sotho.731.biscuits
Mopheho
Tsa
Maele a ho pheha ho tswa ketjheneng ya ha BONA
ka GLADYS MHLONGO
PKe tlwaetse ho bona diresepe tse bitswang caramelised onions. Nka di etsa ha jwang"
KTswaka dikgaba tse tharo tsa oli ya meroho kapa olive oil le dikgaba tse pedi tsa botoro dikoping tse ding le tse ding tse nne tsa dieie tse kgabetsweng hasesane. Hadika eie butle butle metsotso e ka bang 30, o noke ka tswekere o tswelepele le ho hadika. Pele o tshola, noka ka letswai. Eie yona e fetoha mmala o be caramel mme e be petepete (e tshwane le jeme).
PHa ke leka ho etsa icing dikukung tsa ka, e phakisa ho fela. Ha ke leka ho e tshela haholo, kuku eo e a peperana. Ke kopa thuso ya hao hle.
KHo thibela ho fela ha icing, qala ka ho fafatsa kuku eo ka icing sugar, kapa corn starch pele o qala icing.
PNka etsa jwang hore ke kgone ho tshola kuku e hlwekileng - e sa tjhelang mahlakoreng"
KMamello e tswala katleho. Ka mora ho tshola kuku ya hao, e tlohele, e fole metsotso e ka bang 15. Ka mora moo, sebedisa thipa ho e "kgoramolla" mahlakoreng. E tlohele metsotso e meng e 10 pele o e ntshetsa ho cake rack. Netefatsa hore kuku eo o e fodisa metsotso e meng e 30 pele o etsa icing.
PDiresepe tse ngata tse sebedisang dinawa, ho bolelwa ha o tlameha ho inela dinawa bosiu kaofela. Ekaba e teng e nngwe tsela e kgaoletsang ntle le ho di inela bosiu kaofela"
KTsela e potlakang ke ya hore o tshele dinawa sejaneng se seholo se kwahelwang se nang le metsi mme o di bedise ka microwave (di tla monya metsi ka potlako). Tlohela dinawa tseo metsing a belang nako e ka etsa hora, ho etsa sena ho tshwana hantle le ho di inela - ka mora moo tswelapele le ditaelo jwalo ka ha ho ngotswe. Sena o ka se etsa mefuteng yohle ya dinawa - di ba bonolo di be malala-a-laotswe hore o di sebedise resepeng ya hao.
P Ke a rata ho sebedisa tswekere e sootho diresepeng tsa ka, empa ke atisa ho e fumana e se e le thata ka mora nakwana. Nka phema sena jwang"
KHo thibela ho ba thata ha tswekere e sootho, beha selae sa apole sejaneng seo sa tswekere mme o kwahele, o e kenye ho microwate o e behe ho "high" metsotso e ka bang 45.[s]
74 BONA SESOTHO - October 2005
Dibiskiti
tse ramutsehang
diresepe le setaele ka GEMINI FOOD PROMOTIONS
ditshwantsho ka KIM THUNDER
Bohle ba rata dibiskiti empa di a bitsa ka nako e nngwe. Baka tsena tse bonolo, tse monate tse bileng di o bolokelang tjhelete...
Apricot Jam Biscuits
Ditjeho: R11,49
E etsa tse 100
Disebediswa
4 dikopi (1 000ml) cake flour
2 dikopi (500ml) tswekere
1 1/2 dikgabana (7ml) bicarbonate of soda
1 kopi (250ml) margarine
1/2 kopi (125ml) apricot jam e bonolo
2 mahe
Mokgwa
1. Sefela folouru, tswekere le bicarbonate of soda mmoho ka sejaneng. Sidilela margarine ka menwana ka hara tsona.
2. Kgoba mahe mmoho le jeme ka jekeng. Tshela motswakong wa folouru.
3. Etsa dibolwana ka hlama mme o di behe hodima baking tray e tlotsitsweng ka mafura. Di etse hore di be sephara o sebedisa fereko.
4. Baka ka ontong eo e leng kgale e besitswe ka mofuthu wa 180oC ho fihlela di eba soothwana ba kgauta (kapa metsotso e 10).
Instant Pudding Biscuits
Ditjeho: R15,37
E etsa tse 150
Disebediswa
2 dikopi (500ml) tswekere
1 kopi (250ml) margarine
2 mahe
500g self-raising flour
1 pakana instant pudding mix (eo o e ratang)
Mokgwa
1. Ka sejaneng se seholo kgoba margarine le tswekere mmoho. Tshela mahe ka bonngwe, o ntse o kgoba nako le nako.
2. Tshela folouru le pudding mix mme o dube ho etsa hlama.
3. E etse dibolwana mme o di behe hodima baking tray e tlotsitsweng ka mafura.
4. Baka ontong eo e leng kgale e besitswe ka mofuthu wa 180oC metsotso e 15 kapa ho fihlela di eba soothwana.
Keletso: Hatella di-cherries tse sehilweng dihalofo, dipompong tse nyenyane kapa di-raisins hlameng ya dibiskiti pele o di baka. O ka boela wa fafatsa le chocolate vermicelli kapa hundreds and thousands pele o baka.
Ginger Snaps
Ditjeho: R25,60
E etsa dibiskiti tse 130
Disebediswa:
2 dikopi (500ml) tswekere e sootho
500g margarine
2 dikopi (500ml) golden syrup
1,2kg cake flour
1 kgabana (5ml) mixed spice
4 kgabana (20ml) ground ginger
4 kgabana (20ml) bicarbonate of soda e inetsweng ka hara 1/4 kopi (60ml) lebese
Mokgwa
1. Ka paneng, qhibidihisa tswekere, margarine le syrup.
2. Tshela disebediswa tse ding tse setseng.
Di behe ka thoko hore di fole.
3. Ekga hlama ka kgabana mme o e bope ho etsa bolo pele o e beha hodima baking tray e tlotsitsweng ka mafura. E hatelle hanyenyane ka menwana hore e be sephara.
4. Baka ontong eo e leng kgale e besitswe ka mofuthu wa 200oC metsotso e 12 kapa ho fihlela e ba sootho. Di ntshetse rakeng eo di tla fola hantle ho yona. Di boloke ka hara sejana se kwalehang ka thata.
Peanut Cookies
Ditjeho: R16,67
E etsa tse 60
Disebediswa
3 dikopi (750ml) folouru
1 kgabana (5ml) bicarbonate of soda
1 kopi (250ml) margarine
2 dikopi (500ml) tswekere
2 mahe
250g matokomane a letswai, a kgabetsweng
Mokgwa
1. Ka sejaneng se seholo, sefela folouru le bicarbonate of soda.
2. Ka ho se seng kgoba margarine le tswekere. O tshele mahe ka bonngwe.
3. Tshela motswako wa folouru o dube pele o tshela le matokomane.
4. Etsa dibolwana ka hlama mme o e behe hodima baking sheet e tlotsitsweng ka mafura.
5. E etse hore e be sephara hanyenyane. Baka ontong eo e leng kgale e besitswe ka mofuthu wa 180oC metsotso e 15 kapa ho fihlela di ba sootho.[s]
BONA SESOTHO - October 2005 75
Instant Pudding Biscuits.
