sotho.1231.health_2
Tsa bophelo bo botle
TJEKA KA TSELA YA HAO
BONA SESOTHO - August 2006
Thusa!
O kotsing ya sethuthuthu. Ekaba o tlameha ho rola ya lemetseng katiba ya tshireletso"
"Ho ka thibela ho lemala haholo ha molala, se mo role katiba eo ntle le haeba ho le teng tlhokeho ya seo - jwalo ka haeba a hlatsa, a lemetse hloohong kapa e mo hemisa ha bohloko," ho eletsa Linda Buys, sengodi sa First Aid For The South African Home, Office And Outdoors (Struik, R99,95).
"Ya lemetseng o tlameha ho ithola katiba eo, empa haeba a sa kgone, e mong o tlameha ho mo tshehetsa molala, ha e mong a mo rola yona ka hloko."
NNETE:
Ho tshwara motho ka letsoho ho fetisa dikokwanahloko makgetlo a supileng ho feta ho thimula.
Dula o phetse
le Patricia McCracken
Nkgolwe...Fetola maemo a hao, fetola maemo a kgatello ya hao, ho bolela ditsebi. Ho otlolla diaparo ho bonahala e le pheko ya kgatello jwalo ka ha ho isa sephaka sa hao hodimo le tlase ho etsa kelello e nahane ka nepo. Ka hoo, qeta kgatello...
Mpho e ntle!
"Ha re etseng phapang ka borona - re se emele mang kapa mang ho re tlisetsa yona," ana ke mantswe a mokgatlo wa Organ Donor Foundation jwalo ka ha ba bona masisapelo kamehla a batho ba emetseng ho kenyetswa ditho tsa mmele.
Se bohloko ke hore ke karolo e le nngwe feela ho tse tharo tsa batho ba hlokang ho kenyetswa ditho tse thusahalang ho ya ka leqeme la ditho.
Ho na le leqeme le leholo hape la matlalo le methapo.
A ko nahane ka mohaeno ya seng a le siyo ya ileng a dumela ho nehelana ka setho sa hae sa mmele ha a se a le siyo - ekaba le wena ha o nahane jwalo, etsa phapang ka ho ingodisa ho nehelana ka ditho.
'
NNETE:
HOPOLA
ka moo Florence Masebe le Zwai Bala ba neng ba fokotse boima ba mmele ka teng ho Strictly
Come Dancing ya SABC.
Ba etsise, ho bolela
Dr Howard Lewine wa Harvard Medical School, ya bolelang hore ho tjeka ka potlako ho theola boima bo ka bang 1 600 kilojoules ka hora!
Bakeng sa dintlha tse ding letsetsa nomoro ya mahala 0800-22-66-11.
ditshwantsho ka GREAT STOCK!
Boima bo lekaneng ba hlooho ya motho ke 3,6kg.
Nyantsha lesea la hao
Bomme ba bangata ba ngongorehiswa ke taba ya hore ha ba na lebese le lengata, ho rialo setsebi sa dijo sa ha SA Sugar Association, Priya Lalla - ka hoo, ba qetelle ba fepile bana ba bona ka dijo le dino tse ding kgweding ya pele.
Ngongoreho ya bona e ba nnete ha lesea le sa nyantshwe kgafetsa hobane sena se etsa hore mme a se be le lebese le lengata.
Le ho sebedisa tami ho ka ba le mathata.
Empa ha o nyantsha lesea kgafetsa le wena o tla sisa.
Hopola hore mokgatlo wa matjhaba wa bophelo, World Health Organisation le wa United Nations Children's Fund di dumellane hore bakeng sa bophelo bo botle, masea a tlameha ho nyantshwa letswele ho fihlela dikgweding tse tsheletseng.
MEHLOLO YA KOFI
Ha banna ba nwa kofi metsotsong e 30 pele ho dijo, ba qetella ba jele dijo tse ka tlase ka korata ho tseo ba neng ba tla di ja, ho rialo radipatlisiso wa Canada. Ka bomadimabe, ha ba a fumana letho basading.[s]
'Thusa! Nka etsa jwang"'
O kotsing ya sethuthuthu. Ekaba o tlameha ho rola ya lemetseng katiba ya tshireletso"
"Ho ka thibela ho lemala haholo ha molala, se mo role katiba eo ntle le haeba ho le teng tlhokeho ya seo - jwalo ka haeba a hlatsa, a lemetse hloohong kapa e mo hemisa ha bohloko," ho eletsa Linda Buys, sengodi sa First Aid For The South African Home, Office And Outdoors (Struik, R99,95).
"Ya lemetseng o tlameha ho ithola katiba eo, empa haeba a sa kgone, e mong o tlameha ho mo tshehetsa molala, ha e mong a mo role yona ka hloko."
Nkgolwe...
Fetola maemo a hao, fetola maemo a kgatello ya hao, ho bolela ditsebi. Ho otlolla diaparo ho bonahala e le pheko ya kgatello jwalo ka ha ho isa sephaka sa hao hodimo le tlase ho etsa kelello e nahane ka nepo. Ka hoo, qeta kgatello...
MEHLOLO YA KOFI: Ha banna ba nwa kofi metsotsong e 30 pele ho dijo, ba qetella ba jele dijo tse ka tlase ka korata ho tseo ba neng ba tla di ja, ho rialo radipatlisiso wa Canada. Ka bomadimabe, ha ba a fumana letho basading.
BONA - August 2005
