sotho.710.nations
Tjhebelopele ya BONA ka Mohope wa Afrika
Leha Parreira a tla be a sebedisa tonamente ena jwalo ka teko ya selemo sa 2010, empa dintlha tsona re a di hloka. E fedile nako ya ho nna ho behwa hona le hwane...
RE tshepa hore Afrika Borwa e ke se re phoqe kgetlong lena jwalo ka mohopeng o fetileng wa Afrika moo e neng e kgutlele lapeng e itlhophere, e se na le ntlha leha e le nngwe mokotleng wa yona.
Kgetho ya dibapadi ya mokwetlise ya neng a tshwere mokobobo nakong eo, e ne e be le kabelo sephethong seo se sebe. Carlos Alberto Parreira, le yena o tlile le ya hae kgetho ya bashemane ba 23.
Mokwetlise enwa wa Brazil, o na le lebaka ka kgetho ya hae - o rata ho neha dibapadi tseo a di shebetseng 2010 monyetla.
FIFA le balatedi ba kwano, ba shebile Afrika Borwa ka le ntjhotjho tonamenteng ena jwalo ka ha Mohope wa 2010 wa Lefatshe o tla bapallwa ho yona.
Dibapading tseo Parreira a di kgethileng mafelong a Pudungwana, o sehile ka thoko dikakapa tse kang Benni McCarthy wa Blackburn Rovers, Delron Buckley wa Borussia Dortmund le Siyabonga Nomvete ya seng a bapatse makgetlo a 70 sehlopheng sa naha! Mokwetlise enwa o rata ho neha bana bao a ba shebetseng 2010 monyetla.
Re bua ka dibapadi tse kang Excellent Walaza Bryce Moon wa Ajax Cape Town.
Nako
Mohopeng ona o pele wa Afrika, o ntse o tswelapele le ho ntlafatsa dibapadi jwalo ka ha dibapadi tse pele tsa matjhaba di tla kopana mane Ghana.
Ka ho le leng, tonamente ena e seng e bapalwa lekgetlo la bo 26, e siya batsamaise ba dihlopha tsa Yuropa ba ingwaya dihlooho jwalo ka ha ba tlameha ho tswelapele le dipapadi tsa bohlokwa ntle le dibapadi tsa kontinente ena ya Afrika.
Taba ena a bontsha ho nyoloha ha bohlokwa ba dibapadi tsa Afrika dihlopheng tsa Yuropa.
Sena hape se nyolla bohlokwa ba Tonamente ena ya Afrika le ho e etsa lepatlelo la matjhaba la ho tla hlwaya dibapadi.
Boteng ba dibapadi tse kang Didier Drogba, Samuel Eto'o, Freddie Kanoute le Michael Essien ho tla hle ho hape mahlo a matjhaba.
Lenane
Lenane la dibapadi tse tswang dihlopheng tse bapalang liking ya maemo a pele le a ata nako le nako mohopeng ona mme ho bonahala mane Ghana ho tla hle ho qhome ditlhase.
Maemo a tonamente ena hape a nyollwa ke boteng ba bakwetlise ba pele ba kang Berti Vogts le Uli Stielike ba Jeremane, Henri Michel, Robert Nouzaret le Roger Lemerre ba Fora mmoho le Carlos Alberto Parreira ya kileng a hapa Mohope wa Lefatshe.
E nngwe ntho ya bohlokwa e behang tonamente ena maemong, ke ho kena ha dinaha tse ding ntle le tsena tse neng di tlwaetse ho kena.
Leha dinaha tse kang Cameroon, Ekgepeta, Nigeria le Tunisia di na le nalane tlhodisanong ena, empa dinaha tse kang Cote d'Ivoire, Mali le Senegal di se kgellwe fatshe.
Guinea le yona o e shebe. Dihlopha tsena tseo ke di badileng qetellong, di behilwe maemong a tlase ke FIFA jwalo ka ha le ho kena ha tsona mohopeng ona ho sa ka ha ba bobebe.
Dintlafatso
Guinea e tla bapala papadi ya pele mohopeng ona le Ghana mane Accra, lebaleng la Ohene Djan, le leng la mabala a mane a ntjhafaleditsweng mohope ona.
Ho kgethwa ya Tamale jwalo ka e nngwe ya ditoropo tse nne tseo ho tla bapallwa ho tsona, ho tlisa mathata a maholo jwalo ka ha ho bolelwa hore ho na le hotele e le nngwe feela e maemong toropong eo e ka leboya, e leng se etsang hore batsamaise ba dihlopha, boraditaba, dibapadi le balatedi ba be ba fumane marobalo dihosteleng tsa dikolo le metseng ya batho.
Ghana, e seng e le lekgetlo la bohlano mohope ona o bapallwa ho yona, e se e intlafaditse leha moifo o hlophisang mohope oo naheng eo o ne o aparetswe ke mathata le diqhwebeshano.
Ho laola
Dinaha tsa Bophirima ho Afrika ke tsona tse laolang tlhodisano ena, empa ho ka nna ha etsahala hore ho be teng tse ding tse pedi tse tswang dikarolong tse ding tsa kontinente tse ka nnang tsa makatsa ba bangata.
Ghana ke thatohatsi ho Group A, mme di tla bapalla mane Accra moo ho lebeletsweng e qete dipapadi tsa yona e le hodimo sehlopheng seo.
Guinea e neng e hlolwe dipapading tse etellang pele sekamakgaolakgang tlhodisanong e fetileng mane Ekgepeta, mona jwale e pannwe le dinaha tse kang Morocco.
Ho Group B teng ke sepenya feela, mona ho kopane Cote d'Ivoire, Mali le Nigeria tseo kaofela di nang le bokgoni ba ho finyella mokgahlelong o eteletseng pele sekamakgaolakgang. Empa le Benin le yona e se kgellwe fatshe.
Cameroon leha e le e nngwe ya dihlopha tse tiileng, empa ha se yona thatohatsi ho Group C. E shebilweng ka mahlo a mafubedu ke bompodi ba sireletsang, Ekgepeta.
E lebeletswe ho kopana le Cameroon mokgahlelong o latelang.
Group D, yona e bapallang Tamale, e na le Angola, Senegal, Afrika Borwa le Tunisia - mona ha ho tsebisahale. [s]
Excellent Walaza
Ha re hlabeng dintlha hle!
Bryce Moon
pale ka MARK GLEESON
ditshwantsho GALLO
Didier Drogba
Nalane ya Afrika Borwa Mohopeng ona wa Afrika
1994 (Tunisia): Ha e kaba ya kena
1996 (Afrika Borwa): BAHLODI
1998 (Burkina Faso): Re ne re hlolwe ho makgaolakgang ke Ekgepeta
2000 (Ghana/Nigeria): Ra tswa ho seka makgaolakgang, ra fumana metale ya bronze
2002 (Mali): Ra hlolwa mokgahlelong o eteletseng pele sekamakgaolakgang
2004 (Tunisia): Ra tswa mokgahlelong wa pele
2006 (Ekgepeta): Ra tswa mokgahlelong wa pele.
u
Indomitable Lions ke dithatohatsi!
Michael Essien
Mabala
u Accra: Ke ona motsemoholo wa Ghana mme e na le lebala le ntlafaditsweng moo ho tla bapallwa papadi e bulang mmoho le ya makgaolakgang le tse ding dipapadi tse tharo tse kenyeletsang le ya yona Black Stars. Lebala la Ohene Djan e tla ba lona le leholo Ghana nakong e tlang.
u Sekondi: Lena ke lebala la pele la ho phethelwa bakeng sa tlhodisano ena ya 2008 le ahwa ke konteraka ya Matjhaena ka tjhelete e ballwang ho US$38,5m. Lebala lena le moma batho ba 20 000 mme hape le na le mabenkele a dijo le dihostele.
u Tamale: Lena lona le sa tswa ahwa mme le moma batho ba ka bang 21 017. Toropong ena e ka leboya, ha ho so ka ho bapallwa dipapadi tsa matjhaba ho yona.
u Kumasi: Ena ke toropo ya bobedi naheng eo moo ho neng ho bapallwa tse ding tsa dipapadi ditonamenteng tse pedi tse fetileng tse neng di tshwaretswe naheng eo. Empa kgetlong lena, lebala la Baba Yara le sa ntse le lokiswa. Ka 2000, Ghana e ne e hlolwe ke Afrika Borwa tonamenteng e neng e tshwaretswe Ghana le Nigeria ka kopanelo.
t
KA HODIMO: Ekgepeta ke yona bompodi ba sireletsang, empa jwalo ka ha a pannwe le dinaha tse kang Cameroon moo ho Group C, ho hlile ho tla ba thata ho yona.
Tse ipabotseng
Sebapadi sa Mali ke se seng sa tse hlabang dintlha lenyelenyele jwalo ka ha se qadile mane ho West Ham, ho Tottenham Hotspur mme sa qetella ho Sevilla dilemong tse pedi tse fetileng.
Kanoute ho ne ho sale hanyane a nka sekola sa ho ba mohlabadintlha ya hlabileng dintlha tse ngata ho feta bohle mane liking ya Spain mme a ba a thusa sehlopha sa hae ho hapa mohope wa EUFA makgetlo a mabedi ka tatelano mmoho le wa Copa del Rey ngwahola.
Kanoute o ne a hlabele Mali dintlha tsa bohlokwa dipapading tsa tlhekelo.
Sebapadi sena sa Guinea ke se seng tse tlamehang ho behwa leihlo.
Selemong se fetileng, dihlopha tse ngata tse maemong a hodimo di ne di mmatla, empa yena a kgetha ho tsoseletsa tumellano ya hae le St Etienne.
Mane Ekgepeta, "Syli Nationale" (Guinea), e ne e finyelle mokgahlelong o eteletseng pele sekamakgaolakgang mme le Ghana ho lebeletswe hore Feindouno a e thuse ho bapala betere.
Forose ena ya Zambia e ne e nyollelwe maemong a ho ba sejene mosebetsing mane habo Zambia ka mora ho hlaba dintlha tse tharo kgahlano le Afrika Borwa mme ka dintlha tseo a kenya naha ya habo Mohopeng wa Afrika.
Selemong se fetileng sa bolo o ne a hlabe dintlha tse 15 ho Jomo Cosmos pele a leba Denmark. O ne a tsamaye mahareng a selemo, empa ke yena ya neng a hape kgau ya ho hlaba dintlha tse ngata ho PSL!
Obi Mikel o ne a qala ho bapala tlhodisanong ena mohopeng o fetileng, a bapalla Nigeria, empa jwale bokgoni ba hae bo bontsha hore o se a ikahetse sebaka tonamenteng ena. Moshemane enwa ya dilemong di 20, ya bapallang Chelsea, ho bonahala a tla nka sebaka sa "Jay-Jay" Okocha moo mpeng ya lebala mme ho bonahala a tla thusa Super Eagles ho hapa Mohope ona wa Afrika oo ba neng ba o qetele dilemong tse 14 tse fetileng.
