SOTHO.735.people
Ke eo phephetso!
BONA SESOTHO - September 2007
batho, dibaka le diketsahalo
Ebe o tla tshehetsa sehlopha sefe selemong se"
KE Lewis Gordon Pugh, ya tummeng ka la "Human Polar Bear." O rata ho sesa metsing a leqhwa- ha a bata o re a betere! - mme o sa tswa hlahella hara letshwele ka ho ba motho wa pele wa ho sesa nako e telele mane North Pole.
O kgona jwang bathong ka metsing a batang po, a leqhwa" Ho bonolo - o kgona ho nyolla motjheso wa mmele wa hae, o thuswa ke seo feela...
Se mo nke e le 'motho feela'
Arthur ke mohlodi - hape
Arthur Mafokate o hlonephilwe moketeng wa Dikgau tsa Work Golden Circle o neng o le Joburg. Ho ne ho ketekwa katleho ya batjha mme Arthur (le letshehadi) a hapa kgau ka nehelo ya hae mminong wa kwaito...
... ha 3Sum (le letona) a e hapile ka sehlopha sa hae sa maemo.
TLHODISANO YA Vodacom Challenge ya selemo e bapallwang ke Kaizer Chiefs, Orlando Pirates le sehlopha sa Englane se liking ya premia sa Tottenham Hotspurs e sa tswa bulwa semmuso Lebaleng sa ABSA le Thekong.
Selemong sena tlhodisano ena e ne e sebediseditswe ho bapatsa leano la Asiphephe leo maikemisetso a lona e leng ho ntshetsapele polokeho ya ditaaso mebileng.
Hape jwalo ka ha e se e le tlwaelo, dihlopha tse bapalang ditlhodisanong tsena tse etellang maqalo a selemo sa bolo pele di fumana monyetla wa ho hlahisa ditlabolane tsa tsona tse ntjha tsa selemo.
- Dumisani Ntshentshe
u
Tjhelete,
Tjhelete, TJHELETE
Baokamedi ba ne ba hlanya mane Japan matsatsing ana ka mora hore setjhaba se makatswe ke ho fumana diphuthelwana tse nang le R700 matlwaneng a setjhaba hohle naheng eo. Ho fihlella jwale, e se e le tjhelete e fihlellang ho R106 000 eo ho seng ho fanwe ka yona ka mokgwa ona. Sephuthelwana ka seng se ne se tsamaisana le mongolo o reng, "Ka kopo sebedisetsa tjhelete eo molemong wa hao."
BONA - August 2007
batho, dibaka le diketsahalo
t
O TLA E RATA
u Scooters Pizza e hlahisitse Bucket O' Pizza. Ke tatso e ntjha e mefuta e robong ya di-pizza tse kenyeletsang le tse babang, tse metswako e monate mmoho le Cheddar cheese ka hodimo. Monate o mokalo!
Maqhubu a lewatle, Soweto"
HO KETEKA ho thwasa ha lehlabula lewatle, ho se ho fihlela le Letamong la Power Park le Orlando, hona teng Soweto.
Lepetjo la selemong sena la Moketjana wa Lewatle la Soweto ke le reng "Beach Bling Soweto Style." Ho tla be ho tletse batho ba batle, ho jewa ha monate, ho bile ho qhomiswa le dikrikete, barati ba meketjane ba tla tjeka ba thabetse mmino wa Bricks, Kabelo le Malaika.
Ho tla ketekwa matsatsi a mabedi kaofela - Moqebelo, Loetse 29, le Sontaha, Loetse 30. Ditekete ke R75/motho ka Moqebelo, e be R50/motho ka Sontaha.
' BAKENG SA DITLHALOSETSO TSE DING:
etela ho Website www.minanawe.co.za, kapa o letsetse ho: 011-704-6257.
KE EO MEHLOLO...
Nkwe e dikgwedi di hlano e kooetsa ledinyane la api le matsatsi a 26 feela e tswetswe. Ba re ke ya mofuta wa Sumatran e kotsi haholo hara dinkwe. Ledinyane lena ke le leng la a mabedi a tswaletsweng sepetlele sa diphoofolo sa Indonesia. Eitse ha mmaona a a nyahlatsa, ya itholla e a ikgodisetsa jwale...
BONA SESOTHO - September 2007
Sebini, Jae le batjha ba ithutetseng motjeko sekolong sa hae ba ile ba tjeka moketeng wa Ifa Lethu Heritage Collection ha ho ketekwa Durban Fashion Week.
BA MOYENG
Ka mora hore ICASA e ba nehe laesense ya ho hasa, Soweto Community Television ya qala ho hasa mohla la 1 Phupu. E hasa motsheare le bosiu, letsatsi le letsatsi, seteishene sena se se se phatlalatsa le ditaba, tsa dipapadi, boithabiso, le diketsahalo tsohle tsa Soweto!
