sotho.733.parenting
BOTSWADI
FEDISA
ho phumuha marao
Ka moo o ka netefatsang ka teng hore lesea la hao ha le phumulwe ke leleiri...
HO phumulwa ke leleiri ho bohloko maseeng. Sena se etsahala ha lesea le dieha ho tjhentjhwa leleiri. Le bonahala ka ho retela marao. Ha ho se ho le hobe, letlalo le tla fafatseha, le phumuhe ha bohloko. Maemo ana bobedi a bohloko, a ko nahane hore lesea le e be le ikutlwa jwang!
Boipaballo
Hopola hore boipaballo bo molemo ho feta setlhare, ka hoo, ke ena mekgwa ya ho thibela hore lesea le se phumulwe ke leleiri...
Tjhentjha leleiri hang feela ha o hlokomela hore le se le le metsi. Ho tlohela lesea le leleiri le metsi nako e telele ho a le phumula.
Ha ho kgoneha, o ka phodisa lesea ka ho le tlohela nakwana o sa le tentsha leleiri.
Haeba lesea le se le qadile ho phumuha, ho molemo ho le tjhentjha leleiri kgafetsa ho feta tlwaelo.
Nako le nako ha o tjhentjha lesea leleiri, netefatsa hore o a le hlatswa o le hlakodisise marao hantle ka metsi le boyanatshwele. Phema ho metsisa di-baby wipes hobane di a hahlamela, di na le metswako ya jwala.
Haeba le tena maleiri a masela, a hlatswe ka metsi a belang, o sebedise meriana e bolayang dikokwanahloko. Ho bohlokwa ho a pudutsa hobane sesepa le sona se ka phumula lesea.
Tlotsa lesea ka vaseline nako le nako ha o le tjhentjha leleiri.
Phema ho tentsha lesea waterproof hobane e tshwara mongobo mme e ka mpefatsa maemo.
Hlokomela dintho tseo o di jang ha o nyantsha! Dijo tse babang kapa acid, di ka nna tsa phumula lesea.
Kalafo
Se molemo ho e mong, se ke ke sa eba molemo ho wena, empa ho na le meriana eo o ka e lekang...
Tlotsa lesea hanyane ka cornflour. (O se ka e tswaka le ditlolo tse ding.)
Ho na le ditlolo tse ikgethang tsa ho thibela ho phumulwa ke leleiri tse fumanehang dikhemising. Di thusa ho sireletsa letlalo la lesea leleiring le metsi mme di boele di alafe ho phumuha.
Ha o rata, o ka tshela marothodi a mmalwa a makgonatsohle metsing a futhumetseng mme o hlapise lesea moo le phumuhileng.
Bonana le ngaka/tliliniki haeba...
Ho phumuha ho sa fele matsatsing a mabedi kapa a mararo.
Haeba ho phumuha ho ba le makgekgeba le matjhatjhetsi a masehla.
Haeba botona ba ngwana moshanyana bo ruruhile, bo retetse.
MAHALA!
Hapa buka ya Madiba!
Etsa hore ngwana wa hao a thabele ho bala ka ho sebedisa dibuka tse ditshwantsho di mebalabala, What A Gentleman e ngotsweng ke Dianne Case, le ditshwantsho tse akantsweng ke Jo Harvey (Maskew Miller Longman). E bua ka nkgono ya neng a phetela bana ba hae hobaneng a ne a rata Nelson Mandela - mme hape e o neha le monyetla wa hore o bue le bana ba hao ka batho bao e leng mehlala le nalane ya Afrika Borwa.
Buka ena e bitsa feela R79,95. Re fa babadi ba BONA dibuka tse 10! Romela lebitso, aterese le mohala ho BONA/Madiba Book Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060.
Ho ja dijo tse babang ho ka phu-mula lesea
MEKGWA E BOLOKEHILENG
Haeba lesea le nyanya botlolo, ho bohlokwa hore o hlwekiswe dibotlolo tsa lona ka ho di bedisa ho fihlela le kopanya selemo.
Haeba lesea le sa qeta dijo, di lahle, o se di boloke.
Hlokomela ho sheba letsatsi la ho fellwa ke nako dijong tsohle tsa lesea!
O se ka siya lesea le inotsi le dijo kapa dino hobane ho bobebe ho qhwelwa.
Dijo tse phehilweng tsa lesea di tlameha ho futhumetswa ha nngwe feela, e seng ho feta moo.
Haeba o fepa lesea dijo tse rekwang ka dibotlolo, ho molemo hore o di tshele sejaneng, o se ke wa le fepela ka botlolong hobane o tla be o kenya kgabana eo e diqenqe ka botlolong, e leng se tla di bodisa.
Lesea le ka thabela ho hlafuna dijo tse ommeng, empa di ka ba kotsi hobane di ka le qhwela. Qoba ho fa lesea dintho tse kang popcorn mme dintho tse kang disosetjhe le morara o di kgabele ha sesane ho lekana hore le kgone ho hlafuna.
Ho aha masapo
Matlafatsa lesea ka calcium
NETEFATSA hore o fepa lesea dijo tse tletseng calcium ho tiisa masapo. Ho bolelwa ha 90 lekgolong ya masapo a rona a aheha bongwaneng ba rona. Calcium hape e bohlokwa bakeng sa meno a phetseng hantle.
Bana ba selemo ho ya ho tse tharo, ba tlameha ho fumana calcium e 350mg ka letsatsi. O ka e kala jwang ka dikopi le dikgaba? Ke tsena dijo - le ditekanyetso tseo o ka di nehang ngwanahao ho netefatsa hore o fumana calcium e lekaneng...
Broccoli
Ha se bana bohle ba e ratang, empa o ka mo qhekella ka hore o e tswake dijong tsa hae. Ekaba 32mg e leng dikarolo tse
2-3 tsa broccoli.
Kase
Kase ke thatohatsi baneng ba bangata
mme ho kenyetsa ngwana makumane a yona mofaong wa hae ke yona tsela e bobebe. Ekaba 200mg ho 30g Cheddar cheese.
Dilamunu
Ha ho se monate jwalo ka ho ja lamunu e tswekere, e nyorollang, e matlafatsang. Ekaba 75mg ya calcium lamunung ka nngwe.
Lebese
Lebese le mafura ke lona le molemo
baneng. Ekaba 300mg ya calcium ho 250ml.
Tlhapi
Ke calcium e latswehang. Ha se bona bohle ba e ratang, empa ha o ka mo qala ka yona a sa le monyane, ho ka o tswela molemo.
Ekaba 400mg ya calcium ho 100g sardines.
Yoghurt
O mong mohlodi wa calcium oo bana ba o ratang, ke tatso ya ditholwana.
Ekaba 300mg ho 200ml.
Se lebale!
Vitamin D e thusa mmele ho monya calcium mme vitamin ena e etsahala ka tsela ya tlhaho mmeleng ka thuso ya mahlasedi a letsatsi - e leng se kgothaletsang hore bana ba bapale kantle, ba tlohele ho dula ka tlung ba shebelle TV.
Ho bapala, ba ikwetlise, ba tlolatlole, ba tjeke, ho thusa ho tiisa masapo.
Mahe le di-cereal ke e meng mehlodi ya Vitamin D. [s]
Bana ba hloka calcium ka mehla
NA O NE O TSEBA?
Ha o imme mme o kgathala, kgatello ya madi e a nyoloha, madi a phalle ka potlako, mmele o tjhese, e leng se etsang hore o kgathale. Ho molemo ho ja dijo tse phepo tse nang le ditholwana tse foreshe le meroho.
3 DITSELA TSA HO beleha
1. Ikwetlise.
Dula o ikwetlisa boimaneng bohle ba hao. Ho ikwetlisa ho tla o thusa ho beleha ha bonolo le ka potlako. O ka botsa ngaka kapa mooki wa tliliniki hore o ka ikwetlisa ka mokgwa ofe.
2. Kwetlisa letheka.
Ntle le boikwetliso bo tlwaelehileng, kwetlisa le letheka hobane le hona ho tla o thusa nakong eo o belehang.
3. Dula hantle o tsitse.
Ho na le ditsela tse fapaneng tsa ho beleha, empa, ho dula o tsitse hantle ho fokotsa mahloko, ho kgutsufatse le nako ya ho beheleha.
