sotho.748.BEC recipes-tips
Illovo Banana Pudding
E MENGATA mekgwa e ka o bolokang o le motjheng ka seo o batlang ho se fihlela bophelong. Ho etsa lethathama la tse bohlokwa ho wena mme o be le botshepehi, ke e meng ya mehato e ka o thusang hore o tswelepele o fihlele seo e leng kgale o se labalabela. Tsena ke Diteko tsa Katleho ya Hao!
Iphe nakwana o nahana ka tse bohlokwa haholo ho wena lefatsheng. Ngola lethathama la tsona, o di hlahlamanya ka bohlokwa ba tsona. Ha o qeta, kgetha tsa bohlokwahlokwa.
Jwalo ka:
Modimo
Nna (mmele, moya, kelello, maikutlo)
Molekane wa ka/moratuwa
Bana
Ba lelapa le metswalle
Diphoofotswana tsa lapeng.
Ngola seo o lokelang ho se etsa e le hore o dule o tshepahala dinthong tsena tsa bohlokwa ho wena.
Ha re etsa mohlala:
Modimo - aha dikamano tse ntle le Ona ka ho etsa dintho tse lokilweng, jwalo ka ho rarolla mathata ho ena le ho a baka, thusa batho, o tshware ba bang ka moo le wena o ka thabelang ho tshwarwa ka teng; imamele, o iphe nako ya ho rapela, o lebohe sohle seo O o etseditseng sona esitana le diphephetso tse o thusang hore o hole kelellong mme o ithute dintho tsa bohlokwa.
Nna - Mmele - Etsa matsapa ohle a ho o boloka o phetse hantle le kelellong. Dula o kwenne, o hlokomele le boima ba mmele wa hao, o robale ho lekana, o pheme dithethefatsi le jwala, o tlohele le mekgwa e meng yohle e ka nnang ya senya bophelo ba hao.
Moya - Eba le dikamano tse ntle le Modimo wa hao, rapela, o be le lerato, o leke ho etsa mosebetsi o itseng wa bonono letsatsi le letsatsi; o rate le dintho tsa tlhaho
Kelello - Dula o ena le maikutlo a matle; batla tharollo ya mathata le diphephetso tseo o tobaneng le tsona; dula o ikgopotsa seo o batlang ho se fihlela nako le nako, tlwaetsa kelello ho se lebale dintho.
Maikutlo - Tshepahala ho seo o dumelang ho sona, nesa maikutlo a hao; hlola letswalo, amohela ho ratwa le wena o be le lerato; ithate; ikamohele o le sena seo o leng sona, ithute ho tshwarela ba bang ka bofokodi ba bona mme o tswele pele le bophelo.
Bana - Ho ba ruta ka Modimo le ho ba le boitshwaro bo botle, ho ka o thusa hape o ba rate ba le seo ba leng sona, o ba kgothalletse ho hlahisa bokgoni ba bona mme o se ke wa lebella hore ba tshwane le mang kapa mang, ba rute ho ba le boikarabello, ba be le mamello mme ba tsebe ho buisana hantle le batho ba bang.
Ba leloko le metswalle - Se ba lebale, rarolla dikgohlahano hang ha di hlaha, ba kgothalletse boitshwaro bo botle; botshepehi; tshwarelano le ho thusana ha ho hlokahala; le tshehetsane ka dinako tsa mathata; le keteke mmoho; le hopotsane ka matsatsi a tswalo le diketsahalo tse ding tsa bohlokwa ka lapeng.
Diphoofotswana - Di rate, o thabele boteng ba tsona ka lapeng; o shebisise le ditlhoko tsa tsona, o di hlokomele ka tshwanelo hore di dule di phetse hantle, di futhumetse di bile di thabile.
Mohlomong tsena tsohle ha se tseo o nang le tsona. Ntle ho moo, o tla hlokomela hore dintho tseo o nang le tsona jwalo ka tjhelete, ha di a balwa mona.
Ela hloko: Diteko tsa Hao tsa Katleho ke tseo e ka bang motheo wa katleho ya hao. Hang ha o itlhokomela hore o etsa phoso e sa tlo ntlafatsa dikamano tsa hao le batho ba bang, nka bohato ba ho e lokisa di tloha feela. O tla atleha mme o dule o thabile.
Ditlhalosetso tsena di fumaneha ho: Laura Silva Quesada. [s]
E etsa tse 36
Disebediswa
n 2/3 kopi margarine
n 2/3 kopi tswekere ya Illovo
n 2 mahe
n 1 kgabana vanilla extract
n 1/2 kgabana baking powder
n 1/2 kgabana letswai
n 1 box instant banana pudding
n 2 1/2 kopi folouru
Mokgwa
1. Kgoba margarine le tswekere ho fihlela di eba bonolo. Kgoba mahe ka bonngwe.
2. Tshela vanilla, baking powder le letswai. Tshela le pudding.
3. Kopanya dikopi tse 2 tsa folouru o eketse le 1/2 ya kopi ha o rata.
Kwaela o boloke ka sehatsetsing dihora tse 2 kapa bosiu kaofela.
4. Qala ka ho futhumetsa onto ka 180oC. Bopa hlama dibolwana, o di behe ka hara baking sheet e tlotsitsweng ka mafura, o di arole ka 6cm dipakeng. Di etse hore di be sephara ka fereko mme o bake metsotso e 8 kapa ho fihlela di eba soothwana ba kgauta.
BONA SESOTHO - August 2006
BONA - August 2005
