sotho.745.filler
Ka moo o ka...
Alafang ho tjha ka teng
KOTSI ya mollo o bakwang ke parafine, dikhemikhale le motlakase, ekaba ka maemo a sa tshwaneng. Motho a ka lemala kapa a shwe. Ho tjha ho bobebe ke ha motho a tlabohile letlalo feela, empa ho tjha ho matla ke ha letlalo le tjhele kaofela ha lona.
Ha o tlabohile, kapa o tjhele hanyane feela, ntsha mabenyane kapa tsona diaparo tse o tiisang pele ho ruruha. Ha ho kgonahala, itshele ka metsi a phodileng moo o tjheleng. Beha ntho e batang metsotso e ka bang 20 ho leka ho kokobetsa ho ruruha le mahloko. E tlose, o eme metsotso e leshome mme o boele o e busetse hape.
Ha o tswa matjhatjhetsi, se ke wa a phunya hobane a ka bakeletsa tshwaetso. Haeba a iphunyehela ka boona, itlhatswe ka sesepa le metsi a hlwekileng mme o itlotse ka moriana o bolayang dikokwanahloko, o itlame. Tjhentjha masela ao kgafetsa mme ha o bona ho se bobetere, o bonane le ngaka kapa o ye tliliniking.
Haeba o tjhesitswe ke khemikhale mahlong, se tatasele, hlatswa mahlo ka metsi a futhumetseng metsotso e ka bang 15 ho ya ho e 30. Sheba mehato ya thuso ya pele pakaneng ya khemikhale eo. O ka hlobodisa eo ya tjheleng diaparo hobane ho ka etsahala e be di thuntheditswe ke yona.
Beha ntho mahlong mme o ise motho eo ngakeng kapa sepetlele.
Ho tjheswa ke motlakase hona ho hloka ngaka.
O ka tima motho ya tjhang ka hore o mo apese ka kobo mme o mo petikise fatshe.
Ha o mo tima ka metsi, se ka a betsa, mo tshele hantle ka ona.
Mo hlobodise ha ho hlokahala, o tlohele tse kgorametseng mmeleng. Bonana le ngaka hanghang.
Se natse bobe ba ho tjha, isa lehlatsipa leo ngakeng hanghang. [s]
BONA SESOTHO - August 2007
Kamehla re kopana le mathata a ho tjha ka lapeng, empa he potso e kgolo ke hore re lwantshana le hona jwang"
Se!
u ...behe leqhwa
letlalong hobane le ka
lematsa letlalo haholo.
u ...tlotse botoro maqebeng a ho tjha. Ho etsa jwalo ho a silafatsa.
u ...behe kapa o kwahele leqeba la ho tjha ka ntho e
bobebe jwalo ka
boyanatshwele hobane
e tla manama.
BONA - August 2007
