Sotho.734.10ques
DIPOTSO
Mshoza
SEBINI SA KWAITO SE RE BOLELLA KA MOO SE SEBEDISANG TJHELETE KA TENG LE KA MMINO O SE O BINELANG LEseA LA SONA
1. Ha o ne o se sebini, o ne o tla kgetha mosebetsi ofe-
Ke ne ke tla ithutela ho ba chartered accountant. Ke ne ke rata dithuto tsa accounting haholo sekolong.
2. O ka kgothalletsa ngwanahao ho ba sebini-
Tjhe, le kgale. Ha ke batle hore a fete ho seo ke fetileng ho sona.
3. Ke sefe seo o sa se rateng kgwebong ya mmino-
Batho ba o nka eka ha o motho hantle jwalo ka bona. O tlameha ho ba sebete, o be le maikutlo a tsetsitseng.
4. Le bitsana jwang le moratuwa wa hao-
Ke mo bitsa Ntuku, o mpitsa Mamnisi.
5. Ke dife dipina tseo o di ratang-
Tsa kwano, ke rata ya Jaziel Brothers, Ngeke Ngiphinde. Le Stay Down ya Mary J Blige. Ke sebini sa mose seo ke se ratang mmoho le Missy Elliot le Lauryn Hill.
6. O ntshitse albamo e ntjha. Hobaneng o batla e rekwe-
Hobane ke ya boleng, e monate haholo. Ke sebeditse le dibini tse ding tse pele naheng ena, mme ha o batla ho ntseba hantle, o lokela ho e mamela. Hape: e na le dialbamo tse pedi!
7. O binela ngwanahao, Pride mmino ofe-
Wa bodumedi. Ke o rata haholol!
8. Na ke nnete o ne o be le ngwana o le dilemo di 12-
Ha se nnete. Ke itsibotse ka Pride selemong se fetileng. Ke na le bana ba bane, ba bararo ke ba monnaka.
9. Re bolelle ka tjhebeho ya hao. O dula nako e kae ka moloho, hape o tjhentjhile tjhebeho ya vediong-
Ke nka beke feela ka moloho kapa setaele sa moriri. Ke lokisa moriri wa ka Labohlano le leng le le leng. Ke fufulelwa haholo ka nako eo ke lokisang mmino wa ka mme moriri wa ka o qetelle o senyehile. Hape ha ho hotle ho dula ka setaele se le seng sa moriri nako e telele.
Tjhebeho ya vediong e ya ka mofuta wa mmino.
10. Ha o ne o le maditjhelete, o ne o tla e sebedisa jwang tjhelete-
Ke maditjhelete e le hona jwale - mme ke e sebedisa ka hloko haholo. Ho ba maditjhelete kajeno ha ho bolele hore o ke ke wa hlola o futsaneha! [s]
TSA DINALEDI
