sotho.720.disabled
Bahlahlamani BA ikgethang
BANANA bana ba ha Masindi ba a makatsa. Ba ne ba hlahe ba holofetse ba se na maoto. Avhahumi ya dilemo di 36 le ausiae Azwifaneli ya dilemo di 46 ke batho ba bontshitseng bokgoni ho feta bohle bao o kileng wa kopana le bona.
Ba kgonne ho ikahela ntlo ya bona e dikamore di hlano e tletseng fenetjhara ka tjhelete ya pei.
Ba lemme le meroho eo ba e rekisang jareteng ya bona mane Sokoutenda haufi le Thohoyandou.
"Banana bana ba sebedisa dikgarafu tse ikgethang bakeng sa ho lema.
"Re itshepile hobane re a tseba hore re na le bokgoni ho feta ba bangata ba ipolellang hore ba phetse hantle," ke Azwifaneli a ntse a bonya.
O re ba hloka se seng sebaka sa ho lema e le hore ba tle ba tsebe ho lema meroho e mengata ba tsebe ho e rekisa mebarakeng.
Toro ya bona e kgolo ke ho reka polasi ba tle ba tsebe ho theha menyetla ya mesebetsi.
Ba leboha mmabona, Vele ya dilemo di 64 mmoho le mofu ntatabona Frank ka katleho ya bona. Lelapa la habo bona le ne le futsanehile, empa ka tshehetso ya batswadi ba bona, ba ne ba kgone ho pasa materiki mane sekolong se phahameng sa Phaswana, Sibasa. Avhahumi o ne a tswelepele le dithuto tsa hae a ba a fumana le diploma ho tsa dikhomputara.
Avhahumi o hopola mathata a bona a ho ya sekolong. "Re ne re kgasa hobane batswadi ba rona ba ne ba sa kgone ho re rekela ditulo tsena tse nang le mabidi," ke yena eo.
"Ke ne ke qale ho ba le setulo sena ha ke ha ke ne ke le dilemo di 23, ke fihla sekolong se ikgethang sa Tshilidzini ka 1983."
Hona ka selemo seo o ne a fumane tumello ya ho fumana pei ya mmuso. Ausiae yena o ne a qale ho e amohela ka 1990.
"Re ne re boloke tjhelete mmoho ho fihlela re kgona ho ikahela ntlo eo e leng ya rona. Ke ntho e ntle ho boloka tjhelete hobane ha o tsebe se ka o hlahelang ka le hlahlamang," ke yona keletso ya hae eo.
O re ha a e bone tlhokeho ya hore batho ba holofetseng ba nne ba iketse mekopakopa lehloreng la tsela - kapa ba nne ba batle ho hauhelwa.
"Hobaneng re tlameha ho hauhelwa" Re batho jwalo ka bohle," ho rialo Avhahumi.
"Ke wena ya ka ikgauhelang hobane o tseba hore o ke ke wa kgona ho iketsetsa tsohle.
Mmabona o motlotlo ka baradi bana ba hae. "Ke mpho e tswang ho Modimo. Ke makatswa ke bokgoni ba bona, haholo jwang jwalo ka ha ba sa kope le thuso ya ka!" [s]
African Eye News Service
BONA SESOTHO - August 2006
Re a tshwana!
KA HODIMO: Avhahumi le Azwifaneli le mmabona, Vele.
KA HODIMO LE LETONA: Ba theohetse banana jareteng ya bona.
Ke nnete, bana bahlahlamani ke diqhwala tse ikgonang..."
pale ka RIOT HLATSHWAYO
ditshwantsho WILSON DZEBU/AENS
BONA - August 2005
