sotho.742.diabetes
Ho lapa kgafetsa e ka nna ya eba letshwao la lefu la tswekere mme batswadi ba tlameha ho hlokomela sena.
Ho hola le lefu la tswekere
Lefu la tswekere ke lefu le hlokang tlhokomelo e ikgethang. Empa seo ha se bolele hore ngwanahao a ke ke a kgona ho tswelapele le bophelo ba hae jwalo ka tlwaelo...
e bokeleditswe ke PRIMROSE WILLIAMS
ditshwantsho ka GREAT STOCK!
OMPHILE o ne a bonahale hore o na le lefu la tswekere a le dilemo di hlano feela. Pele ho fumaneha sena, o ne a dutse a nyorwa, a eya ntlwaneng kgafetsa. Mmae o ne ngongorehiswa ke ho nyorwa hona ha hae mme a qetella a mo isitse tliliniking moo ba neng ba mmolelle hore o na le lefu la tswekere.
Batswadi ba hae ba ne ba kgathatsehe ha ba qala ho utlwa sena, empa ka mora nako, ba hlokomela hore ba tlameha ho amohela maemo ao, ba tsebe ho tobana le mathata ana.
Le bana ba tshwarwa ke lefu la tswekere
"Batswadi ba bangata ba a tshoha, ba makale ha ba qala ho utlwa hore bana ba bona ba na le lefu la tswekere. Bongata ba bona bo dumela hore lena ke lefu la batho ba baholo mme le ke ke la tshwara bana," ho rialo setsebi sa lefu la tswekere baneng.
"Bana ba tswarwa ke le bitswang Type 1 Diabetes - e leng se bolelang hore lebete la bona ha le kgone ho ntsha insulin.
"Bohlokwa ba Insulin mmeleng ke ho thusa mmele ka di-carbohydrates, mafura le di-protein mme ha di le siyo, tekanyetso ya tswekere mmeleng e a nyoloha.
"Tswekere e hodimo mading e ka etsa kelello e se sebetse ka nepo athe lehlatsipa le ka nna la shwa ke lefu lena."
Ke afe matshwao a lona"
Ha e sa qala baneng e ka hlahella e le mokgohlane, e re ha nako e ntse e tsamaya, ngwana a kule, a rote le hona ho nyorwa kgafetsa. A ka rotela tlung, a lape, a theohe mmeleng kapa a none, a se bone hantle, a kgathale, ha a lemetse maqeba a se fole ka potlako, a nyekelwe ke pelo kapa a hlatse.
Thusa ngwanahao ho phela le lefu lena
Ho ba le ngwana ya nang le lefu la tswekere lapeng ho beha batswadi tlasa kgatello hobane ba ipona ba sa kgone ho mo thusa. Ho utlwisisa dikarolo tse fapafapaneng tsa lefu lena ho hlokahala hore motho a be le mamello mme sena se ka tswela ngwana le lelapa molemo. Ha nako e ntse e tsamaya, ho tla tlwaeleha, letswalo le kokobele.
Sena se tla thusa ngwana hore a phakisa ho tlwaela le hona ho amohela maemo mme a tsebe ho laola tswekere eo ho fihlela boholong.
Tswekere ngwaneng wa sekolo
Bana ba nang le lefu la tswekere ba hloka tlhokomelo e ikgethang haholoholo haeba ba sa le banyane. Pele a kena sekolong, ikopanye le mosuwehlooho le titjhere ya hae di tloha feela, o ba hlalosetse maemo a ngwana a bophelo le tlhokomelo ya hae.
O ka ngola dinako tseo ngwana a tlamehang ho ja ka tsona esitana le matshwao ao ho bonahalang ka ona ha tswekere e nyolohile kapa e theohile le hore ha mathata a le teng, a ka thuswa jwang. Netefatsa hore lenaneo leo le dula haufi le tafole ya titjhere e le hore ha a tjhentjhana le e mong a tsebe ho e bona.
Ikopanye le titjhere efe kapa efe e tla ruta ngwana eo hore o e tsebise ka maemo a hae.
Ngwana ya nang le lefu la tswekere a ka bapala papadi leha e le efe ha feela a hlokomela dinako tsa dijo.
Ho molemo hore ngwana a kenye lesale le hlalosang lefu la hae letsohong. Ha ho etsahala a hlahelwa ke kotsi, a sa kgoneng ho hlalosa maemo a hae, lesale lena le tla thusa.
Kalafo ya lefu la tswekere ngwaneng
Ka lehlohonolo, mekgwa e tswetseng pele ya ho alafa lefu la tswekere e bebofatsa taolo ya lona.
Mekgweng ya ho hlokomela lefu lena baneng re ka bala, insulin therapy, ho hlahloba maemo a tswekere, ho ja dijo tse phepo esitana le ho ikwetlisa.
Ho laola maemo a tswekere mmeleng ke mosebetsi o bohlokwa haholo molemong wa bophelo ba ngwanahao. Haeba ngwana a laola maemo a tswekere ya hae hantle, a ka iphelela bophelo bo tlwaelehileng, mme a se atise ho kgathatswa ke bophelo.
Ho ya ngakeng kapa ho ya buisana le baoki ba tliliniking ke ntho ya bohlokwa molemong wa ho laola maemo a tswekere ya ngwana hore a dule a nepahetse hantle.
Ho phela le tswekere
Ngwana o phela le lefu la tswekere mmeleng nako e telele ho fetwa batho bao le ba hlaselang ba se ba le baholo. Sena se bolela hore ho ba le lefu lena nako e telele mmeleng, ho mpefatsa maemo a lona.
Haeba maemo a tswekere a sa laolwe ka nepo, e ka baka mathata dithong tse ngata tsa mmele.
Bana ba holang ba na le lefu la tswekere, ba kotsing ya ho ba le mathata a kang a lefu la pelo, diphio, methapo haholoholo e lebang maotong e ka bakang hore a qetelle a ponngwe leoto, a be le mathata a marenene, meno esitana le hona ho foufala.
Leha mathata a sa atise ho iponahatsa ho fihlela motho a fihla boholong, empa mathata dikarolong tse kang methapong ya madi le dithong tse ding, a ka qala pele ngwana a fihla boholong haeba maemo a tswekere a sa laolwe ka nepo. Tswekere e baka le mathata boimaneng - moimana a qetelle a belehile lesea le holofetseng.[s]
Ha le alafehe, empa le a laoleha
BONA SESOTHO - November 2005
u
u
BONA SESOTHO - November 2005
Ho hola le lefu la tswekere
