsi tse ntjha, o ka bona ka thekiso ya albamo e ntjha ya Shwi Nomtekala ya dikhopi tse 500 000. Selemong sena Thokozani Langa, eo albamo ya hae, Phuma Kimi e tswang pele karolong ya Best Mgxobanyawo dikgaung tsa SAMA e rekisitse dikhopi tse 70 000.
Big Boy Mlangeni, wa Bula Music e rekisang dipina tsa Shwi Nomtekhala le tsa Thokozani, ba thabetse monyetla ona o ba o nehwang ke ba ha TV, dikgaung tsa SAMA.
"Dibini tsa rona di dutse di le tseleng, di hahlaula ho ya binela batshehetsi ba tsona, mme ha di atise ho hlahella ho TV ntle ho mananeong a mmalwa a kang la Roots," ho bolela yena. "Sena se tla thabisa haholo batshehetsi ba bangata ba mmino ona wa serabe."
